Na ho na le Mangeloi Har’a Rōna?
Ho ile ha etsahala ka potlako e khōlō. Kaha Marilynn o ne a tebisitse maikutlo ’me a lebetse ka sebaka seo a leng ho sona, o ile a kena seporong sa terene ’me a tsamaea ka boiketlo. Ka nako le motsotso, o ile a utloa molumo o tebileng. O ile a phahamisa mahlo, ’me a fumana hore o eme hantle tseleng ea terene e tlang! Marilynn o ile a ema tsi! a qetiloe matla ke tšabo. Terene e ne e le haufi hoo a neng a khona ho bona mahlo a maputsoa a mokhanni oa terene le sefahleho sa hae se tletseng tšabo. Ha ho mohla Marilynn a tlang ho lebala se ileng sa etsahala ka mor’a moo. O re: “E ile eaka ke sutumetsoa ke senatla. Ke ile ka tloha seporong ke fefoha ’me ka oela har’a molora oa mashala ka thōko ho seporo.” Marilynn o ile a fumana matetetso a fokolang, ’me a ema bakeng sa ho leboha motho ea mo pholositseng—empa ho ne ho se motho! Qeto ea hae e bile efe? Marilynn o re: “Lengeloi la ka la mohlokomeli le ile la pholosa bophelo ba ka. E ka ba mang ha e se lona?”
KAPELE ho bonahala lefatše le tletseng lipelaelo le hlanyetsa mangeloi. Lilemong tsa morao tjena, libōpuoa tsa leholimo li ’nile tsa hlaha mananeong a thelevishene, lifiliming esita le tšoantšisong ea Broadway. Libuka tse buang ka mangeloi li holimo lethathamong la libuka tsa bolumeli tse rekoang haholo. Ho na le mekhatlo ea mangeloi, liseminara le lipampitšana. Ho entsoe litsi tsa koetliso bakeng sa ho u thusa—joalokaha sehlooho se seng se ile sa bolela—ho lokolla “lengeloi la hao le ka hare.”
Ba nkang monyetla ka mekhatloana ea mangeloi ke bo-rakhoebo ba bo-ramenyetla ba buellang lethathamo le sa feleng la lihlahisoa. Motho ea kopanetseng lebenkele le e mong United States o re: “Ntho leha e le efe e amang mangeloi e kenya chelete.” Ho phaella libukeng tse ngata, o thathamisa “liemahale tsa mangeloi, libeche, lipopi, likipa, litšoantšo tse khōlō le likarete”—kaofela li tlisa seo moqolotsi e mong oa litaba a se bitsang “liphaello tsa leholimo.”
Babuelli ba mangeloi ba bolela hore ona hase mokhoa feela o chesehelloang ka nakoana. E le ho tšehetsa seo ba se bolelang, ba hlahisa bopaki bo bongata—“liketsahalo tsa sebele” tseo ho tsona ho kopanoeng le mangeloi. Ba bang ba bolela hore ba bone lengeloi ka sebōpeho sa motho. Ba bang ba ile ba bona khanya, ba utloa lentsoe, ba lemoha hore ho na le e mong, kapa ba utloa tšusumetso eo ba nahanang hore ke ea mangeloi. Ba bangata ho tšoana le Marilynn, ba bolela hore lengeloi le ile la pholosa bophelo ba bona.
Ho etsahala eng? Joan Wester Anderson, ea ngotseng libuka tse peli ka boemo ba ho kopana le “se phahametseng tlhaho” o re: “Ke nahana hore ke ho tsosolosoa ha bomoea.” Alma Daniel, ea ileng a thusa ka ho ngola buka e ’ngoe, o ekelletsa ho sena. O bolela hore mangeloi “hona joale a rupeloa hore a itsebahatse e le hore batho ba eketsehileng haholoanyane ba ka finyelloa. Lebaka le etsang hore re a bone hangata hakana ke hore a batla sona seo. Ke ’ona a etsang joalo.”
Na ka sebele ho joalo? Kapa ho na le ntho e ’ngoe hona joale e susumetsang hore ho thahaselloe mangeloi? E le ho fumana karabo, re tlameha ho hlahloba Lentsoe la Molimo. Bibele e fupere ’nete ka mangeloi, joalokaha re tla bona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Pages 3 and 4: The New Testament: A Pictorial Archive from Nineteenth-Century Sources, by Don Rice/Dover Publications, Inc.