Re Lokela ho Rapela Molimo Joang?
HA MORUTUOA a kōpa thupelo mabapi le thapelo, Jesu ha aa ka a hana ho mo fa eona. Ho latela Luka 11:2-4, o ile a arabela: “Ha le rapela, le re: Ntate, lebitso la hao le halaletsoe. ’Muso oa hao o tle. Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi le leng le le leng. ’Me u re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato le rōna. ’Me u se ke ua re isa molekong.” (Douay Version ea K’hatholike) Ka ho tloaelehileng ena e tsejoa e le Thapelo ea Morena. E fetisa boitsebiso bo bongata.
Taba ea pele, mantsoe a qalang ka booona a re bolella hore na lithapelo tsa rōna li tšoanela ho lebisoa ho mang—ho Ntate oa rōna. Hlokomela hore Jesu ha aa ka a fana ka sebaka leha e le sefe bakeng sa ho rapela batho ba bang, setšoantšo, “mohalaleli” kapa esita le eena. Ha e le hantle, Molimo o ne a boletse: “Nke ke ka neha e mong khanya ea ka, leha e le ho neha lintho tse betliloeng thoriso ea ka.” (Esaia 42:8, Dy) Ka hona, lithapelo tse lebisoang ho ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ntle ho Ntate oa rōna oa leholimo ha a li utloe, ho sa tsotellehe hore na morapeli e ka ba ea tšepahalang hakae. Ka Bibeleng, ke Jehova Molimo feela ea bitsoang “Ea utloang merapelo.”—Pesaleme ea 65:2.
Ba bang ba ka ’na ba bolela hore “bahalaleli” ba sebetsa feela joaloka babuelli ho Molimo. Empa Jesu ka boeena o ile a ruta: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho le ea mong ea tlang ho Ntate haese ka ’na. Hape, eng kapa eng eo le e kōpang ka lebitso la ka, ka sebele ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa mabapi le Mora.” (Johanne 14:6, 13) Ka tsela eo, Jesu o ile a qhelela thōko maikutlo a hore motho leha e le mang ea bitsoang mohalaleli a ka sebeletsa e le ’muelli. Hlokomela hape seo moapostola Pauluse a ileng a se bolela mabapi le Kreste: “Ha aa re shoela feela—o tsohile bafung, ’me o eme moo letsohong le letona la Molimo ’me o re kōpela ka tieo.” “O phela ka ho sa feleng e le ho buella bohle ba tlang ho Molimo ka eena.”—Baroma 8:34; Baheberu 7:25, Jerusalem Bible ea K’hatholike.
Lebitso le Tlamehang ho Halaletsoa
Mantsoe a hlahlamang a thapelo ea Jesu e ile ea e-ba: “Lebitso la hao le halaletsoe.” Ke joang motho a neng a ka halaletsa, ka mantsoe a mang a hloekisa, kapa a khetha lebitso la Molimo ntle leha eo a ne a le tseba le ho le sebelisa? “Testamenteng ea Khale,” Molimo o tsebahatsoa ka lebitso la hae la botho, Jehova, ka makhetlo a ka holimo ho 6 000.
Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Exoda 6:3, ho ea ka Douay Version ea K’hatholike o re mabapi le lebitso la Molimo: “Batho ba bang ba litumelo tsa morao ba qapile lebitso la Jehova . . . , hobane ho bitsoa ho nepahetseng ha lebitso [la Molimo], ho leng ka tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ho se ho lahlehile ka ho feletseng ka lebaka la ho se sebelisoe ka nako e telele.” Ke ka lebaka leo New Jerusalem Bible ea K’hatholike e sebelisang lebitso Yahweh. Le hoja litsebi tse ling li rata ha le bitsoa joalo, “Jehova” ke mokhoa o loketseng le oo e leng khale o tiisitsoe oa ho bitsa lebitso la Molimo ka Sesotho. Lipuo tse ling li na le mekhoa ea tsona ea ho bitsa lebitso la Molimo. Ntlha ea bohlokoa ke hore re sebelise lebitso leo e le ho le halaletsa. Na kereke ea hao e u rutile ho sebelisa lebitso Jehova, thapelong?
Litaba Tse Loketseng Tse ka Rapelloang
Ka mor’a moo, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapela: “’Muso oa hao o tle.” Kosepele ea Matheu e phaella ka mantsoe ana: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.” (Matheu 6:10, Dy) ’Muso oa Molimo ke ’muso o matsohong a Jesu Kreste. (Esaia 9:6, 7) Ho latela boprofeta ba Bibele, haufinyane o tla tlosa mebuso eohle ea batho ’me o tlise nako ea khotso ea lefatše lohle. (Pesaleme ea 72:1-7; Daniele 2:44; Tšenolo 21:3-5) Ka hona, Bakreste ba ’nete ba etsa ho tla ha ’Muso sehlooho se hlahang khafetsa lithapelong tsa bona. Na kereke ea hao e u rutile ho etsa joalo?
Ka ho thahasellisang, Jesu o ile a boela a bontša hore lithapelo tsa rōna li ka kopanyelletsa litaba tsa botho tse re amang. O ile a re: “Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi le leng le le leng. ’Me u re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato le rōna. ’Me u se ke ua re isa molekong.” (Luka 11:3, 4, Dy) Mantsoe a Jesu a fana ka maikutlo a itseng a hore re ka batla thato ea Molimo litabeng tsa letsatsi le letsatsi, hore re ka atamela Jehova ka ntho leha e le efe e re khathatsang kapa e tšoenyang khotso ea rōna ea kelello. Ho kōpa Molimo ka matla ka mokhoa ona kamehla, ho re thusa ho utloisisa ka ho feletseng ho itšetleha ha rōna ka eena. Ka tsela ena, re hlokomela haholoanyane tšusumetso ea hae bophelong ba rōna. Ka tsela e tšoanang, ho kōpa Molimo kamehla hore a re tšoarele litšito tsa rōna ho molemo. Ka mokhoa oo, re elelloa mefokolo ea rōna haholoanyane—’me re mamella haholoanyane bofokoli ba ba bang. Khothatso ea Jesu ea hore re rapelle ho lopolloa molekong le eona e nepahetse, haholo-holo ka lebaka la boitšoaro ba lefatše lena bo ntseng bo nyehla. Tumellanong le thapelo eo, re ela seli hore re qobe liketsahalo le maemo tse ka re lebisang ho etseng liphoso.
Ka hona, ha ho pelaelo hore Thapelo ea Morena e re bolella ho hongata mabapi le ho etsa lithapelo tse khahlisang Molimo. Empa na Jesu o ne a fana ka boikutlo ba hore re amohele thapelo ee le ho e pheta ka hlooho kamehla?
Keletso e Eketsehileng Mabapi le Thapelo
Jesu o ile a fana ka litaelo tse eketsehileng mabapi le thapelo. Ho Matheu 6:5, 6, rea bala: “Ha le rapela, le se ke la ba joaloka baikaketsi; hobane ba rata ho rapela ba eme ka lisynagogeng le likhutlong tsa litsela tse sephara hore ba bonahale ho batho. . . . Leha ho le joalo, uena, ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ea botho ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntate oa hao ea leng sephiring; joale Ntate oa hao ea talimang sephiring o tla u buseletsa.” Mantsoe ana a re ruta hore thapelo ha ea lokela ho etsoa ka mokhoa oa ho hapa tlhokomelo, oa mponeng, e le ho khahlisa e mong. Na u tšollela pelo ea hao ho Jehova lekunutung, joalokaha Bibele e khothalletsa?—Pesaleme ea 62:8.
Jesu o ile a fana ka tlhokomeliso ena: “Lithapelong tsa lōna le se ke la peteketsa joalokaha bahetene ba etsa, kaha ba nahana hore ka ho sebelisa mantsoe a mangata ba tla etsa hore ba utluoe.” (Matheu 6:7, JB) Ka ho hlaka, Jesu ha aa ka a amohela lithapelo tse tšoeroeng ka hlooho—kapa tsona tse baloang libukeng tse itseng. Mantsoe a hae a boetse a qhelela thōko tšebeliso ea rosari.
’Misale ea K’hatholike e amohela sena: “Lithapelo tsa rōna tse molemohali e ka ba tsa mehopolo ea rōna e itlelang feela, ha re retelehela ho eena ka teboho kapa re hloka, linakong tsa ho sareloa kapa ho mo tlotleng ha rōna ha letsatsi le leng le le leng.” Lithapelo tsa Jesu li ne li itlela feela, o ne a sa li tšoara ka hlooho. Ka mohlala, bala thapelo ea Jesu e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 17. E iphaphathile ka thapelo ea mohlala, e hatisa takatso ea Jesu ea ho bona lebitso la Jehova le halaletsoa. Thapelo ea Jesu e ne e itlela feela ’me ka ho feletseng e tloha pelong.
Lithapelo Tseo Molimo a li Utloang
Haeba u rutiloe ho etsa lithapelo tse tšoeroeng ka hlooho, ho rapela “bahalaleli” kapa litšoantšo, kapa ho sebelisa thepa ea bolumeli e kang rosari, khopolo ea ho rapela ka mokhoa oo Jesu a o bontšitseng e ka ’na ea bonahala e tšosa qalong. Leha ho le joalo, senotlolo ke ho tseba Molimo—lebitso la hae, merero ea hae, botho ba hae. U ka finyella sena ka ho ithuta Bibele ka ho feletseng. (Johanne 17:3) Lipaki tsa Jehova ke malala-a-laotsoe ’me li ikemiselitse ho u thusa ntlheng ena. Ka sebele, li thusitse limilione ho pota lefatše hore li ‘latsoe, li bone hoba Jehova o molemo’! (Pesaleme ea 34:8) Ha u ntse u tseba Molimo haholoanyane, u tla susumelletseha ho mo rorisa haholoanyane thapelong. ’Me ha u atamela ho Jehova haholoanyane ka thapelo e hlomphang, kamano ea hao le eena e tla momahana haholoanyane.
Ka hona, barapeli bohle ba ’nete ba Molimo ba phehelloa ho ‘rapela ba sa phetse.’ (1 Bathesalonika 5:17) Tiisa hore lithapelo tsa hao ka sebele li tumellanong le Bibele, ho kopanyelletsa le litaelo tsa Jesu Kreste. Ka tsela ena, u ka kholiseha hore lithapelo tsa hao li tla fumana kamohelo ea Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha re ithuta haholoanyane ka Jehova, re susumelletseha haholoanyane ho mo rapela ho tsoa pelong