Lebaka Leo ka Lona a Ileng a Sebelisa Lebitso le Leholo ka ho Fetisisa
“Ke entse sebe, ho latela e mong oa bahlahlobisisi ba ka, ka ho kenya lentsoe ‘Jehova’ ho e-na le ‘Morena,’ leo ka makholo a lilemo ka tloaelo le ’nileng la bolela ntho e le ’ngoe.”
Ena e ne e le tlhaloso ea J. J. Stewart Perowne selelekeleng sa khatiso ea hae ea bobeli ha a ne a fetolela buka ea Lipesaleme, e ileng ea qala ho hatisoa ka 1864. Mohlahlobisisi eo, ha a ngola ho Saturday Review ea la 2 July, 1864, o ile a hanyetsa ho sebelisoa ha lebitso la Molimo phetolelong ena, kaha le ne le se le sa sebelisoe ebang ke likerekeng tsa Sejuda kapa tsa Bokreste. O ile a bolela hore lebitso Jehova le amahanngoa haufi-ufi le Bajuda le hore ho lokela ho sebelisoe lentsoe le leng, le kang “Morena” kapa “Molimo,” “le se nang letho le amanang le sebaka kapa bochaba ka lona.”
Perowne ha aa ka a lumellana le mabaka ana, kaha o ne a sa “lakatse ho hlakola leha e le tlhaku e le ’ngoe” ea tšenolo ea Molimo ho batho. Ka nepo o ile a tsitlallela hore bafetoleli ba fetolelang lebitso la Molimo la Seheberu e le “Morena” ba hlōleha ho lemoha phapang pakeng tsa mantsoe a mabeli a Seheberu.
Ho feta moo, Perowne o ile a bolela hore ho na le ba boholong ba tšoanelehang ba amohetseng tsosoloso ea lebitso la Molimo. O ile a qotsa seroki se tumileng sa Lenyesemane Samuel Taylor Coleridge:
“Ke hobane’ng ha le tsoela pele ho fetolela Seheberu ho se isa Senyesemaneng ka mokena-lipakeng, le sebelisa Septuagint? Na ha rea ka ra amohela lentsoe la Seheberu Jehova? Na hase Κύριος, kapa Morena, ho Septuagint, tse emeng e le mehlala e se nang palo ea mantsoe a Segerike a emetseng lentsoe la Seheberu, Jehova? Kahoo ke hobane’ng ha re sa busetse lentsoe la qalong; ’me ka botšepehi re le fetolele e le Jehova ka Testamenteng ea Khale, ka ho sebelisa lentsoe Jehova; le litemaneng tsohle tsa Testamente e Ncha, tse supang ho ea Khale, ka lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng temaneng eo?”
Perowne o ile a lumela hore qapoliso e nepahetseng ea Litlhaku tse ’ne tsa Seheberu tse Emelang Lebitso la Molimo e lahlehile, empa o ile a hlalosa: “Haeba ke ka lebaka feela la litumela-khoela lebitso leo le ka khaotsoang ho sebelisoa Kerekeng ea Sejuda, hape haeba ke ka lebaka la ho kopitsoa ho Phetolelo ea Segerike le Selatine e sa tsoeng mohloling, Phetolelo ea rōna [ea Senyesemane] e lahlileng lentsoe leo, ana hase mabaka a kholisang a ho sitoa ho le khutlisetsa tšebelisong ea lona ea qalong.” Perowne o ile a amohela lebitso “Jehova” hobane le ne le tsebahala hantle. Ho tloha ka nako eo liphetolelo tse ngata tsa mehleng ea kajeno li ile tsa sebelisa lebitso leo la Molimo. New World Translation of the Holy Scriptures e sebelisa lebitso Jehova ka makhetlo a fetang 7 200 Mangolong a Seheberu le a Segerike a Bakreste.
Ha a fetolela Lipesaleme, Perowne o ile a leka ho khomarela “haufi-ufi tšobotsi ea Seheberu, lipolelong tsa maele le sebōpehong-puo.” Ha a fetolela Pesaleme ea 69, temana ea 5 le ea 6, o ile a bona ho hlokahala ho khetholla pakeng tsa mantsoe a Seheberu “Molimo” (ʼElo·himʹ), “Morena” (ʼAdho·naiʹ) le “Jehova”: “Oho Molimo [ʼElo·himʹ], Uena u tseba bothoto ba ka, ’me litlōlo tsa ka ha lia pateha ho Uena. Ba tšepileng Uena ba se ke ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la ka, Oho Morena [ʼAdho·naiʹ], Jehova (Molimo oa) makhotla. Ba se ke ba ferekana, ba batlang Uena, Oho Molimo oa Iseraele.”