Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 11/1 leq. 32
  • “Ke Mang ea Kentseng Bohlale Marung”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Mang ea Kentseng Bohlale Marung”?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 11/1 leq. 32

“Ke Mang ea Kentseng Bohlale Marung”?

“HA LE bona leru le nyoloha likarolong tse ka bophirimela, hang-hang le re, ‘Sefefo sea tla,’ ’me ho ba joalo. ’Me ha le bona hore moea oa boroa oa foka, le re, ‘Ho tla ba le leqhubu la mocheso,’ ’me le ba teng.” Mantsoe ana a Jesu, a ngotsoeng ke mongoli oa Kosepele Luka, ke mehlala ea kamoo bolepi ba boemo ba leholimo bo neng bo etsoa kateng Palestina ea boholo-holo. (Luka 12:54, 55) Maemong a itseng, batho ba boholo-holo ba ne ba khona ho hlalosa matšoao le ho lepa ka nepo lintho tse neng li tla etsahala ka nakoana.

Kajeno, litsebi tsa saense ea maemo a leholimo li sebelisa lisebelisoa tse rarahaneng haholo, tse kang lisathelaete tse potolohang lefatše, Doppler radar le lik’homputha tse matla, bakeng sa ho lekanya lipatrone tsa maemo a leholimo tsa nako e telele. Empa hangata bolepi ba bona boa fosa. Hobane’ng?

Ho na le mabaka a mangata a etsang hore ho be thata ho lepa boemo ba leholimo. Ka mohlala, liphetoho tse etsahalang ka tšohanyetso tsa mocheso, mongobo, sefutho sa moea le lebelo la moea le moo o lebang teng li ka thatafatsa lintho. Ho phaella linthong tsena ho na le litšebelisano tse rarahaneng pakeng tsa letsatsi, maru le maoatle, tseo litsebi tsa saense li sa li utloisiseng ka ho feletseng. Ka lebaka leo, bolepi ba boemo ba leholimo e tla ’ne e be saense e sa nepisisoeng hantle.

Tsebo e lekanyelitsoeng ea motho ka boemo ba leholimo e re hopotsa lipotso tse ileng tsa botsoa Jobo: “Kapa ke mang ea tsoetseng marotholi a phoka? Ha e le hantle leqhoa le tsoa ka mpeng ea mang? . . . Na u ka phahamisetsa lentsoe la hao lerung, e le hore moroallo o nyolohang oa metsi o ka u koahela? . . . Ke mang ea kentseng bohlale marung, kapa ke mang ea faneng ka kutloisiso bakeng sa liketsahalo tse makatsang tsa leholimo? Ke mang ea ka balang maru hantle ka bohlale, kapa linkho tsa metsi tsa leholimo—ke mang ea ka li thulamisang?”—Jobo 38:28-37, NW.

Karabo ea lipotso tsena kaofela ke ho re, E ke ke ea e-ba motho empa e ka ba Jehova Molimo. E, ho sa tsotellehe hore na batho ba ka bonahala ba le bohlale hakae, bohlale ba ’Mōpi oa rōna bo phahame haholo, ka ho fetisisa. Ka sebele o bontšitse lerato ka ho etsa hore bohlale ba hae bo be teng hore re bo fumane maqepheng a Bibele, e le hore re ka atlehisa tsela ea rōna.—Liproverbia 5:1, 2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela