Ho Phela Tumellanong le Molao oa Kreste
“Tsoelang pele ho jarelana meroalo, ’me kahoo le phethahatse molao oa Kreste.”—BAGALATA 6:2.
1. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore molao oa Kreste ke tšusumetso e matla ea se molemo kajeno?
RWANDA, Lipaki tsa Jehova tsa Mahutu le tsa Matutsi li ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing bakeng sa ho sireletsana polaong ea morabe e sa tsoa etsahala ho pholletsa le naha eo. Lipaki tsa Jehova tsa Kobe, Japane, tse ileng tsa lahleheloa ke litho tsa malapa a tsona tšisinyehong ea lefatše e senyang li ile tsa ferekanngoa ke tahlehelo ea tsona. Empa, hang-hang li ile tsa nka bohato ho pholosa bahlaseluoa ba bang. E, mehlala e thobang pelo ho pota lefatše e bontša hore molao oa Kreste oa sebetsa kajeno. Ke tšusumetso e matla bakeng sa se molemo.
2. Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile ho utloisisa molao oa Kreste joang, hona re ka etsa’ng ho phethahatsa molao oo?
2 Ka nako e tšoanang, boprofeta ba Bibele bo mabapi le ‘matsatsi ana a ho qetela’ a mahlonoko boa phethahala. Ba bangata ba na le “ponahalo ea boinehelo ba bomolimo” empa “ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Timothea 3:1, 5) Haholo-holo Bokreste-’mōtoaneng, hangata bolumeli ke taba ea ho iphaphatha le melao e tloaelehileng, e seng taba ea pelo. Na ke kahobane ho le thata haholo ho phela tumellanong le molao oa Kreste? Che. Jesu o ne a ke ke a re fa molao o neng o ke ke oa bolokoa. Bokreste-’mōtoana bo mpa feela ho hlōlehile ho utloisisa molao oo. Bo hlōlehile ho ela hloko mantsoe ana a bululetsoeng: “Tsoelang pele ho jarelana meroalo, ’me kahoo le phethahatse molao oa Kreste.” (Bagalata 6:2) Re ‘phethahatsa molao oa Kreste’ ka ho jarelana meroalo, e seng ka ho etsisa Bafarisi ’me re imetsa barab’abo rōna ntle ho lebaka.
3. (a) Litaelo tse ling tse kenyelelitsoeng molaong oa Kreste ke life? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho tla fosahala ho etsa qeto ea hore phutheho ea Bokreste ha ea lokela ho ba le melao ntle ho litaelo tse tobileng tsa Kreste?
3 Molao oa Kreste o akarelletsa litaelo tsohle tsa Kreste Jesu—ebang ke tsa ho bolela le ho ruta, ho boloka leihlo le hloekileng le le talimang ’nģa e le ’ngoe, ho sebeletsa ho boloka khotso le baahisani ba rōna kapa ho tlosa litšila phuthehong. (Matheu 5:27-30; 18:15-17; 28:19, 20; Tšenolo 2:14-16) Ka sebele, Bakreste ba tlameha ho boloka litaelo tsohle tse ka Bibeleng tse lebisitsoeng ho balateli ba Kreste. ’Me ho na le ho eketsehileng. Mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng, esita le liphutheho ka bonngoe li lokela ho etsa melao e hlokahalang le ho hlophisa mekhoa ea ho etsa lintho e le hore tlhophiso e ntle e ka bolokoa. (1 Bakorinthe 14:33, 40) Bakreste ba ne ba ke ke ba kopana hammoho haeba ba ne ba se na melao e mabapi le hore na liboka tse joalo li tšoaroa neng, li tšoareloa hokae le hore na li tšoaroe joang! (Baheberu 10:24, 25) Ho sebetsa tumellanong le lintlha tse tataisang tse utloahalang tse entsoeng ke ba filoeng matla a ho laela ka mokhatlong o hlophisitsoeng le hona ke karolo ea ho phethahatsa molao oa Kreste.—Baheberu 13:17.
4. Borapeli bo hloekileng bo susumetsoa ke eng?
4 Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba lumelle borapeli ba bona hore e be tokisetso ea melao e se nang morero. Ha ba sebeletse Jehova feela hobane motho e mong kapa mokhatlo o itseng o ba bolella ho etsa joalo. Ho e-na le hoo, borapeli ba bona bo susumetsoa ke lerato. Pauluse o ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.” (2 Bakorinthe 5:14; bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba ratane. (Johanne 15:12, 13) Lerato la boitelo ke motheo oa molao oa Kreste, ’me le tlama Bakreste ba ’nete libakeng tsohle kapa lea ba susumetsa, ka lapeng le ka phuthehong. A re boneng hore na joang.
Ka Lapeng
5. (a) Batsoali ba ka phethahatsa molao oa Kreste joang lapeng? (b) Bana ba hloka eng ho batsoali ba bona, ’me ke litšitiso life tseo batsoali ba bang ba tlamehang ho li hlōla e le hore ba ka fana ka eona?
5 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa eona.” (Baefese 5:25) Ha monna a etsisa Kreste ’me a tšoara mosali oa hae ka lerato le ka kutloisiso, o phetha karolo ea bohlokoa ea molao oa Kreste. Ho feta moo, Jesu o ile a bontša phatlalatsa boikutlo bo mofuthu ho bana ba banyenyane, a ba sika, a beha matsoho holim’a bona, ’me a ba hlohonolofatsa. (Mareka 10:16) Batsoali ba phethang molao oa Kreste le bona ba bontša boikutlo bo mofuthu bakeng sa bana ba bona. Ka sebele, ho na le batsoali ba ho nkang e le phephetso ho etsisa mohlala oa Jesu tabeng ena. Ba bang ka tlhaho ha baa sekamela ho bontšeng boikutlo ba bona phatlalatsa. Batsoali, le se ke la lumella menahano e joalo ho le thibela ho bontša bana ba lōna lerato leo le ikutloang hore le ba rata ka lona! Ha hoa lekana hore le tsebe hore le rata bana ba lōna. Le bona ba tlameha ho tseba seo. ’Me ba ke ke ba se tseba ntle le hore le fumane litsela tsa ho ba bontša lerato la lōna.—Bapisa le Mareka 1:11.
6. (a) Na bana ba hloka melao ea batsoali, hona ke hobane’ng ha u araba ka tsela eo? (b) Ho hlokahala hore bana ba utloisise lebaka lefe le ka sehloohong la melao ea lelapa? (c) Ho qojoa likotsi life ha molao oa Kreste o rena ka lapeng?
6 Ka nako e tšoanang, bana ba hloka lintlha tse tataisang, e leng se bolelang hore ho hlokahala hore batsoali ba bona ba ba behele melao ’me ka linako tse ling ba ba qobelle ho mamela melao ena ka ho ba laea. (Baheberu 12:7, 9, 11) Leha ho le joalo, bana ba tlameha ho thusoa mohato ka mohato ho bona lebaka le ka sehloohong la melao ena: batsoali ba bona baa ba rata. ’Me ba tlameha ho ithuta hore lerato ke lebaka le molemohali la hore ba mamele batsoali ba bona. (Baefese 6:1; Bakolose 3:20; 1 Johanne 5:3) Pakane ea motsoali ea nang le temoho ke ho ruta ba banyenyane ho sebelisa ‘matla a bona a ho nahana’ e le hore qetellong ba ka iketsetsa liqeto tse molemo. (Baroma 12:1; bapisa le 1 Bakorinthe 13:11.) Ka lehlakoreng le leng, melao ha ea lokela ho ba mengata haholo leha e le hona hore taeo e lokela ho ba thata haholo. Pauluse o re: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21; Baefese 6:4) Ha molao oa Kreste o rena ka lapeng, ha ho sebaka sa taeo e etsoang ka bohale bo sa laoleheng kapa ho phoqa ho bohloko. Lapeng le joalo, bana ba ikutloa ba sireletsehile ba bile ba hahehile, ba sa imetsoa leha e le hona ho nyelisoa.—Bapisa le Pesaleme ea 36:7.
7. Mahae a Bethele a ka fana ka mohlala ka litsela life mabapi le ho etsa melao ka lapeng?
7 Ba bang ba kileng ba etela mahae a Bethele ho pota lefatše ba bolela hore mahae a joalo ke mehlala e metle ea ho leka-lekana tabeng ea melao ea lelapa. Le hoja litsi tse joalo e le tsa batho ba baholo, li sebetsa haholo joaloka malapa.a Mekhoa ea tšebetso ea Bethele e rarahane ’me e hloka palo e lekaneng ea melao—ka sebele e fetang ea lelapa le tloaelehileng. Leha ho le joalo, baholo ba etellang pele tšebetsong ea mahae a Bethele, ea liofisi le ea fektheri ba leka ka matla ho sebelisa molao oa Kreste. Ba ho talima e le kabelo ea bona hore ba se ke ba hlophisa mosebetsi feela empa hape ba khothalletse tsoelo-pele ea moea le “thabo ea Jehova” har’a basebetsi-’moho le bona. (Nehemia 8:10) Ka hona, ba leka ka matla ho etsa lintho ka tsela e molemo le e khothatsang ’me ba loanela ho ba ba nahanelang maemo. (Baefese 4:31, 32) Ha ho makatse hore ebe mahae a Bethele a tsebahala ka moea oa ’ona oa thabo!
Ka Phuthehong
8. (a) Kamehla pakane ea rōna e lokela ho ba efe ka phuthehong? (b) Ke tlas’a maemo afe ba bang ba ileng ba kōpa melao kapa ba leka ho e etsa?
8 Ka phuthehong ka ho tšoanang ke pakane ea rōna ho hahana ka moea oa lerato. (1 Bathesalonika 5:11) Ka hona Bakreste bohle ba lokela ho hlokomela hore ba se ke ba eketsa meroalo ea ba bang ka ho itjarisa boikarabelo ba ho qobella maikutlo a bona litabeng tsa boikhethelo ba botho. Ka linako tse ling, ba bang ba ngolla Mokhatlo oa Watch Tower ba kōpa liqeto litabeng tse kang pono eo ba lokelang ho ba le eona mabapi le libaesekopo tse itseng, libuka esita le lintho tsa ho bapala. Empa, Mokhatlo ha o na matla a ho phenya-phenya lintho tse joalo ebe o fana ka liqeto ho tsona. Maemong a mangata, litaba tsena ke tseo motho ka mong kapa hlooho ea lelapa a lokelang ho li etsetsa qeto, e thehiloeng leratong la hae la melao-motheo ea Bibele. Tšekamelo ea ba bang ke ho fetola litlhahiso le lintlha tse tataisang tsa Mokhatlo melao. Ka mohlala, tokollong ea Molula-Qhooa ea March 15, 1996, ho ne ho e-na le sehlooho se khothalletsang baholo ho etsa maeto a bolisa a kamehla lithong tsa phutheho. Na morero e ne e le ho etsa melao? Che. Le hoja ba khonang ho latela litlhahiso tseo ba fumana melemo e mengata, baholo ba bang ha ba khone ho etsa joalo. Ka ho tšoanang, sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong ea Molula-Qhooa ea April 1, 1995, se ile sa lemosa ka ho tlosa ketsahalo ea kolobetso seriti ka ho feteletsa litaba, ho kang ho etsa liphathi tse sa laoleheng kapa ho hlophisa mekete. Ba bang ba sebelisitse ka ho feteletseng keletso ena e bontšang ho hōla tsebong, ba bile ba etsa molao oa hore ho romela karete e khothatsang ketsahalong ena e ne e tla ba phoso!
9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re qobe ho nyatsana ka ho feteletseng le ho tšoaea-tšoaeana liphoso?
9 Hape, nahana hore haeba ‘molao o phethahetseng oo e leng oa tokoloho’ o tla rena ka har’a rōna, re tlameha ho amohela hore matsoalo a Bakreste ha a tšoane. (Jakobo 1:25) Na re lokela ho khopeha haeba batho ba iketsetsa liqeto tse sa tlōleng melao-motheo ea Mangolo? Che. Ka ho etsa joalo re ne re tla baka likhaohano. (1 Bakorinthe 1:10) Pauluse, ha a re lemosa ka ho ahlola Mokreste-’moho le rōna, o itse: “Ho mong’a hae oa ema kapa oa oa. Ka sebele, o tla emisoa, kaha Jehova a ka mo emisa.” (Baroma 14:4) Re ipeha kotsing ea ho se thabise Molimo haeba re buana hampe ka litaba tse lokelang ho siuoa letsoalong la motho.—Jakobo 4:10-12.
10. Ke bo-mang ba filoeng kabelo ea ho lebela phutheho, hona re lokela ho ba tšehetsa joang?
10 Hape, a re hopoleng hore baholo ba abetsoe ho lebela mohlape oa Molimo. (Liketso 20:28) Ba teng bakeng sa ho thusa. Re lokela ho ikutloa re lokolohile ho ba atamela bakeng sa keletso, hobane ke liithuti tsa Bibele ’me ba tloaelane le se hlahlobiloeng ho lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Ha baholo ba bona boitšoaro boo mohlomong bo ka lebisang tlōlong ea melao-motheo ea Mangolo, ba fana ka keletso e hlokahalang ba sa tšabe. (Bagalata 6:1) Litho tsa phutheho li latela molao oa Kreste ka ho sebelisana le balisa bana ba ratehang, ba etellang pele har’a bona.—Baheberu 13:7.
Baholo Sebelisang Molao oa Kreste
11. Baholo ba sebelisa molao oa Kreste joang ka phuthehong?
11 Baholo ba laba-labela ho phetha molao oa Kreste ka phuthehong. Ba etella pele ho boleleng litaba tse molemo, ho ruteng Bibele e le hore ba ka finyella lipelo ’me, joaloka balisa ba lerato, ba bonolo, ba bua le “lisoule tse tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:14) Ba qoba maikutlo ao e seng a Bokreste a leng teng malumeling a mangata a Bokreste-’mōtoana. Ka sebele, lefatše lena le senyeha ka potlako, ’me joaloka Pauluse, baholo ba ka ’na ba ikutloa ba amehile ka mohlape; empa ba boloka ho leka-lekana ha ba nka bohato mabapi le litaba tse joalo.—2 Bakorinthe 11:28.
12. Ha Mokreste a kōpa thuso ho moholo, moholo a ka ’na a arabela joang?
12 Ka mohlala, Mokreste a ka ’na a lakatsa ho kōpa keletso ho moholo e mong mabapi le taba e itseng ea bohlokoa eo Mangolo a sa bueng ka eona ka ho toba kapa e hlokang hore ho leka-lekanngoe melao-motheo ea Bokreste e fapa-fapaneng. Mohlomong o tšepisitsoe bophahamo mosebetsing bo nang le moputso o motlenyana empa boikarabelo ba bona e le bo eketsehileng. Kapa ntate ea sa lumelang oa Mokreste e monyenyane a ka ’na a fa mora oa hae litaelo tse neng li ka ama tšebeletso ea hae. Maemong a joalo moholo o qoba ho fana ka maikutlo a botho. Ho e-na le hoo, mohlomong o tla phetla Bibele ’me a thuse motho eo ho nahana motheong oa melao-motheo e amehang. A ka ’na a sebelisa Watch Tower Publications Index, haeba e le teng, ho fumana seo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le se buileng ka taba eo ho Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling. (Matheu 24:45) Ho thoe’ng haeba ka mor’a moo Mokreste a etsa qeto e bonahalang e se bohlale ho moholo? Haeba qeto eo ha e tlōle melao-motheo kapa melao ea Bibele ka ho toba, Mokreste o tla lemoha hore moholo o hlokomela tokelo ea motho ka mong ea ho etsa qeto e joalo, a tseba hore “e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho hopola hore “leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula.”—Bagalata 6:5, 7.
13. Ho e-na le ho fana ka likarabo tse tobileng lipotsong kapa ho fana ka maikutlo a bona, ke hobane’ng ha baholo ba thusa ba bang ho nahana litabeng tse itseng?
13 Ke hobane’ng ha moholo ea nang le phihlelo a sebetsa litaba ka tsela ee? Bonyane ka mabaka a mabeli. La pele, Pauluse o ile a bolella phutheho e ’ngoe hore e ne e se ‘monghali holim’a tumelo ea bona.’ (2 Bakorinthe 1:24) Moholo, ha a thusa mor’abo ho nahana motheong oa Mangolo le ho iketsetsa qeto e thehiloeng tsebong, o etsisa boikutlo ba Pauluse. O hlokomela hore matla a hae a ho laela a na le meeli, feela joalokaha Jesu a ile a hlokomela hore matla a hae a ho laela a ne a e-na le meeli. (Luka 12:13, 14; Jude 9) Ka nako e tšoanang, ntle ho tika-tiko baholo ba fana ka keletso ea Mangolo e thusang, esita le e matla moo ho hlokahalang. La bobeli, o koetlisa Mokreste-’moho le eena. Moapostola Pauluse o itse: “Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Kahoo, hore re hōle tsebong, re tlameha ho sebelisa matla a rōna a temoho, re se ke ra itšetleha ka e mong kamehla hore a re nehe likarabo. Moholo, ka ho bontša Mokreste-’moho le eena tsela ea ho nahana motheong oa Mangolo, ka tsela ena o mo thusa ho tsoela pele.
14. Ba hōlileng tsebong ba ka bontša joang hore ba tšepa Jehova?
14 Re ka ba le tumelo ea hore Jehova Molimo ka moea oa hae o halalelang o tla susumetsa lipelo tsa barapeli ba ’nete. Kahoo, Bakreste ba hōlileng tsebong ba ipiletsa lipelong tsa barab’abo bona, ba ba kōpa ka tieo, joalokaha moapostola Pauluse a ile a etsa. (2 Bakorinthe 8:8; 10:1; Filemone 8, 9) Pauluse o ne a tseba hore ka ho khetheha ke ba sa lokang, e seng ba lokileng, ba hlokang melao e nang le makolopetso ho etsa hore ba kene tseleng. (1 Timothea 1:9) O ile a bontša tumelo ho barab’abo, e seng ho ba belaella kapa ho se ba tšepe. Ha a ngolla phutheho e ’ngoe o ile a re: “Re na le kholiseho ho Morena mabapi le lōna.” (2 Bathesalonika 3:4) Tumelo ea Pauluse, tšepo le kholiseho ka sebele li ile tsa etsa ho hongata ho susumetsa Bakreste bao. Baholo le balebeli ba tsamaeang kajeno ba na le lipakane tse tšoanang. Banna bana ba tšepahalang ba khatholla hakaakang, ha ka lerato ba alosa mohlape oa Molimo!—Esaia 32:1, 2; 1 Petrose 5:1-3.
Ho Phela Tumellanong le Molao oa Kreste
15. Tse ling tsa lipotso tseo re ka ipotsang tsona ke life ho bona hore na re sebelisa molao oa Kreste likamanong tsa rōna le barab’abo rōna?
15 Kaofela ha rōna ho hlokahala hore re itlhahlobe kamehla ho bona hore na re phela tumellanong le molao oa Kreste le ho o buella. (2 Bakorinthe 13:5) Ka sebele, kaofela ha rōna re ka fumana molemo ka ho botsa: ‘Na kea haha kapa ke tšoaea liphoso? Na ke etsa lintho ka teka-tekano kapa kea li fetelletsa? Na ke bontša ho nahanela ba bang kapa ke tsitlella litokelong tsa ka?’ Mokreste ha a leke ho laela mor’abo hore na o lokela ho nka mehato efe kapa ha aa lokela ho nka efe litabeng tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba.—Baroma 12:1; 1 Bakorinthe 4:6.
16. Re ka thusa ba nang le maikutlo a fosahetseng ka bona ka bobona joang, kahoo re phethahatsa karolo ea bohlokoa ea molao oa Kreste?
16 Linakong tsena tse mahlonoko, ke habohlokoa hore re batle litsela tsa ho khothatsana. (Baheberu 10:24, 25; bapisa le Matheu 7:1-5.) Ha re sheba barab’abo rōna le baralib’abo rōna, na litšoaneleho tsa bona tse ntle ha li bolele ho hoholoanyane ho rōna ho feta mefokolo ea bona? Ho Jehova, e mong le e mong ke oa bohlokoa. Ka masoabi, hase bohle ba ikutloang ka tsela eo, esita le ka bona ka bobona. Ba bangata ba sekamela ho bona feela mefokolo ea bona le ho se phethahale ha bona. Ho khothatsa ba joalo—le ba bang—na re ka leka ho bua le a le mong kapa ba babeli sebokeng ka seng, re etsa hore ba tsebe hore na ke hobane’ng ha re ananela boteng ba bona le tlatsetso ea bohlokoa eo ba e etsang ka phuthehong? Ke thabo e kaakang ho bebofatsa moroalo oa bona ka tsela ee ’me ka tsela eo re phethahatse molao oa Kreste!—Bagalata 6:2.
Molao oa Kreste oa Sebetsa!
17. U bona molao oa Kreste o sebetsa ka litsela life tse sa tšoaneng phuthehong ea heno?
17 Molao oa Kreste oa sebetsa ka phuthehong ea Bokreste. Re bona sena kamehla—ha Lipaki-’moho le rōna ka cheseho li aba litaba tse molemo, ha li tšelisana le ho khothatsana, ha li loanela ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata a boima ka ho fetisisa, ha batsoali ba loanela ho hōlisa bana ba bona hore ba rate Jehova ka lipelo tse thabileng, ha balebeli ba ruta Lentsoe la Molimo ka lerato le ka mofuthu, ba susumelletsa mohlape ho ba le cheseho e tukang ea ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. (Matheu 28:19, 20; 1 Bathesalonika 5:11, 14) Ha rōna joaloka batho ka bomong re sebetsa tumellanong le molao oa Kreste bophelong ba rōna, pelo ea Jehova e thaba hakaakang! (Liproverbia 23:15) O batla hore bohle ba ratang molao oa hae o phethahetseng ba phele ka ho sa feleng. Paradeiseng e tlang, re tla bona nako eo ka eona moloko oa batho o tla beng o phethahetse, nako eo ka eona ho sa tl’o ba le batlōli ba molao, le nako eo ka eona litšekamelo tsohle tsa lipelo tsa rōna li tla beng li laoleha. Ke moputso o khanyang hakaakang oa ho phela tumellanong le molao oa Kreste!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mahae a joalo ha a tšoane le matlo a baitlami a Bokreste-’mōtoana. Ha ho na “bo-abbot,” kapa “bo-ntate,” ka kutloisiso eo. (Matheu 23:9) Barab’abo rōna ba nang le boikarabelo baa hlomphuoa, empa tšebeletso ea bona e tataisoa ke melao-motheo e tšoanang le e laolang baholo bohle.
U Nahana Joang?
◻ Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile ho utloisisa molao oa Kreste?
◻ Re ka sebelisa molao oa Kreste joang ka lapeng?
◻ Hore re sebelise molao oa Kreste ka phuthehong, re tlameha ho qoba eng, hona re tlameha ho etsa’ng?
◻ Baholo ba ka mamela molao oa Kreste joang litšebelisanong tsa bona le phutheho?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ngoana oa hao o hloka lerato haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Balisa ba rōna ba lerato ba khatholla hakaakang!