Na U na le Lengeloi la Mohlokomeli?
NA U lumela hore u na le lengeloi la mohlokomeli? Batho ba bangata ba nahana hore ba na le lona. Mabapi le seo, ho boleloa hore mosali e mong oa Canada bophirimela o na le neo e khethehileng e amanang le mangeloi. Haeba u mo fa lebitso la hao le feletseng hammoho le $200 (R830), o bolela hore o tla u kopanya le lengeloi la hao la mohlokomeli. O qala ka ho thuisa ka ho tjamela lelakabe la kerese. Ka mor’a moo, o ba le pono eo ho eona lengeloi la hao le mo fang molaetsa oo a lokelang ho o fetisetsa ho uena. E le pasela, mosali eo o fana ka setšoantšo se bontšang kamoo lengeloi la hao le shebahalang kateng.
Ho ba bang, sena se ka ’na sa bonahala se tšoana hantle le pale ea Morena Louis IX oa Fora. Ho lumeloa hore o ne a reke masiba a turu haholo ao ho neng ho boleloa hore a oele mapheong a Lengeloi le ka Sehloohong, Mikaele. Ba ntse ba belaella pale eo, ba bangata ba ka ’na ba lumela ka potlako se boleloang ke mosali eo oa Canada.
Ho Thahasella Mangeloi
Lilemong tsa morao tjena, ho ’nile ha e-ba le thahasello e sa tloaelehang tabeng ea mangeloi. Thelevisheneng le libaesekopong, libukeng, limakasineng le likoranteng, re bolelloa ka mangeloi a khothatsang ba kulang haholo, a tšelisang ba shoetsoeng, a fanang ka bohlale le a pholosang batho lefung. United States, batho ba ka bang limilione tse 20 ba shebella mananeo a thelevishene a beke le beke a latellanang, a bontšang ho kenella ha mangeloi bophelong ba batho. Lebenkele le leng la libuka le na le libuka tse ka holimo ho 400 tse buang ka mangeloi.
Buka e ’ngoe ea morao tjena e pheta liphihlelo tsa kamoo mangeloi a bahlokomeli a pholositseng bophelo ba masole a loanang kateng. Setikara se khomarelang bampareng ea koloi se bolela hore bakhanni ba sireletsoa ke mangeloi a bahlokomeli. Mekhatlo, lipokano le liseminari li buella thuto ea mangeloi, ho bile ho boleloa hore li thusa batho ho buisana le ’ona.
Eileen Freeman ke mongoli oa libuka tse tharo tse buang ka mangeloi le mohatisi oa koranta e buang ka ’ona feela. Oa bolela: “Ke lumela hore bakeng sa lengeloi le leng le le leng le leholimong, ho na le lengeloi la mohlokomeli Lefatšeng, boleng boo mosebetsi oa bona e seng feela ho rorisa Molimo sebakeng sa leholimo, empa e leng ho hlokomela batho le mefuta e meng ea lintho tse phelang Lefatšeng. Lengeloi la mohlokomeli le abeloa e mong le e mong oa rōna ha re emoloa, ’me lea re hlokomela ha re ntse re hōla ka pōpelong, ha re tsoaloa, bophelong ba rōna bohle lefatšeng lena, ho fihlela lengeloi leo le re ntša meeling ea lefatše lena ho re isa khanyeng ea leholimo.” Sena se hlalosa hantle maikutlo a atileng ka mangeloi a bahlokomeli.
Mehleng ena e sithabetsang le e boima, hoa tšelisa ho lumela hore re na le lengeloi la rōna la mohlokomeli, leo mosebetsi oa lona e leng ho re sireletsa. Lentsoe la Molimo, Bibele, le re’ng ka see? Na re lokela ho leka ho ikopanya le mangeloi? Na a tsotella litekanyetso tsa rōna tsa boitšoaro le tumelo ea rōna ea bolumeli? Ke thuso efe eo re ka e lebellang ho ’ona? Lipotso tsena li tla arabeloa sehloohong se latelang.