Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 11/1 maq. 30-31
  • Jesu o Ile a Ipha Nako ea ho ba le Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Ile a Ipha Nako ea ho ba le Bana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Amohela Bana
  • Seo re Ithutang Sona
  • Na U na le “Kelello ea Kreste”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na U na le Khopolo ea Kreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Koetlisa Ngoana oa Hao Hore a Sebeletse Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 11/1 maq. 30-31

Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova

Jesu o Ile a Ipha Nako ea ho ba le Bana

TŠEBELETSO ea Jesu ea lilemo tse tharo le halofo e ne e fihla bofelong ba eona. Kapele o ne a tla kena Jerusalema le ho shoa lefu le bohloko. O ne a tseba hantle se larileng ka pele, hobane o ne a boleletse barutuoa ba hae hore: “Mora oa motho o tla neheloa matsohong a batho, ’me ba tla mo bolaea.”—Mareka 9:31.

Ka sebele, Jesu o ne a tla batla ho sebelisa hamolemo letsatsi ka leng, le hora ka ’ngoe, le motsotso ka mong tse setseng. Barutuoa ba hae ba ne ba sa ntse ba hloka tlhokomelo. Jesu o ile a bona hore ba ne ba sa ntse ba hloka keletso e matla mabapi le hore ba be le boikokobetso le mabapi le kotsi e neng e ntse e ba tjametse ea ho khoptjoa. (Mareka 9:35-37, 42-48) Hape ba ne ba hloka ho rupeloa ka lenyalo, tlhalo le bosoha. (Matheu 19:3-12) Ka ho tseba hore o ne a tla shoa haufinyane, ha ho pelaelo hore Jesu o ile a bua le barutuoa ba hae a sa hlathe koana le koana le ka boikutlo bo bontšang hore boemo bo potlakile. Nako e ne e le ea bohlokoa haholo—e leng taba e ileng ea etsa hore seo Jesu a ileng a se etsa lekhetlong le latelang e be se tsotehang le ho feta.

Jesu o Amohela Bana

Tlaleho ea Bibele e re: “Batho ba qala ho mo tlisetsa bana ba banyenyane hore a ba ame.” Ha barutuoa ba bona sena, kapele-pele ba ile ba hlahisa maikutlo a bona a ho se lumellane le seo. Mohlomong ba ne ba nahana hore Jesu o ne a le bohlokoa haholo kapa a phathahane haholo hore a ka ameha ka bana. Ak’u nahane hore na barutuoa ba ile ba makala hakaakang ha Jesu a ba halefela! O ile a ba bolella: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela, etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.” Joale Jesu a phaella: “Kannete ke re ho lōna, Mang kapa mang ea sa amoheleng ’muso oa Molimo joaloka ngoana e monyenyane ho hang ha a na ho kena ho oona.”—Mareka 10:13-15.

Jesu o ile a bona litšoaneleho tse ratehang ho bana. Hangata ke batho ba ratang ho botsa lipotso haholo le ba tšepang batho ba bang. Ba tla lumela seo batsoali ba bona ba se buang ba be ba ba emele ka pel’a bana ba bang. Bohle ba lakatsang ho kena ’Musong oa Molimo, ba tšoanela ho etsisa botho ba bona ba ho rata ho rutoa, le ba ho amohela likhopolo tsa ba bang. Joalokaha Jesu a boletse, “’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.”—Bapisa le Matheu 18:1-5.

Empa Jesu o ne a sa sebelise bana bana feela ka morero oa ho etsa papiso. Tlaleho e hlakisa hore ka sebele Jesu o ne a rata ho ba haufi le bona. Mareka o tlaleha hore Jesu ‘o ile a sika bana bao ’me a qala ho ba hlohonolofatsa, a beha matsoho holim’a bona.’ (Mareka 10:16) Ke tlaleho ea Mareka feela e akarelletsang boitsebiso bona bo mofuthu ba hore Jesu ‘o ile a sika bana.’a Ka hona Jesu o ile a etsa se fetang se neng se lebelletsoe ke batho bao ba baholo, ba neng ba tlisitse bana bana ho Jesu hore feela a ba “ame.”

Bohlokoa ba hore Jesu ‘a behe matsoho a hae’ holim’a bana e ne e le bofe? Sena hase fane ka maikutlo a tšebeletso ea bolumeli, e kang kolobetso. Le hoja ka linako tse ling ho behoa ha motho matsoho ho ne ho bolela ho khethoa, ka linako tse ling ho ne ho bolela feela ho fana ka tlhohonolofatso. (Genese 48:14; Liketso 6:6) Kahoo mohlomong Jesu o ne a mpa a hlohonolofatsa bana feela.

Leha ho le joalo, Mareka o sebelisa lentsoe le matla haholoanyane bakeng sa “tlhohonolofatso” (ka·teu·lo·geʹo), le hlalosang matla a eketsehileng. Sena se bontša hore Jesu o ile a hlohonolofatsa bana ka cheseho, ka mosa le ka mofuthu. Ka ho hlakileng, ha aa ka a talima bana e le moroalo o senyang nako.

Seo re Ithutang Sona

Mokhoa oa Jesu oa ho sebetsana le bana le batho ba baholo o ne o sa tšose ebile o sa tlotlolle. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e re: “E tlameha ebe o ne a bososela habonolo ’me a tšeha ka nyakallo.” Ha ho makatse ha batho ba lilemo tsohle ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena. Ha re nahana ka mohlala oa Jesu, re ka ipotsa, ‘Na batho ba bang ba mpona ke le ea atamelehang?’ ‘Na ke bonahala ke phathahane haholo hore nka khathatseha ka mesebetsi le litaba tsa batho ba bang?’ Ho hlaolela thahasello ea sebele ho batho ho tla re susumelletsa hore re itelle batho ba bang, joalokaha Jesu a entse. Ba bang ba tla bona thahasello ea rōna ea sebele ’me ba tla re atamela.—Liproverbia 11:25.

Joalokaha tlaleho ea Mareka e bontša, Jesu o ne a thabela ho ba le bana. E ka ’na eaba o ne a ipha nako ea ho ba shebella ha ba bapala, hobane o ile a bua ka lipapali tsa bona ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae. (Matheu 11:16-19) Mohlomong bana ba bang bao Jesu a ileng a ba hlohonolofatsa ba ne ba le banyenyane haholo hore ba ka utloisisa ka ho feletseng hore na e ne e le mang le hore na o ne a ruta eng. Empa sena ha sea ka sa etsa hore a ikutloe hore o ne a senya nako ea hae. O ile a ipha nako ea ho ba le bana kahobane a ne a ba rata. Mohlomong ba bangata ho bana bao Jesu a ileng a kopana le bona nakong ea tšebeletso ea hae, hamorao ba ile ba arabela leratong la hae ka ho ba barutuoa ba hae.

Haeba Jesu a ile a ipha nako ea ho ba le bana libekeng tsa hae tsa ho qetela tsa bohlokoa ka ho fetisisa, ruri le rōna re ka ipha nako ea bona kemisong ea rōna e phathahaneng. Haholo-holo re lokela ho ela hloko ba nang le litlhoko tse khethehileng, ba kang bashanyana le banana ba likhutsana. Ka sebele, bana bohle ba hōla hantle ha ba fuoa tlhokomelo, ’me Jehova o rata hore re ba fe lerato lohle le thuso eohle tseo re ka khonang ho fana ka tsona.—Pesaleme ea 10:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Phetolelo e ’ngoe e re Jesu “o ile a ba kopa ka matsoho.” E ’ngoe e re “o ile a ba beha karolong e kobehang ea sephaka sa hae.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela