“Nako ea ho Thōla le Nako ea ho Bua”
KE KA makhetlo a makae u kileng ua ikoahlaea ua re, “Hoja ka se ke ka rialo”? Empa, u ka ’na ua hopola linako tse ling tseo ka tsona u ileng ua hlōleha ho bua. Ha u hopola, e ka ’na eaba u ile ua nahana, ‘Hoja ka bua ho hong.’
Bibele e re ho na le “nako ea ho thōla le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:7, NW) Joale, bothata bo mona—ho etsa qeto ea hore na ke neng u lokelang ho bua le hore na ke neng u lokelang ho thōla. Tšekamelo ea rōna ea ho se phethahale hangata e re susumelletsa ho etsa le ho bua lintho ka nako e fosahetseng. (Baroma 7:19) Joale re ka laola maleme a rōna a sa laoleheng joang?—Jakobo 3:2.
Litsela Tsa ho Thapisa Leleme
Ho re thusa ho etsa qeto ea hore na ke neng re lokelang ho bua le hore ke neng re lokelang ho thōla, ha re hloke lethathamo le lelelele le reretsoeng ho akarelletsa boemo bo bong le bo bong bo ka ’nang ba hlaha. Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore re tataisoe ke litšoaneleho tseo e leng karolo ea bohlokoa ea botho ba Bokreste. Litšoaneleho tsee ke life?
Jesu Kreste o ile a hlalosa hore lerato ke tšoaneleho e ka sehloohong e susumetsang barutuoa ba hae. O itse: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ha re ntse re bontša lerato le joalo la bara ba motho haholoanyane, re tla laola maleme a rōna hamolemo haholoanyane.
Hape litšoaneleho tse peli tse amanang li tla re thusa haholo. E ’ngoe ea tsona ke boikokobetso. Bo re nolofaletsa ho ‘nka hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafilippi 2:3) E ’ngoe ke bonolo, e etsang hore re lule re “ithibile bobeng.” (2 Timothea 2:24, 25) Ho Jesu Kreste re na le mohlala o phethahetseng oa kamoo litšoaneleho tsena li lokelang ho sebelisoa.
Kaha ho thata haholoanyane ho laola maleme a rōna ha re le tlas’a khatello, a re nahaneng ka bosiu ba pele ho lefu la Jesu—nakong eo a neng a ‘khathatsehile habohloko.’ (Matheu 26:37, 38) Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a ikutloa ka tsela ena, kaha bokamoso ba ka ho sa feleng ba moloko oohle oa batho bo ne bo itšetlehile ka hore a lule a tšepahala ho Molimo.—Baroma 5:19-21.
Ka sebele ena e ne e le nako ea hore Jesu a bue le Ntate oa hae oa leholimo. Ka hona o ile a tloha a ea rapela, a kōpa barutuoa ba hae ba bararo ho tsoela pele ba lebetse. Ka mor’a nako e itseng o ile a tla ’me a ba fumana ba robetse. Ha a bona seo o ile a re ho Petrose: “Na le ne le sa khone leha e se e le ho lebela le ’na hora e le ’ngoe?” Khalemelo ena e lerato e ile ea lateloa ke mantsoe a neng a bontša hore o utloisisa bofokoli ba bona. O ile a re: “Moea o na le taba-tabelo, empa nama ea fokola.” Hamorao, Jesu o ile a boela a tla ’me a fumana barutuoa ba robetse. O ile a bua le bona ka mosa ’me “a tloha ’me a rapela ka lekhetlo la boraro.”—Matheu 26:36-44.
Ha Jesu a fumana barutuoa ba robetse ka lekhetlo la boraro, o ne a sa halefa empa o ile a re: “Ka nako e kang ee le robetse ’me le iphomoletse! Bonang! Hora e atametse ea hore Mora oa motho a ekeloe matsohong a baetsalibe.” (Matheu 26:45) Ke feela motho eo pelo ea hae e tletseng lerato, ea bonolo le ea ikokobelitseng e le kannete, ea neng a ka sebelisa leleme ka tsela eo nakong e thata joalo.—Matheu 11:29; Johanne 13:1.
Kapele ka mor’a moo, Jesu o ile a tšoaroa ’me a qosoa. Mona re ithuta hore ka linako tse ling ho molemo ho thōla, esita leha re le tšebeletsong ea rōna ea Bokreste. Kaha ba ne ba ikemiselitse ho tsoakeletsa Jesu ka bolotsana, baprista ba baholo ba ne ba sa thahaselle ho ithuta ’nete ho hang. Ka hona tikolohong ena e mabifi, Jesu o ile a lula a thōtse.—Bapisa le Matheu 7:6.
Leha ho le joalo Jesu ha aa ka a lula a thōtse ha moprista e moholo a ne a laela: “Ke u antša ka Molimo ea phelang hore u re bolelle hore na u Kreste Mora oa Molimo!” (Matheu 26:63) Kaha Jesu o ne a antšitsoe, e ne e le nako ea hore a bue. Ka hona o ile a araba: “Uena ka bouena u ho boletse. Empa leha ho le joalo ke re ho lōna, Ho tloha joale ho ea pele le tla bona Mora oa motho a lutse ka letsohong le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.”—Matheu 26:64.
Letsatsing leo la bohlokoa, Jesu o ile a laola leleme la hae ka ho phethahetseng. Tabeng ea hae, lerato, bonolo le boikokobetso li ne li bōpelletsoe bothong ba hae. Re ka sebelisa litšoaneleho tsee joang bakeng sa ho laola maleme a rōna ha re le tlas’a khatello?
Ho Laola Leleme ha re Halefile
Ha re halefa, hangata ha re khone ho laola maleme a rōna. Ka mohlala, Pauluse le Barnabase ba kile ba fapana ka maikutlo. “Barnabase o ne a ikemiselitse ho nka le Johanne, ea neng a bitsoa Mareka, hore ba tsamaee le eena. Empa Pauluse o ne a sa nahane hore ho loketse ho nka enoa hore ba tsamaee le eena, kaha o ne a tlohile ho bona Pamfilia ’me a sa ea le bona mosebetsing. Eaba ho ba le ho phatloha ho hoholo ka bohale, hoo ba ileng ba arohana.”—Liketso 15:37-39.
Michael,a eo ka lilemo tse itseng a sebelitseng mererong ea kaho, oa pheta: “Ho ne ho e-na le motho setšeng sa kaho eo ke neng ke mo tseba hantle ke bile ke mo hlompha. Empa ho ne ho bonahala eka o tšoaea mosebetsi oa ka phoso ka linako tsohle. Ke ne ke utloa bohloko ’me ke khopeha empa ke sa ntše maikutlo a ka. Ka letsatsi le leng lintho li ile tsa fihla sehlohlolong ha a ne a tšoaea mosebetsi oo ke neng ke sa tsoa o etsa phoso.
“Ka bolokolohi ke ile ka ntša maikutlo a ka ’ohle ao ke a patileng. Ke halefile joalo, ke ne ke sa elelloe phello e mpe eo sena se tlamehang se tla ba le eona ho ba re potileng. Letsatsing leo lohle, ke ne ke sa batle ho bua le eena esita le hona ho ’mona. Ke hona ke hlokomelang hore ha kea ka ka sebetsa bothata bona hantle. Ho ka be ho bile molemo haholo hoja ka thōla ’me ka bua ha khalefo ea ka e theohile.”
Hoa thabisa hore ebe lerato la Bokreste le ile la susumetsa batho bana ba babeli ho rarolla liphapang tsa bona. Michael oa hlalosa: “Ka mor’a puisano e tobileng, re utloana hamolemo, ’me hona joale re metsoalle ea hlooho ea khomo.”
Joalokaha Michael a ile a ithuta, haeba re iphumana re halefile, ka linako tse ling ho molemo ho thōla. Liproverbia 17:27 (NW) e re: “Motho ea nang le temoho o khutsitse moeeng.” Temoho le lerato la bara ba motho li tla re thusa ho laola tšusumetso ea rōna ea ho phasoloha ntho e utloisang bohloko. Haeba re khopisitsoe, a re bueng le motho e mong re le bang ka moea o bonolo oa boikokobetso, ka morero oa ho tsosolosa khotso. Ho thoe’ng haeba motho a se a ile a phasoloha ka bohale? Joale lerato le tla re susumeletsa ho hatella boikakaso ba rōna le hore ka boikokobetso re batle ho lokisa litaba. Ena ke nako ea ho bua, ho bontša ho ikoahlaea le ho folisa maikutlo a bohloko ka puisano e tšepahalang.—Matheu 5:23, 24.
Ha ho Thōla e se Tharollo
Ho halefa kapa ho khopeha ho ka ’na ha etsa hore re shape motho ea re khopisang ka ho thōla. Sena se ka ba kotsi haholo. María,b o tsoa ka litaba o re: “Selemong sa pele sa lenyalo la rōna, ho ne ho e-ba le linako tseo ke neng ke sa buise monna oa ka ka matsatsi a mangata lekhetlo ka leng. Hangata e ne e se ka lebaka la mathata a maholo empa, ho e-na le hoo, e le ka lebaka la ho bokella likhopiso tse nyenyane. Ke ile ka lula ke thuisa ka likhopiso tsena kaofela ho fihlela li fetoha tšitiso e kang thaba. Joale ho ile ha tla nako eo ka eona ke neng ke sitoa ho mamella, ’me ke ile ka khaotsa ho bua le monna oa ka ho fihlela ha tsieleho ea ka e feta.”
María oa eketsa: “Temana e ’ngoe ea Bibele—‘letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa’—e ile ea nthusa ho lokisa monahano oa ka. ’Na le monna oa ka re ile ra sebetsa ka thata ho ntlafatsa puisano, ka hona mathata ha aa ka a eketseha. Ho ne ho se bonolo, empa ka mor’a lilemo tse leshome re nyalane, ke thabela ho bolela hore linako tsena tsa ho thōla ho sa nahaneleng li ba teng seoelo. Leha ho le joalo, ke tlameha ho lumela hore ke sa ntse ke sebeletsa ho laola tšekamelo ena.”—Baefese 4:26.
Joalokaha María a ile a hlokomela, ha likhohlano li le teng pakeng tsa batho ba babeli, ho khaotsa ha puisano hase tharollo. Tlas’a maemo ao, ho ka etsahala hore lehloeo le hōle, ’me kamano e ka ’na ea senyeha. Jesu o itse re lokela ho ‘lokisa litaba kapele.’ (Matheu 5:25) “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang” e ka re thusa ho ‘phehella khotso.’—Liproverbia 25:11; 1 Petrose 3:11.
Hape ho hlokahala hore re bue ha re hloka thuso. Haeba re mahlomoleng ka lebaka la bothata bo itseng ba moea, re ka ’na ra ikutloa re le leqe ho imetsa ba bang. Empa haeba re thōla, bothata bo ka ’na ba mpefala. Baholo ba Bakreste ba khethiloeng baa re hlokomela ’me, haeba re tla ba lumella, ha ho pelaelo hore ba thahasella ho thusa. Ena ke nako eo ka eona re lokelang ho bua.—Jakobo 5:13-16.
Ka holimo ho tsohle, re lokela ho bua le Jehova kamehla thapelong e tlohang pelong, joalokaha Jesu a ile a etsa. Ka sebele, a re ‘tšolleleng lipelo tsa rōna’ ho Ntate oa rōna oa leholimo.—Pesaleme ea 62:8; bapisa le Baheberu 5:7.
“Nako ea ho Bua” ka ’Muso oa Molimo
Tšebeletso ea Bokreste ke thōmo e tsoang ho Molimo e tlamehang ho phethoa pele bofelo bo e-tla. Ho feta leha e le neng pele, ke habohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mareka 13:10) Joaloka baapostola, Bakreste ba ’nete ‘ba ke ke ba khaotsa ho bua ka lintho tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng.’—Liketso 4:20.
Ho hlakile hore hase e mong le e mong ea batlang ho utloa litaba tse molemo. Ha e le hantle, ha a roma barutuoa ba hae ho ea bolela, Jesu o ile a ba eletsa hore ba ‘batle ba tšoanelehang.’ Kaha Jehova le ka mohla ha a qobelle mang kapa mang ho mo rapela, re ne re ke ke ra tsoela pele hore ka manganga re buisane le motho eo ka tieo a hanyetsang molaetsa oa ’Muso. (Matheu 10:11-14) Empa re thabela ho bua ka borena ba Jehova ho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Liketso 13:48; Pesaleme ea 145:10-13.
Lerato, bonolo le boikokobetso ke litšoaneleho tse ka re thusang ho laola tšekamelo ea rōna ea ho se phethahale ea ho potlakela ho bua kapa ho thōla ka mokhoa o bakang tsitsipano. Ha re ntse re hōla litšoanelehong tsena, re tla hlomelloa hamolemo ho khetholla nako e nepahetseng le e fosahetseng ea ho bua.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la sebele.
b Hase lebitso la hae la sebele.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Mathata a ka rarolloa ka puisano e molemo