Ho Jala ’Nete ea Bibele Portugal
HO TLOHA Caminha ka leboea ho ea Vila Real de Santo Antônio ka boroa, likete tsa liketsoana tse mebala tsa ho tšoasa litlhapi li shatamane lik’hilomithara tse 800 Lebōpong la Leoatle la Atlantic, Portugal. Ka makholo a lilemo, batšoasi ba litlhapi ba ‘’nile ba e-ba leoatleng ka likepe tsa bona,’ ba etsa hore tlhapi e be sejo se ka sehloohong tafoleng ea Mapotoketsi a mangata.—Pesaleme ea 107:23.
Ka lilemo tse 70 tse fetileng, ho ’nile ha e-ba le mofuta o mong oa ho tšoasa litlhapi Portugal. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoareha ka ho tlisa litaba tse molemo ho litlhapi tsa tšoantšetso tse mashome a likete. (Mattheu 4:19) Ka May 1995, ho ne ho e-na le tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba 44 650—karo-karolelano ea motho a le mong ho baahi ba ka bang 210. Metseng e meng karo-karolelano ke halofo ea seo.
Ka basebetsi ba bangata joalo, libakeng tse ngata tšimo e pakeloang e koaheloa hoo e ka bang beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ka lebaka leo Lipaki tsa Mapotoketsi li leng seli haholo tabeng ea ho sebelisa likatamelo tse fapa-fapaneng e le ho arolelana tšepo ea tsona ea Bibele le ba bang. E, li hlokomela bohlokoa ba ho etsa hore ’nete ea Bibele e tsebahale ka litsela tsohle tse khonehang.—1 Ba-Korinthe 9:20-23.
Ho Thusa ba Sekametseng Bolumeling
Ho latela palo ea sechaba ea 1991 Portugal, karolo ea 70 lekholong ea ba lilemo li 18 ho ea holimo ba ipolela hore ke Maroma a Mak’hatholike. Ho sa tsotellehe sena, tsebo ea Bibele e fokola haholo har’a batho. Koranta ea Jornal de Notícias ea hlokomela: “Ena ke e ’ngoe ea litlokotsi tse khōlōhali bophelong ba Mak’hatholike: Ho se tsebe Bibele!” Ke hobane’ng ha ho le joalo? Koranta ea Sepotoketsi Expresso e toba karabo. Ha e tlaleha ka seboka se neng se le Fátima sa baprista ba 500, pampiri eo e re: “Ho latela mobishopo, ho hlokahala hore moprista a itšoasolle mesebetsing e mengata haholo, e le hore ka ho khethehileng a ka tsosolosa boemo ba hae joaloka ‘’moleli.’ . . . Haeba moprista a nehelana ka soule eohle ea hae ho boleleng Kosepele, a ke ke a ba le nako ea mesebetsi leha e le efe e meng.”
Ka ho fapaneng, Lipaki tsa Jehova Portugal li tšoarehile ka ho tsebahatsa ’nete ea Bibele ka litsela tsohle tse ka khonehang. Ka lebaka leo, Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a fumana tsebo ea Bibele.
Carlota e ne e le Mok’hatholike ea inehetseng le setho sa sehlopha sa bacha sa mokhatlo oa bolumeli. E ne e boetse e le tichere sekolong sa bana ba banyenyane moo Antônio oa Paki, a neng a sebetsa teng. E le pula-maliboho ea kamehla, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng, kamehla Antônio o ne a ikitlaetsa ho buisana le basebetsi-’moho le eena ka Bibele nakong ea lijo tsa motšehare. Ka letsatsi le leng Carlota o ile a mo botsa ka tumelo ea mollo oa lihele le ka ho rapela Maria. Antônio o ile a mo bontša se rutoang ke Bibele lihloohong tsena, ’me eo e ile ea e-ba tšimoloho ea lipuisano tse ngata tsa Bibele. Mohla Carlota a eang libokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso e sebakeng seo, o ile a hlolloa haholo. Leha ho le joalo, linako tsa liboka li ne li thulana le tsa mokhatlo oa bolumeli oo a neng a o kena. O ile a hlokomela hore o tlameha ho etsa qeto. O ne a tla etsa joang?
Carlota o ile a bitsa sehlopha sohle sa bacha ’me a ba hlalosetsa ka Bibele hore na ke hobane’ng ha a tlohela. Bohle ba ile ba nyatsa qeto ea hae, haese ngoananyana ea bitsoang Stela, ea neng a mametse ka hlokolosi. Ha Carlota a buisana le eena hamorao, Stela o ile a botsa lipotso tse ngata ka tšimoloho le morero oa bophelo. Carlota o ile a mo fa buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?a ’me a qala ho ithuta Bibele le eena.
Ho sa le joalo, Carlota o ile a hatela pele hantle moeeng, a kolobetsoa ka June 1991, ’me a qala ho sebeletsa joaloka pula-maliboho ea kamehla likhoeli tse tšeletseng hamorao. Eena le Antônio ba ile ba nyalana ka May 1992, ’me ba tsoela pele ka tšebeletso ea bopula-maliboho ba le ’moho phuthehong ea boahisani moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane. Stela eena? O ile a kolobetsoa ka May 1993 ’me hona joale o sebeletsa joaloka pula-maliboho ea kamehla.
Francisco ea monyenyane o ne a rata bolumeli haholo. Sontaha se seng le se seng o ne a e-ba teng ’Miseng oa hoseng ’me motšehare oa mantsiboea a be teng bakeng sa ho baloa ha sekoto sa Rosari. E ne e le mosebeletsi oa aletare, a thusa moprista nakong ea ’Misa. O ile a ba a rapela Molimo hore ka letsatsi le leng a etsoe “mohalaleli”!
Francisco o ne a hlile a batla ho ba le Bibele, ’me ka letsatsi le leng o ile a e fuoa ke motsoalle oa hae. O ile a makatsoa ke ho sibolla hore Molimo o na le lebitso, Jehova. (Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18) O ile a makala le ho feta ha a bala ho Exoda 20:4, 5 hore, Molimo o hanela tšebeliso ea litšoantšo borapeling! Ha a bona hore kereke e ne e tletse litšoantšo, ka tieo o ile a rapela Molimo hore a mo thuse ho utloisisa pherekano ena eohle. Matsatsi a ’maloa hamorao, o ile a kopana le eo a neng a kena sekolo le eena ’me a mo botsa hore na ke hobane’ng a tlohetse sekolo sa mantsiboea.
Motsoalle oa hae o ile a araba: “Joale ke se ke kena sekolo sa mantsiboea se molemo.”
Francisco o ile a botsa: “Ke sekolo sefe seo, hona u ithuta’ng?” O ile a makatsoa haholo ke karabo ea motsoalle oa hae.
Motsoalle o ile a mo bolella: “Ke ithuta Bibele Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Na u ka rata ho tla le ’na?”
Francisco o ne a sitoa ho lumela seo a neng a se bona sebokeng sa pele seo a bileng ho sona—lifahleho tse thabileng, tse bososelang; batho ba buisanang ka mofuthu, ka tsela e botsoalle; bana ba lutseng le batsoali ba bona ’me ba mametse ka hloko se boleloang.
Francisco o ile a hlalosa: “Mona ke ne ke sa tsejoe ka ho feletseng, ’me ke ne ke ikutloa eka ke karolo ea lelapa!” Haesale ho tloha ka nako eo, kamehla o ba teng libokeng. Hona joale Francisco o sebeletsa e le moholo ka phuthehong, ’me ’moho le mosali le bana ba hae ba babeli, o thabela litšepiso tse hlollang tsa ’Muso tse ka Lentsoeng la Molimo.
Ho Arolelana ’Nete le Beng
Manuela, pula-maliboho ea kamehla tikolohong ea Lisbon, o khonne ho tšoasa litlhapi tsa moea tse ngata ka lebaka la ho phehella ha hae ho pakela bohle ka mosa, ho akareletsa le beng ka eena. Har’a bona e bile khaitseli ea hae, José Eduardo, ea neng a koetlisitsoe mekhoeng ea ho itšireletsa ntle ho libetsa hape a koetlisitsoe le ho li sebeliseng. O ne a ile a tlōla molao ka makhetlo a mangata hoo qetellong a ileng a isoa nyeoeng ka liqoso tse 22 ’me a ahloleloa lilemo tse 20 chankaneng. O ne a le mabifi hoo a neng a tšajoa le ke batšoaruoa-’moho le eena, ’me o ile a bolokoa ka seleng e sirelelitsoeng haholo.
Ka lilemo tse supileng, ka mamello Manuela o ne a etela José Eduardo, empa eena kamehla o ne a qhelela thōko molaetsa oa hae oa Bibele. Qetellong, ha buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisoa, o ile a e amohela ’me thuto ea Bibele ea qaleha. Hang-hang o ile a ba le phetoho e tsotehang boitšoarong ba hae. Beke hamorao o ile a pakela batšoaruoa ba 200, ’me beke e latelang eo a pakela ba 600 ba eketsehileng. O ile a ba a fumana tumello ea ho etela ba bang ba koaletsoeng ka likarolong tse ling tsa chankane. Ka lebaka la phetoho ea hae e hlokomelehang boitšoarong, kahlolo e ile ea fokoletsoa ho lilemo tse 15. Ka mor’a ho sebeletsa lilemo tse leshome, o ile a lokolloa a behiloe tekong. Ho tloha ka nako eo, ho fetile lilemo tse hlano, ’me José Eduardo e se e le Paki e kolobelitsoeng ea Jehova, e sebeletsang joaloka mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea moo. Ka sebele ke taba ea ‘phiri e lula le konyana’!—Esaia 11:6.
Ka lebaka la boiteko ba hae bo sa khaotseng ba ho pakela lelapa la hae, Manuela o bile le thabo ea ho thusa monna oa hae le litho tse ling tse ’nè tsa lelapa la hae hore ba be mafolo-folo ho sebeletseng Jehova. Hona joale monna oa hae ke mohlanka ea sebeletsang.
“Ke Tla li Phalalisa ka Seeta le ka Sephali”
Maria do Carmo o ne a lula motseng oa toropo ea Lisbon, ha a eteloa ke Lipaki. O ile a rata seo a se utloileng ’me a kōpa monna oa hae, Antônio, hore na a ka ba le thuto ea Bibele lapeng. O ile a araba: “Le ho lora feela u se ke be ua ho lora! Ha ho ka etsahala hore ke fumane Lipaki tsa Jehova mona lapeng, ke tla li phalalisa ka seeta le ka sephali.” Taba ke hore Antônio e ne e le mokoetlisi oa karate ’me a le boemong ba boraro lebanteng le letšo. Kahoo, Maria do Carmo o ile a etsa qeto ea ho ithutela Bibele sebakeng se seng.
Hamorao, Antônio o ile a tlameha ho ea Engelane bakeng sa thupelo ea karate ka matsatsi a robeli, ’me ka hloko Maria do Carmo a kenyelletsa ka sutuk’heiseng ea hae sengoliloeng, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.b Kaha Antônio o ne a e-na le nako e ngata leetong la hae, o ile a bala buka eo. Ha a le ka sefofaneng se khutlelang hae, sefefo se ile sa tsukutla sefofane seo ka sekhahla, ’me se ile sa lula fatše ka bothata. Ka lekhetlo la pele bophelong ba hae, Antônio o ile a rapela Jehova.
Ha Antônio a fihla hae, Paki e neng e khanna thuto le mosali oa hae e ile ea mo memela sebokeng. O ile a lumela ’me a fumana e mong le e mong a le botsoalle haholo. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa thuto ea Bibele, ’me ka nako e khutšoanyane, Antônio o ne a se a tseba hore o tšoanela ho etsa liqeto tse itseng. Phello e bile hore a tlohele ho ruta karate ’me a qale ho ruta liithuti tsa hae hore na li ka phela bophelo ba khotso joang hona joale le ka ho sa feleng. Hona joale e mong oa bona, eo le eena e neng e le oa lebanta le letšo, ke Mokreste ea kolobelitsoeng.
Ha e le Antônio, o ile a kolobetsoa ka April 1991. Letsatsi ka mor’a kolobetso ea hae, o ile a qala ho sebeletsa joaloka pula-maliboho ea thusang. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, o ile a qala ho sebeletsa joaloka pula-maliboho ea kamehla, ’me ka potlako o ne a khanna lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 12. Ka July 1993 o ile a khethoa joaloka mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong.
Tšimong e Sebetsoang Khafetsa
Libakeng tse ngata naheng ena, tšimo e sebetsoa hoo ekabang beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ke joang Lipaki li ntšetsang pele mosebetsi oa tsona oa ho “tšoasa litlhapi” ka mokhoa o behang litholoana?
João o leka ho kopana le motho e mong le e mong malapeng ’ohle. Ha a ne a etetse mofumahali e mong, o ile a botsa hore na ho na le ba bang ba lulang lapeng leo. Mofumahali eo o ile a araba ka hore monna oa hae le bara ba babeli ba lula moo, empa ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore a kopane le bona kaha ba ne ba sebetsa ’me ba ne ba tla ba hae mantsiboea feela. Kahoo, João o ile a tsoela pele ’me a etela ba bang sebakeng seo. Hoo e ka bang hora le halofo hamorao, o ile a atameloa ke motho oa monna.
Monna eo o ile a re ho João: “U itse u batla ho bua le ’na. Ka kōpo mpolelle hore na u batla’ng.”
A maketse haholo, João o ile a araba: “Tšoarelo, empa ha ke u tsebe. U mang?”
“Ke ’na Antônio, ’me ke lula seterateng sona sena. U bolelletse ’Mè hore u batla ho buisana le karolo eohle ea lelapa, ke ka hona ke tlileng ho tla utloa hore na u batla’ng.”
João o ile a pakela Antônio ka ho feletseng ’me a qalisa thuto ea Bibele le eena. Ka mor’a thuto ea bobeli, Antônio o ile a botsa hore na ba ka ba le thuto habeli ka beke. Ka likhoeli tse ’nè feela, o ile a ikopanya le João ’me a qala ho bolela litaba tse molemo seterateng sa hae. Likhoeli tse tharo hamorao, o ile a kolobetsoa. Morao tjena ’mè oa hae le eena o qalile ho ithuta Bibele. Ke habohlokoa hakaakang ho leka ho buisana le litho tsohle tsa ntlo ha re le tšebeletsong!
Liphihlelo tse thabisang joalo li bontša hore ho sa na le ho hongata ho lokelang ho etsoa ho tšoasa litlhapi tsa moea metsing a Portugal. Jehova o hlohonolofalitse Lipaki tse sebetsang ka thata tsa moo ka lithuto tsa Bibele tse hatelang pele tse likete. Ha li ntse li tsoela pele ho batla litsela tse eketsehileng tsa ho tsebahatsa ’nete ea Bibele ho bohle, ka sebele mantsoe a moapostola Pauluse ho Bakreste ba Filippi aa phethahatsoa kajeno Portugal: “Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe . . . Kreste o ntse a phatlalatsoa.”—Ba-Filippi 1:18, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SPAIN
PORTUGAL
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Lipaki tsa Portugal, li sebelisa monyetla o mong le o mong ho tsebahatsa ’nete ea Bibele