Ho Finyella Batho ba Mefuta Eohle Athene ea Kajeno
HA MOAPOSTOLA Pauluse a ne a etetse Athene hoo e ka bang ka 50 C.E., motse oo e ne e ntse e le setsi sa bohlokoa sa khoebo, esita le hoja o ne o se o sa thabele tlotla ea oona e neng e tloaelehile nakong e fetileng. Buka e ’ngoe ea histori e-ea bolela: “[Athene] e ile ea tsoela pele ho ba motse-moholo oa Greece moeeng le litabeng tsa bonono, hammoho le sebaka se ratehang se neng se eteloa ke batho ba rutehileng le ba matla ba mehleng eo.”
Ha a ntse a le moo, mohlomong Pauluse o ile a ba le monyetla oa ho bolela ho Bajode, bahetene ba Baathene le batho ba tsoang libakeng tse ngata tse fapaneng. Kaha e ne e le tichere e falimehileng le e bohlale, puong e ’ngoe o ile a bolela hore Molimo o file “bohle bophelo le phefumoloho,” hore o “entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang,” le hore ‘batho bohle, naheng tsohle, ba bake’ hobane O tla ahlola “lefatše.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Liketso 17:25-31.
Tšimo e sa Tšoaneng
Lilemong tse mashome tsa morao tjena Athene e boetse e fetohile motse o hohelang batho ba tsoang libakeng tsohle. Baemeli ba linaha le basebetsi ba sesole ba tlile moo e le karolo ea manģosa a linaha tse ling. Bacha ba tsoang Afrika le Bochabela bo Hare ba lula moo e le liithuti tsa univesithi. Basebetsi ba bafalli ba tsoang Afrika, Asia le linaheng tsa Europe Bochabela ba phalletse teng ka bongata. Ho na le Mafilipino a mangata le ba bang ba tsoang Boroa-bochabela ho Asia, ba tlileng ho tla batla mosebetsi e le bahlanka ba matlo. ’Me ho na le phallo e sa khaotseng ea baphaphathehi ba tsoang linaheng tsa boahelani le libakeng tseo ho tsona ho nang le merusu lefatšeng lohle.
Boemo bona bo hlahisa phephetso ho baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba sebakeng seo. Boholo ba baahi ba tlileng mona ka nakoana ba bua Senyesemane, empa ba bang ba bua lipuo tsa habo bona feela. Batho bana ba emela limelo tse ngata tse fapaneng tsa setso le bolumeli. Har’a baeti ba tlang mona, u ka fumana ba ipolelang hore ke Bakreste, Mamosleme, Mahindu, Mabuddha, ba lumelang ho meea, ba belaellang boteng ba Molimo le ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Lipaki tsa Jehova li tlameha ho ithuta ho feto-fetola litaba tseo li buang ka tsona hore li tšoanele limelo tse sa tšoaneng tsa batho bana.
Kaha bongata ba batho bana ba qalang ho tla mona ba bile le linako tse thata, hangata ba na le lipotso mabapi le morero oa bophelo le litebello tsa nako e tlang. Ba bang ba ananela Bibele haholo ’me ha ba na bothata ba ho amohela seo e se bolelang. Boholo ba batho tšimong ena e sa tšoaneng ba ikokobelitse, ba bonolo ’me ba lapetse ’nete. Ba ikutloa ba lokolohile haholoanyane ho batla ’nete hobane ba hōle le beng ka bona le tikoloho ea habo bona.
Ka 1986 ho ile ha hlophisoa phutheho ea pele ea Senyesemane Athene bakeng sa ho koahela tšimo ena. Khōlo e bile e babatsehang. Lilemong tse hlano tse fetileng, ho kolobelitsoe batho ba bacha ba ka bang 80. Phello ke hore phutheho ea Searabia, phutheho ea Sepholishe, le sehlopha sa Sefora sa nakoana, li thehiloe Athene. Ba bang ba tsoang phuthehong ea Senyesemane ba falletse ho ea thusa liphutheho tse ling le lihlopha tse joalo Thessalonika ho ella ka leboea, Heraklion, Krete le Piraeus, boema-kepe ba Athene. Na u ka rata ho teana le melata e meng e ithutileng ’nete Athene?
Tse Lakatsehang Tsa Lichaba Lia Kena
Thomas o hlahetse Asmara, Eritrea, ’me o hōtse e le Mok’hatholike ea khothetseng. Ha a le lilemo li 15, o ile a lula ntlong ea baitlami. O ile a botsa mookameli oa ntlong ea baitlami: “Ho khoneha joang hore Molimo a le mong e be Melimo e meraro?” Mookameli oa ntlong ea baitlami a araba: “Hobane re amohela seo mopapa a se bolelang ka lintho tsa moea. Ka holim’a tsohle, taba ena ke sephiri, ’me u sa le monyenyane haholo hore u ka e utloisisa.” Ka mor’a lilemo tse hlano a le ntlong ea baitlami, Thomas o ile a tloha, a feletsoe ke tšepo ebile a ferekantsoe ke boitšoaro le lithuto tsa kereke. Leha ho le joalo, o ne a sa tela ho batla Molimo oa ’nete.
Letsatsi le leng nakoana ka mor’a hore a fallele Athene, o ile a fumana kopi ea Molula-Qhooa monyakong oa hae, oo sehlooho sa oona se ka ntle se neng se re “Bophelo le Thabo e ka ba Tsa Hao.” O ile a e bala ka makhetlo a ’maloa. Makasineng eona eo, o ile a bala hore re tlameha ho batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae. (Mattheu 6:33) Thomas o ile a khumama ’me a kōpa Molimo hore a mo bontše kamoo a ka etsang seo, a tšepisa: “Haeba u mpontša kamoo nka batlang ’Muso oa hao kateng, ke tla nehela likhoeli tse tšeletseng bophelong ba ka ke ithuta kamoo nka u sebeletsang kateng.” Bekeng ea bone ka mor’a moo, Lipaki tse peli li ile tsa kokota monyakong oa hae. Kapele-pele Thomas o ile a amohela thuto ea Bibele, ’me likhoeli tse leshome hamorao o ile a kolobetsoa. O re: “Ka sebele Jehova o ile a araba thapelo ea ka, ’me o mphile monyetla oa ho ba e mong oa Lipaki tsa hae. Joale lerato la hae le ntšusumetsa hore ke batle ’Muso le ho loka ha hae pele bophelong ba ka.”
Ha li ntse li bolela ka ntlo le ntlo, Lipaki tse ling tse peli li ile tsa fumana lebitso la motho oa molata pel’a tšepe ea monyako.
Lentsoe la mosali le ile la botsa inthak’homong: “Le batla’ng?”
E mong oa Lipaki o ile a bolela hore ba ne ba leka ho fumana batho ba buang Senyesemane ba thahasellang Bibele.
Mosali eo a botsa: “Bolumeli ba lōna ke bofe?”
“Re Lipaki tsa Jehova.”
“Oh, ho lokile! Nyolohelang mokatong o ka holimo.”
Ba ile ba etsa joalo, eare ha lemati la lift le buleha, monna ea motenyahali ea batlang a se na boikutlo bo botle o ne a eme moo. Empa mosali o ile a hoeletsa a le ka hare.
“E re ba kene. Ke batla ho bua le bona.”
Ho ile ha hlaka hore mosali eo o ne a pota lefatše le sehlopha sa papali sa monna oa hae, le hore ke ka la maobane feela, ha a ne a ntse a rapella hore a fumane Lipaki tsa Jehova. Kahoo thuto ea Bibele e ile ea qalisoa hang-hang. Kaha nako ea bona ea ho lula Greece e ne e fokola, ho ile ha hlophisoa hore ho ithutoe hararo ka beke, ’me buka ea Phela ka ho sa Feleng ea be e qetiloe ka libeke tse leshome feela.
Nako e hlahlamang ea lipapali e ile ea ba khutlisetsa Greece. Mosali eo o ile a qala ho ithuta hape ’me a hatela pele ka tsela e babatsehang. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a kopanela le Lipaki mosebetsing oa boboleli e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me kapele-pele o ile a qala thuto ea hae ea pele ea Bibele. Le mang? Le monna oa hae, ea khahliloeng haholo ke Lipaki le ke liphetoho tse entsoeng ke mosali oa hae.
Allan, mor’a moruti oa Moprostanta, o hōletse Afrika Boroa. Ho tloha a sa le monyenyane haholo, o ne a kholisehile hore Bibele ke tšenolo e bululetsoeng e tsoang ho Molimo. A sa khotsofatsoa ke bolumeli ba hae, o ile a retelehela filosofing le lipolotiking, empa sena se ile sa mo siea a e-na le boikutlo ba lefeela le ho feta pele. Ka mor’a hore a fallele Greece, boikutlo ba hae ba lefeela bo ile ba hōla. O ne a ikutloa hore bophelo ba hae ha bo na morero, hore o ne a le tseleng eo ho seng moo e eang teng.
Bosiung bo bong, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe. Allan o-oa hlalosa: “Ke ile ka khumama fatše ’me ka bulela Molimo pelo ea ka. Ke sekisitse meokho ea ho soabela tsela ea ka ea bophelo, ke ile ka kōpa Molimo hore a nkise ho balateli ba hae ba ’nete. Ke ile ka tšepisa hore ke tla tsamaea leseling la tataiso ea hae.” Pele beke e fela, o ne a le lebenkeleng ’me a be a se a qoqa le mosali e mong, mong’a lona, eo e neng e le Paki. Moqoqo oo e ile ea e-ba oona o fetolang bophelo ba Allan ka sebele. “Matsatsing a latelang, ke ile ka bona ha litumelo tsa ka tse ratehang li robokeloa: Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, ho se shoe ha soule—tseo kaofela ka ho hlakileng e seng lithuto tsa Bibele.” Holong ea ’Muso, banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba ithaopela ho ithuta Bibele le eena. O ile a lumela ’me a hatela pele ka potlako. Allan o-oa hopola: “’Nete e ile ea etsa hore ke lle ke thabo, ’me e ile ea ntokolla.” Selemo hamorao o ile a kolobetsoa. Kajeno o thabela ho sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea sebakeng seo.
Elizabeth o tsoa Nigeria, moo a neng a ile a batla Molimo likerekeng tse sa tšoaneng empa a sala a ntse a sa khotsofala. Se neng se mo tšosa haholo e ne e le thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele. Ha a fihla Athene le lelapa la hae, Lipaki tse peli li ile tsa kokota monyakong oa hae, ’me thuto ea Bibele ea qaloa. Elizabeth o ne a hloletsoe ho ithuta hore Molimo ha a hlokofatse batho, empa hore o fana ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. E ne e le moimana oa ngoana oa hae oa bone, eo a neng a batla ho ntša mpa ea hae. Eaba ka Bibeleng o ithuta pono ea Jehova mabapi le khalalelo ea bophelo. Hona joale o na le morali ea motle. Elizabeth o ile a hatela pele ka potlako ’me kapele-pele o ile a kolobetsoa. Le hoja a e-na le bana ba bane ebile a sebetsa ka nako e tletseng, o khona ho ba pula-maliboho ea thusang hoo e ka bang khoeli le khoeli. O hlohonolofalitsoe ka ho bona monna oa hae a qala ho ithuta Bibele. O re: “Qetellong ke fumane Molimo oa ’nete le borapeli ba ’nete, ka lebaka la Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.”
Batho ba bangata tšimong ena e sa tšoaneng ba fumanoa mosebetsing oa seterata, empa ho hlokahala phehello hore ho hōlisoe thahasello ea bona. Ho bile joalo ka mosali e mocha ea bitsoang Sallay, ea tsoang Sierra Leone. Paki e ile ea mo neha pampitšana, ea nka aterese ea hae ’me ea lokisetsa hore a eteloe. Sallay o ne a thahasella ’me a amohela thuto ea Bibele, empa ka lebaka la likhatello tsa mosebetsing le mathata a mang, e ne e sa tšoaroe kamehla. Eaba ka tšohanyetso o fallela sebakeng se seng a sa fana ka aterese e ncha. Paki e ile ea phehella ho ea atereseng ea khale, ’me qetellong Sallay o ile a romela molaetsa hore Paki e tle lehaeng la hae le lecha.
Joale thuto e ile ea tšoaroa kamehla esita le hoja Sallay a ne a le likhoeling tsa hae tsa ho qetela tsa boimana. Ka mor’a hore lesea le hlahe, Sallay o ile a fetoha mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Sena sohle se utloahala eka se ne se le bonolo, empa ho ne ho se joalo. Ka 6:30 hoseng, o tlameha a be a itokiselitse ho palama bese e nkang halofo ea hora ho isa lesea la hae sekolong sa tlhokomelo ea bana, ’me ka mor’a moo a palame bese e ’ngoe hora ho ea mosebetsing. Ka mor’a ho sebetsa mosebetsing oa hae oa ho hloekisa, o nka leeto la ho khutlela ha hae. Mantsiboeeng a liboka, kapa ha a e-ea tšebeletsong ea tšimo, o tsamaea hora e ’ngoe hape ho ea feela, ho sa tsotellehe khanyetso ea monna oa hae. Le hoja a ne a mo bontša lerato le mamello, o ile a hatela pele ho ea ntlheng ea boinehelo le kolobetso. Ho thoe’ng ka monna oa hae? O ile a ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ’me o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele.
Ho Hlohonolofatsoa ka Liphello Tse Molemo
Boholo ba batho bana ke ba lulang Athene ka nakoana. Ba bangata ba khutlela linaheng tsa habo bona ho ea arolelana litaba tse molemo le beng ka bona le metsoalle. Ba bang ba fallela linaheng tse fapaneng tsa Bophirimela ’me ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Ba salang Greece ba thabela liphello tse molemo ba pakela batho ba naheng ea habo bona bao le bona ba tlileng moo ka ho falla. Maemong a mang lipeō tsa ’nete li ile tsa beha litholoana feela ka mor’a hore baeti ba fallele naheng e ’ngoe ’me ba kopane le Lipaki.
Sena sohle se paka hore Jehova ha a na leeme. O amohela batho ba tsoang lichabeng tsohle ba mo tšabang le ba ratang ho loka. (Liketso 10:34, 35) Ho batho ba joalo ba kang linku, ho fallela ha bona naheng e ’ngoe bakeng sa melemo ea lintho tse bonahalang ho feletse ka litlhohonolofatso tse khōloanyane ho feta seo ba neng ba se lebeletse—tsebo ea Molimo oa ’nete, Jehova le tšepiso ea hae ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka. E, ka sebele Jehova o hlohonolofalitse ka ho enneng boiteko ba ho finyella batho ba buang lipuo lisele Athene ea kajeno!
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Batho ba tsoang linaheng tse ngata ba utloa litaba tse molemo Athene