Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/15 maq. 8-10
  • Letšolo le Atlehileng la ho Paka Greece

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letšolo le Atlehileng la ho Paka Greece
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Liofisiri Tsa ’Muso Lia Arabela
  • Baahloli ba Sechaba Baa Arabela
  • Bo-ralilaebrari Baa Arabela
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/15 maq. 8-10

Letšolo le Atlehileng la ho Paka Greece

LIPAKI TSA JEHOVA li ’nile tsa tobana le khanyetso ka nako e telele Greece. A mang a mapolesa, makhotla, ’moho le liofisiri tse ling tsa ’muso ba hlorisitse Lipaki, hangata e le ka lebaka la tšusumetso e tsoang ho baruti ba Greek Orthodox. Ka linako tse ling lebaka e ’nile ea e-ba molao oa Greece o khahlanong le ho sokolla batho, ha ka linako tse ling lebaka e le ho hana ha Lipaki ho ea ntoeng kapa ho amohela mali ho thehiloeng Bibeleng.—Esaia 2:2-5; Liketso 15:28, 29.

E le boiteko ba hore ho be teng kutloisiso e khōloanyane har’a ba boholong ba tšepahalang Greece, Lipaki tse ka bang 200 tseo ’muso oa Greece o li talimang e le basebeletsi ba bolumeli, ’moho le ba bang bao e leng bo-ramolao, haufinyane tjena ba ile ba tsoa letšolo ho pholletsa le naha eohle. Ba ile ba nehelana ka bukana e neng e lokiselitsoe ka ho khetheha, eo sehlooho sa eona se reng Jehovah’s Witnesses in Greece, ’moho le buka Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ba ile ba boela ba aba lipakete tsa lingoliloeng tse bontšang hore ha ho na motheo o utloahalang oa molao mabapi le ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova. Lipaki li ile tsa etela baokameli ba sepolesa, bo-ramotse, baahloli ba sechaba le liofisiri tse ling.

Karabelo e ile ea e-ba efe? Liphihlelo tse makholo tse monate. Hlokomela mehlala e meng.

Molaoli oa seteishene sa mapolesa Macedonia Bophirimela o ile a amohela barab’abo rōna ’me a re: “Ke le tsebile ka nako e telele, . . . ’me ke khahloa ke tlhophiso ea lōna. . . . Ha ke lumellane le molao o amanang le ho sokolla batho, ’me haeba ke ne ke e-na le matla, ke ne ke tla o felisa.”

Balaoli ba liteishene tse fapa-fapaneng tsa mapolesa metseng e mengata ba ile ba fana ka litlhaloso tse kang tsena: “Ke le babatsa ka tšebeletso ea sechaba eo le e etsang.” “Le ka mohla batho ba lōna ha ba bakele mapolesa mosebetsi; le phetha mosebetsi oa sechaba.” “Ha re na bothata le bo bonyenyane ka lōna. Rea le hlompha ’me rea le ananela.”

Piraeus, ofisiri e phahameng mapoleseng a tšireletso e ile ea bolella barab’abo rōna likhapha li tletse ka mahlong, hore e tseba ho rapela Jehova Molimo ka lebitso, ka Jesu Kreste. E ile ea makatsa Lipaki le ho feta ha e li bolella hore ea tseba hore li lebelletse mahloriso pele ho Armagedone, ’me e tšepa hore Molimo o tla e sebelisa bakeng sa ho li thusa nakong eo! E ile ea amohela memo ea barab’abo rōna ea ho ba le puisano e tsoelang pele.

Liofisiri Tsa ’Muso Lia Arabela

Ka buka ea Baboleli, ramotse e mong oa Thessaly o ile a re: “E tšoaneloa ke ho fumana sebaka laebraring ea sechaba—sebaka se hlahelletseng!” Kapele ka mor’a moo, o ile a tlosa libuka shelefong ’me a beha buka Baboleli moo e le hore sekoahelo sa eona se ka bonahala.

Greece leboea, ramotse o ile a amohela barab’abo rōna ka mofuthu ’me a re: “Le batho ba molemo ka ho fetisisa bao ke lakatsang ho ba le bona pusong ea heso ea bo-’masepala.” Ramotse ea mosa oa Euboea leboea o ile a bolella barab’abo rōna: “Nkile ka ba ofisiri ea lebotho la ntoa. Empa lōna—ke le ananela haholo.” Ka cheseho o ile a lumellana le lintlha tse neng li hlahisoa ke Lipaki. Ha ba ’montša tse ling tsa libuka tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a re: “Haeba ke le tšepisa hore ke tla li bala kaofela, na le tla mpha tsona?” Ba ile ba araba: “Ehlile—ke tsa hao!” O ne a thabile haholo ’me a sa batle ha barab’abo rōna ba tsamaea.

Motseng oa toropo o Attica, ka thabo ramotse o ile a amohela lingoliloeng tseo a ileng a li fuoa ke barab’abo rōna ’me a ba kōpa hore ba ’ne ba mo tlisetse likhatiso tsa Mokhatlo. Ha ba se ba tsamaea, o ile a ba bolella: “Batho ba soetsehile haholo ke bo-ralipolotiki ’me ba batla ’nete sebakeng se seng sesele. Ke kholisehile hore ho tloha hona joale ho ea pele le tla tšoareha haholo ka lebaka la hobane le na le ’nete.”

Baahloli ba Sechaba Baa Arabela

Barab’abo rōna ba neng ba etetse motlatsi oa moahloli oa sechaba Greece leboea baa hopola: “O ne a hloletsoe haholo ke lingoliloeng tsa rōna le ke nehelano, hammoho le boiteko boo re bo etsang ba ho kholiseha hore batho ba rōna ha ba tsielehe ha ba talimane le taba e tebileng ea tšelo ea mali. Qetellong o ile a re leboha ’me ka mofuthu a re babatsa ka ho etsa boikhathatso ba ho mo etela le ho mo hlaha leseling. Hamorao, re ile ra utloa hore lilemong tse ’ne tse fetileng, o ne a ile a bitsa mapolesa ’me a a laela hore a tšoare barab’abo rōna ba babeli ba neng ba ntse ba le tšebeletsong ea tšimo.”

Lipaki tse peli tseo e leng babuelli ba molao tse ileng tsa etela ofisi ea moahloli oa sechaba, Athene, li ile tsa makala ha li bona moahloli oa sechaba ea hōlileng, ea tummeng le ea hlomphuoang haholo a tla ho tsona. O ile a li nkela ka thōko ’me a li bolella hore molao o khahlanong le ho sokolla batho ha o na motheo ebile o baka pherekano tsamaisong ea makhotla ea Magerike. O ile a li leboha ka ho li tšoara ka letsoho le mofuthu.

Ka leboea ho Greece, moahloli oa sechaba o ne a e-na le botsoalle haholo ’me a amohela lingoliloeng. Ha a ntse a phetla maqephe a buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, o ile a hlolloa ke ho bona likhaolo tse sa tšoaneng lethathamong la tse ka hare. O ile a hlalosa: “Ho Boorthodox bohle, ha ke e-s’o bone se tšoanang le seo buka ena e se fupereng.”

Moahloli oa sechaba Boeotia o ile a lumela hore nakong e fetileng, o ne a ile a fana ka litaelo tsa hore Lipaki li tšeloe mali khahlanong le thato ea tsona. Empa ka mor’a hore barab’abo rōna ba behelane mabaka le eena tabeng eo, o ile a re: “Nke ke ka hlola ke fana ka taelo e joalo nakong e tlang!” O ile a etsa qeto ea hore ho tla batloa keletso ho Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ea sebakeng seo bakeng sa Lipaki tsa Jehova, e le hore ho ka hlahlojoa mefuta eohle e meng e ka sebelisoang ntle ho mali. Ka thabo o ile a amohela buka ea Bacha Baa Botsa.

Bo-ralilaebrari Baa Arabela

Boitsebiso bo ile ba boela ba hlahisoa ho bo-ralilaebrari ba bangata. Laebraring e ’ngoe Athene, ralaebrari ea nang le tlhompho o ile a amohela lingoliloeng ’me a hlalosa: “Ke hantle haholo hore ebe le re tliselitse libuka tsa lōna kaha boholo ba libuka tseo re nang le tsona laebraring ea rōna ke tse khahlanong le lōna. . . . Moprista o ne a khopehile haholo ha a bona libuka tsa lōna laebraring. . . . Hase ho nang le taba. Maikutlo ’ohle a lokela ho utluoa.”

Ofisiri laebraring ea sechaba e Grete, e ileng ea tseba Lipaki tsa Jehova ha e le likampong tsa sesole, e ile ea bolella barab’abo rōna hore e ne e khahloe ke ho hana ha Lipaki ho kopanela ntoeng. E ne e ’nile ea ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha batho baa ba lokela ho utloa bohloko?’ E ile ea amohela lingoliloeng ho barab’abo rōna ’me ea re ka letšolo leo la bona: “Le entse mosebetsi o babatsehang ’me le ka be le entse tjena lilemong tse fetileng. . . . Mona Greece ho na le leeme le lengata.” E ile ea kōpa barab’abo rōna hore ba e etele hape ka potlako.

Nakong ea letšolo lena le khethehileng, barab’abo rōna ba ile ba tsamaisa libuka tsa Baboleli tse fetang 1 000, libukana tse 1 600 tsa Jehovah’s Witnesses in Greece, ’moho le libuka le limakasine tse makholo. Ho molemo le ho feta, ba ile ba buisana le liofisiri tse makholo tsa Magerike lifahleho li talimane. Hona joale bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba Greece le ba lefatšeng ka bophara ba tšepa hore ba boholong ba tšepahalang Greece, ba tla talima Lipaki tsa Jehova ka ho hloka leeme haholoanyane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela