Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/1 maq. 3-4
  • Linako li Fetohile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linako li Fetohile
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Solomone ke Morena ea Bohlale
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Boiteko ba ho Felisa Bofutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/1 maq. 3-4

Linako li Fetohile

E TLAMEHA ebe e ne e le thabo e kaakang ho phela Iseraeleng ea boholo-holo tlas’a puso e khanyang ea Morena Salomone ea tšepahalang! E ne e le mehla ea khotso, nala le thabo. Nakong eo Salomone a neng a tšehetsa borapeli ba ’nete ka botšepehi, Jehova o ile a hlohonolofatsa sechaba haholo. Molimo ha aa ka a fa Morena Salomone leruo le leholo feela, empa hape le “pelo e kelello le kutloisiso” e le hore Salomone a buse ka ho loka le ka lerato. (1 Marena 3:12) Bibele e re: “Marena ’ohle a lefatše a na a etela Salomone ho tla mamela bohlale boo Molimo o bo kentseng pelong ea hae.”—2 Likronike 9:23.

Jehova o ile a fa batho tšireletseho, khotso, le lintho tse ngata tse molemo. Lentsoe la Molimo le re: “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joalo ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.” Ka mokhoa oa sebele le oa tšoantšetso, batho “ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feie ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:20, 25.

Linako li fetohile. Kajeno bophelo bo fapane haholo le ba matsatsing ao a thabisang a nakong e telele e fetileng. Ho fapana le mehleng ea Salomone, bothata bo boholo kajeno ke bofutsana. Esita le lichabeng tse ruileng, bofutsana bo teng. Ka mohlala, United Nations Development Program e bontša hore ka bobeli United States le European Union, hoo e ka bang karolo ea 15 lekholong ea batho e phela bofutsaneng.

Mabapi le boemo ba lefatše lohle, The State of the World’s Children 1994, e leng tlaleho ea UNICEF (United Nations Children’s Fund), e hlokometse hore karolo ea bohlano ea baahi ba lefatše e phela ka har’a bofutsana bo feletseng, ea phaella ka hore bophelo ho mafutsana a lefatše bo ntse bo “e-ba thata le ho tsielehisa ka ho eketsehileng.”

Linaheng tse ling, ho phahama ho ntseng ho e-hloa mekoalaba ha theko ea lintho ho phaella mathateng a mafutsana. Naheng e ’ngoe ea Afrika mosali e mong o ile a re: “U bona ntho e itseng ’marakeng, ’me u re, ‘ho lokile, e re ke ee hae ke e’o lata chelete ea ho e reka.’ Ha u khutla hamorao ka hora e latelang u bolelloa hore u ke ke ua khona ho e reka ka chelete eo u nang le eona hobane theko e sa tsoa phahamisoa. Ke’ng seo motho a tlang ho se etsa? Ke ho ferekanyang haholo.”

Mosali e mong moo o itse: ‘Re hlokomoloha litlhoko tse ling ka ntle ho lijo ka boomo e le hore re ’ne re phele. Hona joale seo re amehileng ka ho tebileng ka sona ke hore na re fumana lijo joang.’

Ho ea ka Machaba a Kopaneng, bokamoso bo bonahala e le bo tepeletsang. Ka mohlala, UNICEF, e hakanya hore haeba tšekamelo ea hona joale ea baahi e ntse e tsoela pele, palo ea batho ba futsanehileng e tla imena ka makhetlo a mane “nakong ea bophelo ba moloko o le mong feela.”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe maemo a ntseng a mpefala a moruo le a bophelo, bahlanka ba Molimo ba na le lebaka la ho ikutloa ba e-na le tšepo. Le hoja ba phela har’a bao ka ho eketsehileng ba ntseng ba felloa ke tšepo ea ho atleha mabapi le bokamoso, bahlanka ba Molimo ba talima bokamoso ka thabo le tšepo. Sehloohong se latelang ho tla hlahlojoa mabaka a etsang hore ho be joalo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

De Grunne/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela