Hohle ho Tletse Pefo
A LE ka koloing ea hae a emetse hore liroboto li bule, ka tšohanyetso mokhanni o ile a hlokomela monna oa sehanyata a e-tla a mo tobile, a rohakana ka mahlapa a tala, a tsoka setebele. Ka potlako mokhanni o ile a notlela mamati le ho koala lifensetere, empa monna oa sehanyata a ’na a tla. Ha a fihla, monna eo o ile a tsukutla koloi ’me a hula lemati la koloi. Qetellong, ka lebaka la ho tsieleha o ile a phahamisa setebele sa hae se seholo ’me a pshatla fensetere e ka pele ea koloi, a e etsa makumane.
Na ee ke ketsahalo e bonoeng baesekopong e hapang thahasello, e tletseng pefo? Che! Ena e ne e le qabang ea sephethe-phethe, sehleke-hlekeng sa Oahu, Hawaii, se tsebahalang ka ho ba sebaka se khutsitseng, se iketlileng.
Hase ho makatsang. Liloko tse mamating, mekoallo e lifensetereng, basebetsi ba tšireletso ea mehaho, esita le matšoao a libeseng a reng “Mokhanni ha a tšoare chelete”—kaofela li supa ntho e le ’ngoe: Hohle ho tletse pefo!
Pefo Lapeng
Ka nako e telele lelapa le ’nile la nkoa e le setšabelo sa motho. Leha ho le joalo, khopolo ena e fetoha ka potlako. Pefo ea lapeng, e kopanyelletsang tlhekefetso ea bana, ho tetekoa ha balekane, le lipolaeano, ke lihlooho tsa litaba lefatšeng lohle.
Ka mohlala, Manchester Guardian Weekly e re: “Brithani, bonyane bana ba 750 000 ba ka ’na ba utloisoa bohloko ke ho sithabela ka nako e telele ka lebaka la ho pepesehela pefo ea lapeng.” Tlaleho eo e ne e theiloe patlisisong e ileng ea boela ea fumana hore “basali ba bararo ho ba bane ba neng ba botsoa lipotso ba ile ba re bana ba bona ba bone liketsahalo tse mabifi, ’me bana ba ka bang ba babeli ho ba bararo ba bone ha bo ’mè ba bona ba tetekoa.” Ka ho tšoanang, ho ea ka U.S.News & World Report, U.S. Advisory Board on Child Abuse and Neglect e hakanyetsa hore “bana ba 2 000, bao bongata ba bona ba leng ka tlaase ho lilemo tse 4, ba shoa selemo se seng le se seng matsohong a batsoali kapa a batho ba ba hlokomelang.” Tlaleho eo e bolela hore ena ke palo e fetang ea mafu a bakoang ke likotsi tsa sephethe-phethe, ho khangoa ke metsi kapa ho oela.
Pefo ea lapeng e boetse e kopanyelletsa tlhekefetso ea balekane, e qalang ka ho khahlapetsoa kapa ho sututsoa ho lateloang ke ho jabeloa, ho rahoa, ho khangoa, ho tetekoa, ho sokeloa ka thipa kapa sethunya esita le ho bolaoa. ’Me mehleng ea kajeno, mofuta ona oa pefo o sebetsa ho banna le ho basali. Phuputso e ’ngoe e fumana hore har’a pefo e tlalehiloeng e bang teng pakeng tsa banyalani, hoo e ka bang kotara ea liketsahalo li qaloa ke monna, kotara e ’ngoe e qaloa ke mosali, ’me tse setseng li ka hlalosoa hamolemohali e le ho tjolietsana hoo bobeli ba bona ba ikarabellang bakeng sa hona.
Pefo Mosebetsing
A le hōle le hae, ka tloaelo mosebetsing e ’nile ea e-ba moo motho a fumanang taolo, tlhompho le mekhoa e metle. Empa ho bonahala ho se ho se joalo. Ka mohlala, lipalo-palo tse lokolotsoeng ke U.S. Department of Justice li bontša hore selemo se seng le se seng batho ba fetang 970 000 e-ba bahlaseluoa ba tlōlo ea molao e mabifi mosebetsing. Ha e beha taba ka mokhoa o mong, tlaleho e ho Professional Safety—Journal of the American Society of Safety Engineers e ile ea re: “Ho na le monyetla oa hore mosebetsi a le mong ho ba bane e be mohlaseluoa oa pefo ka tsela e itseng mosebetsing.”
Ho tšoenyang ka ho fetisisa ke hore pefo ea mosebetsing ha e felle feela ka ho tjolietsana le linyeliso. Tlaleho eona eo e bontša hore “pefo eo ka ho khetheha bahiruoa ba e lebisang ho bahiri le bahiruoa ba bang, ke boemo boo hona joale bo hōlang ka potlako e fetisisang ba ho bolaeana ha batho United States.” Ka 1992, lefu le le leng ho a tšeletseng a amanang le mosebetsi e ne e le la ho bolaeana ha batho; ho basali, palo e bile hoo e ka bang a le mong ho ba babeli. Ho ke ke ha latoloa hore leqhubu la pefo le timetsa ka ho feletseng sebaka sa mosebetsi seo pele e neng e le se hlophisehileng.
Pefo Lipapaling le Boithabisong
Lipapali le boithabiso li ’nile tsa hahamalloa e le litsela tsa ho itlosa bolutu kapa e le phomolo e khathollang motho mererong e tebileng haholoanyane ea bophelo. Kajeno, boithabiso ke indasteri e kenyang lidolara tse libilione tse ngata. E le ho ka etsa phaello e ngata ka hohle kamoo ho ka khonehang ’marakeng ona o ruisang, ba hlophisang boithabiso ha ba tsoafe ho sebelisa mekhoa leha e le efe e matleng a bona. ’Me o mong oa mekhoa e joalo ke pefo.
Ka mohlala, Forbes, makasine ea khoebo e tlalehile hore fektheri e etsang lipapali tsa video e na le papali ea ntoa e tummeng eo ho eona mohlabani a petsolang hlooho le mokokotlo oa mohanyetsi oa hae ha ba shebeletseng ba ntse ba bina, “Qeta ka eena! Qeta ka eena!” Leha ho le joalo, mofuta o mong oa papali eabo eo o entsoeng k’hamphaning e hlōlisanang le eo, ha o na tšollo e joalo ea mali. Phello ke efe? Mofuta o tletseng pefo o rekoa haholo ho feta oo o hlōlisanang le oona, ka karo-karolelano ea tse tharo ho tse peli. ’Me sena se bolela bokhotho-khotho. Ha mefuta e lokiselitsoeng ho shebelloa malapeng ea lipapali tsena e ne e fihla ’marakeng, ka libeke tse qalang tse peli lik’hamphani li ile tsa kenya liranta tse limilione tse 235 lichabeng tsohle! Ha phaello e ameha, e ’ngoe ea lintho tse tšoasang bareki ke pefo.
Pefo lipapaling ke bothata bo bong bo boholo. Hangata libapali li ba motlotlo ka kotsi eo li ka e bakang. Ka mohlala, papaling e ’ngoe ea 1990 ea hockey, ho ile ha ba le likotlo tse 86 bakeng sa boitšoaro bo seng botle—palo e phahameng ho feta tsohle tse kileng tsa e-ba teng. Papali eo e ile ea emisoa ke lihora tse tharo le halofo tsa pefo e etsoang ka boomo. Sebapali se seng se ile sa phekoloa lesapo la sefahleho le peperaneng, lera le tabohileng la leihlo ’moho le leqeba le tebileng. Lebaka la pefo e kaalo-kaalo ke lefe? Sebapali se seng se ile sa hlalosa: “Ha u hlōla papali e hlileng e amang maikutlo, e tletseng lintoa, u ea hae ’me u ikutloa u le haufi haholoanyane le libapali-’moho le uena. Ke nahanne hore se hlileng se e entseng papali e phahamisang moea ke lintoa.” Lipapaling tse ngata tsa kajeno, ho bonahala ho se ho sa loaneloe ho hlōla empa e hlile hoa loanoa.
Pefo Sekolong
Ka linako tsohle sekolo se ’nile sa talingoa e le qhobosheane eo bacha ba ka tlohelang ho ameha ka lintho tse ling ho eona ’me ba tsepamisa mehopolo ea bona ho hōliseng likelello le ’mele ea bona. Leha ho le joalo, kajeno sekolo ha e sa le sebaka se sireletsehileng joalo. Phuputso ea mokhoa oa Gallup e ileng ea etsoa ka 1994 United States, e ile ea fumana hore pefo le lihlopha tsa botlokotsebe ke tsona tseo e leng bothata bo hlahelletseng likolong tsa sechaba, li phahametse bothata ba lichelete boo e neng e le bona bo ka holimo-limo selemong se fetileng. Boemo boo bo bobe ho le hokae?
Patlisisong e ’ngoe, hoo e batlileng e e-ba seithuti se le seng ho tse ’nè se ile sa arabela ka e, potsong e neng e re, “Na u se u kile ua ba mohlaseluoa oa ketso e mabifi e ileng ea etsahala sekolong kapa haufi le sona?” Matichere a fetang e le ’ngoe ho a leshome le ’ona a ile a arabela ka e, potsong eo. Patlisiso eo e ile ea fumana hore karolo ea 13 lekholong ea liithuti, bashanyana le banana, ba lumetse hore ka linako tse ling ba ee ba nke libetsa ha ba e-ea sekolong. Bongata ba bona ba boletse hore ba etsa joalo bakeng feela sa ho khahlisa ba bang kapa bakeng sa ho itšireletsa. Empa seithuti se seng se lilemo li 17 se ile sa thunya tichere ea sona sefubeng ha tichere eo e ne e leka ho se amoha sethunya.
Mekhoa ea Bophelo e Mabifi
Ho ke ke ha latoloa hore kajeno, pefo e hohle. Re kopana le mekhoa ea bophelo e mabifi lapeng, mosebetsing, sekolong le boithabisong. Ka lebaka la ho e pepesehela letsatsi le letsatsi, ba bangata ba se ba e amohetse e le e tloaelehileng—ho fihlela mohla ba hlasetsoeng. Joale ebe baa botsa, Na e tla ke e fele? Na le uena u lakatsa ho tseba karabo? Joale, ka kōpo bala sehlooho se latelang.