Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/15 maq. 22-27
  • Katoloso e Nang le Tlhohonolofatso ea Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Katoloso e Nang le Tlhohonolofatso ea Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lenaneo le Thabisang
  • Mehaho e Neng e Neheloa
  • Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Libaka Tsa Bolulo Tse Eketsehileng
  • Histori ea 90 Sands
  • Tlhohonolofatso ea Jehova e Totobetse
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/15 maq. 22-27

Katoloso e Nang le Tlhohonolofatso ea Jehova

LENANEO la nehelo bosiung ba la 18 September, 1995, le ile la totobatsa hore Jehova Molimo ruri o hlohonolofalitse katoloso e entsoeng ke Lipaki tsa hae sebakeng sa ntlo-khōlō ea tsona Brooklyn, New York.

Batho ba ka holimo ho 6 000 ba ile ba mamela lenaneo lena la nehelo. Ba ile ba bokana Brooklyn, moo lenaneo le neng le tšoaretsoe teng, esita le libakeng tse ling, ho akarelletsa le mehahong e meholo ea Lipaki tsa Jehova e haufi le Patterson le Wallkill, New York, le lekaleng la tsona le haufi le Toronto, Canada. Ba neng ba le libakeng tse ling ntle le Brooklyn ba ile ba utloa liketsahalo ka mehala ea thelefono.

Lenaneo le Thabisang

Mabethele, e leng tsela eo basebetsi ba baithaopi ba bitsoang ka eona, a neng a mametse lenaneo lena ke karolo e khōlō ea lelapa la Bethele la lefatše lohle la litho tse ka holimo ho 16 400. Litho tse joalo li sebeletsa linaheng tse ka bang lekholo, moo li hatisang lingoliloeng tsa Bibele le ho sebetsa mafapheng a mangata a tlatsanang le la khatiso ea lingoliloeng bakeng sa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho 78 600 lefatšeng.

Tebello e ne e le matla ha lenaneo la nehelo le qala ka 6:30 mantsiboea ka pina e ileng ea lateloa ke thapelo e ileng ea etsoa ke Karl Klein. Molula-setulo oa lenaneo, Lloyd Barry, o ile a amohela bohle ka mofuthu ka litlhaloso tse khutšoanyane mabapi le bohlokoa ba ketsahalo ena. Albert Schroeder o ile a etsa kakaretso ea thuto ea Molula-Qhooa ea beke eo, eaba Daniel Sydlik o beha puo eo sehlooho sa eona se reng “Tšebeletso ea Rōna e Halalelang Bethele.” Bana bao e bileng ba pele lenaneong kaofela e ne e le litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.

Likarolo tse peli tse latelang tsa lenaneo—“Ho Khahlametsa Litlhoko tsa Rōna tsa Bolulo tse Ntseng li Eketseha, 1974-1995,” le “Lintlha tse Khōlō tsa ho Nchafatsa Bethele le ho Haha Brooklyn”—li ne li fupere lintlha tse khōlō tsa kaho kapa ho fumanoa ha mehaho e neng e neheloa. Litlhaloso tsena li ne li lebisitsoe mohahong oa bolulo o neng o sa tsoa qetoa oo ho oona hona joale ho lulang Mabethele a ka bang sekete. Mohaho ona oa bolulo oo bophahamo ba oona e leng limithara tse 115 o 90 Sands Street o kopane le mehaho ea fektheri ea khatiso.

Lenaneo lena le ne le fupere puo ea nehelo e neng e behoa ke Milton Henschel, mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society. O ile a hatisa mehlala ea Bibele ea ho nehela mehaho e neng e tla sebelisetsoa tšebeletso ea Jehova. Ka mor’a pina tšebeletso ena e ile ea phethoa ka thapelo e ileng ea etsoa ke Carey Barber, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang. Empa lintlha tse ling tse khōlō tsa lenaneo lee e bile life?

Mehaho e Neng e Neheloa

Molebeli oa Lehae la Bethele, George Couch, o ile a hlalosa hore mehaho ea bolulo e 17 e se e ekelitsoe ho tloha nehelong ea ho qetela ea mohaho oa bolulo oa Bethele ea Brooklyn ka la 2 May, 1969.a E ne e le mahae a hahiloeng bocha kapa mehaho e ileng ea rekoa le ho nchafatsoa. Nehelo ena ha e le hantle e ne e le ea mehaho ea bolulo e 17, ea mehaho e ’meli e menyenyane—e ileng ea rekoa lilemong tsa bo-1940 empa e ileng ea fetoloa mehaho ea bolulo ea Bethele—esita le mehaho ea fektheri le liofisi e neng e ile ea ahoa kapa ea rekoa haesale ho neheloa mohaho oa liofisi oa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova ka la 15 March, 1982.b

Mohaho o moholo ho feta eohle e neng e neheloa ke o 360 Furman Street. O ileng oa ahoa ka 1928 ka lekhetlo la pele, o ile oa rekoa ke Lipaki tsa Jehova ka la 15 March, 1983, ’me oa nchafatsoa ka ho feletseng. O boholo ba lisekoere mithara tse 93 000 kapa hoo e ka bang lihekthere tse 9. Mehaho e meng e neng e akarellelitsoe nehelong, ke fektheri e 175 Pearl Street le likaraje tse khōlō tse ileng tsa ahoa lilemong tsa morao tjena.

Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Libaka Tsa Bolulo Tse Eketsehileng

Ka 1969, ha mohaho oa ho qetela oa bolulo oa Bethele ea Brooklyn o ne o neheloa, tlhōrō ea Lipaki tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara e ne e le 1 336 112. Empa ka 1995 ho ne ho bolela tse 5 199 895, tse ngata ka makhetlo a fetang a mararo le halofo! Kahoo, ho khahlametsa tlhokahalo e hōlang ea lingoliloeng tsa Bibele, lelapa la Bethele ea Brooklyn le eketsehile ho tloha ho litho tsa kamehla tse 1 042 ka 1969 ho ea ho tse ka holimo ho 3 360, tseo hona joale li lulang mehahong ea bolulo e 22!

George Couch o ile a hlalosa kamoo tlhokahalo ea bolulo bo eketsehileng e ileng ea khahlametsoa ho tloha ka 1974 ho ea ho 1995. Mathoasong a bo-1970, mekato e mengata ea Towers Hotel e haufinyane e ne e hiriloe ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa bolulo ba lelapa la Bethele le ntseng le eketseha. Ka December 1973, Nathan Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a ngolla Ofisi ea Bethele le baokameli ba Towers, a bolela hore Mokhatlo o rerile ho ‘tsoa Towers Hotel ka la 1 October, 1974.’

Mor’abo rōna Couch o itse o ne a maketse hobane ho ne ho se moo Mabethele a lulang Towers a neng a tla lula teng. Baokameli ba Towers le bona ba ne ba maketse, kaha ba ne ba itšetlehile ka chelete ea rente ea Mokhatlo hore ba lule ba le boemong bo botle licheleteng. Phello e bile hore baokameli ba Towers ba ile ba khothaletsa Lipaki tsa Jehova hore li reke hotele ena. Ba ile ba re: “Le ’nile la eketseha haesale re e-ba baahelani, ’me le hloka mohaho ona.”

Karabo ea baemeli ba Mokhatlo e bile hore: “O tletse batho ba hirileng. Haeba re ne re o rekile, re ne re tla batla ho kenya batho ba rōna ho oona.”

Baokameli ba Towers ba ile ba tšepisa: “Re tla ntša batho ba hirileng mohahong ona.” Joale, nako e seng kae ka mor’a moo Lipaki tsa Jehova li ile tsa reka mohaho oa Towers ka theko e loketseng. Couch o ile a botsa bamameli ba hae ba hloletsoeng: “Ke hobane’ng ha Mor’abo rōna Knorr a ile a ngola lengolo lee? Mohlomong ka boeena o ne a sa tsebe, empa ke eona ntho e ileng ea rekisa Towers Hotel ho Mokhatlo oa Watch Tower.”

Sebui se ile sa boela sa hlalosa kamoo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa reka 97 Columbia Heights, setša seo pele e neng e le sa Margaret Hotel e tummeng, e neng e le ka mose ho seterata ho tloha Lehaeng la pele la Bethele. Sebaka sena se botleng ka ho feletseng, kaha ho ne ho ka ba bonolo hore se kopanngoe le mohaho oa Bethele ka kotopo e ka tlas’a seterata. Ka February 1980, ha mohaho o ne o ntse o lokisoa, o ile oa cha. Joale, kahobane mong’a oona a ne a e-na le mathata a ho haha mohaho o mocha setšeng seo, o ile a rekisetsa Lipaki tsa Jehova setša sena.

Mor’abo rōna Couch o ile a re: “Hoo e batlang e le mohaho o mong le o mong ho ena o na le pale e thahasellisang e lebisang qetong e le ’ngoe—ea hore Jehova Molimo ke eena ea ileng a tataisa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang ho fumana mohaho o itseng.”

Histori ea 90 Sands

Mohaho oa bolulo o mocha-cha! le o moholo ka ho fetisisa ke 90 Sands Street. Ha setša sena se ne se rekoa ke Lipaki tsa Jehova ka December 1986, ho ile ha fallisetsoa fektheri e khōlō e 160 Jay Street ho sona.c Fektheri ena e ile ea heletsoa, ’me ka la 30 August, 1990, lelapa la Bethele le ile la bolelloa hore ho se ho fumanoe tumello ea ho haha mohaho oa bolulo oa mekato e 30 setšeng seo.

Puisanong e neng e tšoeroe ke setho sa Sehlopha se Busang Theodore Jaracz, molebeli oa fektheri ea Mokhatlo e Brooklyn, Max Larson, o ile a hlalosa kamoo tumello ea ho haha mohaho oa bolulo oa 90 Sands Street e ileng ea fanoa. Mor’abo rōna Larson o ile a hlalosa hore se ileng sa etsahala morao koana ka 1965 e bile sa bohlokoa ka ho fetisisa.

Morao koo Mokhatlo o ne o batla ho haha fektheri e mekato e leshome setšeng se pel’a lifektheri tse ling tsa oona, empa molao oa litekanyetso tsa mehaho o ne o lekanyelitse hore ho hahoe mehaho ea mekato e ’meli feela setšeng sena. Motho ea etsang lipolane tsa mehaho o ile a lumela ho etsa polane ea fektheri ena eo ho reroang hore e ahoe, empa o ile a re: “Nke ke ka ipeha bothateng ka ho li neha boto.” O ne a kholisehile hore Board of Standards and Appeals e ne e ke ke ea fetola melao ea eona ea litekanyetso tsa mehaho bakeng sa setša sena. Ha polane e se e amohetsoe, o ile a khotsa: “Khele, ho tlile joang!”

Larson o ile a tsoela pele ho bolela hore ke hobane ha ho ne ho nchafatsoa molao oa litekanyetso tsa mehaho setšeng sena bakeng sa mohaho oa rōna o mekato e leshome, litša tse haufinyane le tsona li ile tsa etsetsoa litekanyetso tse ncha, ho akarelletsa le sa mohaho o 160 Jay Street. ’Me se makatsang ke hore, litekanyetso tse ncha li ile tsa etsoa ho nahannoe ka hotele. Empa, Larson o ile a bontša hore e ne e le ntho eo ho seng motho ea kileng a e hlokomela—bonyane ha ea ka ea e-ba ho fihlela lilemong tse 25 hamorao, ka mor’a hore re qale ho batla setša sa ho haha lehae la Bethele le lecha. Ka nako eo molao oa litekanyetso tsa mehaho o ile oa boela oa fumanoa!

Mor’abo rōna Larson o ile a hlalosa se ileng sa etsahala: “Ha re ne re etsa polane ea mohaho oa bolulo o mekato e 30 ’me re e isa lefapheng la mohaho, re ile ra bolelloa: ‘Le ke ke la ba le mohaho oa bolulo sebakeng seo. Ke sebaka sa lifeme feela, ’me ba ke ke ba fetola tekanyetso eo molemong oa lōna.’

“Re ile ra bolella liofisiri: ‘Ha ho hlokahale hore ba e fetole, se se se abetsoe hotele.’ Ha ba sheba litlaleho, ba ile ba makala! Ha e le hantle, ke kamoo re ileng ra fumana mohaho oa rōna oa mekato e 30,” Larson o ile a phetha ka ho rialo.

Tlhohonolofatso ea Jehova e Totobetse

Mopesaleme oa Bibele o ile a ngola: “Ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” (Pesaleme ea 127:1) Ho hlakile hore tlhohonolofatso ea Jehova e ’nile ea ba mosebetsing oa kaho oa Lipaki tsa Jehova bakeng sa ho potlakisa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta lefatšeng ka bophara oo Jesu a laetseng balateli ba hae ho o etsa.—Matheu 24:14; 28:19, 20.

Ba bileng le tokelo ea ho utloa lenaneo ka la 18 September, 1995, ba ile ba thabela bopaki ba tlhohonolofatso e joalo katolosong ea ntlo-khōlō ea bahlanka ba Jehova. Batho ba Jehova ba ka kholiseha hore o tla tsoela pele ho ba hlohonolofatsa ha ba tsoela pele ho etsa seo a se laelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Watchtower ea June 15, 1969, maqepheng a 379-82.

b Molula-Qhooa oa December 1, 1982, maqepheng a 17-25.

c Awake! ea December 22, 1987, maqepheng a 16-18.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

90 Sands St. • 1995

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

E meng ea mehaho ea bolulo e eketsehileng e neng e neheloa

97 Columbia Hts. • 1986

Bossert Hotel, 98 Montague St. • 1983

34 Orange St. • 1945

Standish Hotel, 169 Columbia Hts. • 1981

67 Livingston St. • 1989

108 Joralemon St. • 1988

Towers Hotel, 79-99 Willow St. • 1975

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

175 Pearl St. • 1983

69 Adams St. • 1991

360 Furman St. • 1983

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela