Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/1 maq. 2-4
  • Ha Likoluoa Tsa Tlhaho li Hlasela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Likoluoa Tsa Tlhaho li Hlasela
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ntoa ea Batho Khahlanong le Likoluoa
    Tsoha!—1995
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/1 maq. 2-4

Ha Likoluoa Tsa Tlhaho li Hlasela

Accra, Ghana, la 4 July, 1995: Pula ea likhomo le batho e neng e e-s’o ka e bonoa ka lilemo tse ka bang 60 e ile ea etsa moroallo oa popota. Ba ka bang 200 000 ba ile ba lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba 500 000 ba lahleheloa ke mahae a bona ’me ba 22 ba lahleheloa ke bophelo.

San Angelo, Texas, U.S.A., la 28 May, 1995: Lifefo tse matla le sefako li ile tsa harasoanya motse ona oa baahi ba 90 000, tsa baka tšenyo e hakanyetsoang ho liranta tse limilione li 522.

Kobe, Japane, la 17 January, 1995: Tšisinyeho ea lefatše e ileng ea nka feela metsotsoana e 20 e ile ea siea e rintse ba likete, ba likete tse mashome ba lemetse ’me ba likete tse makholo ba se na matlo.

RE PHELA nakong e ka ’nang ea bitsoa mehla ea likoluoa. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e senola hore nakong ea lilemo tse 30 ho tloha ka 1963-92, ka karolelano, palo ea batho ba bolailoeng, ba ileng ba lemala kapa ba lelekoa ke likoluoa e ile ea eketseha ka karolo ea 6 lekholong selemo le selemo. Boemo bona bo nyahamisang bo entse hore Machaba a Kopaneng a qolle lilemo tsa bo-1990 e le “the International Decade for Natural Disaster Reduction.”

Ho hlakile hore matla a tlhaho—a kang sefefo, ho foqoha ha seretse se chesang kapa tšisinyeho ea lefatše—hase kamehla a bakang koluoa. Tse makholo li etsahala selemo le selemo ntle le ho lematsa batho. Empa ha ho ameha liphello tse tebileng bophelong le thepeng, ka nepo ho thoe ke koluoa.

Ho bonahala ho ke ke ha qojoa keketseho ea likoluoa tsa tlhaho. Buka ea Natural Disasters—Acts of God or Acts of Man? ea hlokomela: “Batho ba fetola tikoloho ea bona ho e etsa e sekametseng likoluoeng tse itseng haholoanyane, ’me ba itšoara ka tsela e ba pepesetsang likotsi tseo haholoanyane.” Buka eo e fana ka mohlala o inahanetsoeng: “Tšisinyeho e fokolang ea lefatše motseng oa litakana oa matlo a mobu a iphaphathileng ka moepa o lekhalong e ka ba koluoa tabeng ea batho ba shoang le ho utloa bohloko. Empa na koluoa eo e bakiloe haholo-holo ke ho sisinyeha ha lefatše kapa ke taba ea hore batho ba phela matlong ao a kotsi joalo a sebakeng se kotsi joalo?”

Ho liithuti tsa Bibele, ho boetse ho na le lebaka le leng le etsang hore ho eketseha ha likoluoa tsa tlhaho e se be ho makatsang. Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore har’a tse ling, “qetello ea tsamaiso ea lintho” e ne e tla hlokomeloa ka “likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:3, 6-8) Bibele e boetse ea bolela esale pele hore nakong ea ‘matsatsi a ho qetela,’ batho e ne e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho le ba hlokang lerato la se molemo.a (2 Timothea 3:1-5) Litšobotsi tsena hangata li bakela motho hore a etse lintho tse khahlanong le tikoloho ea hae, e leng ho etsang hore batho ba pepesehele matla a tlhaho haholoanyane. Likoluoa tse entsoeng ke batho le tsona ke litholoana tsa mokhatlo oa batho o se nang lerato oo ba bangata ba lokelang ho phela ho oona.

Ha lefatše la rōna le ntse le pepeteha ka baahi le ho feta, ha boitšoaro ba batho bo ba beha kotsing e khōloanyane, le ha matlotlo a lefatše a ntse a sebelisoa hampe le ho feta, likoluoa li tla tsoela pele ho oela batho. Ho fana ka liphallelo ho hlahisa phephetso, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng pontšong ea matsatsi a ho qetela, bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, maqepheng a 98-107, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Maxie Roberts/Courtesy of THE STATE

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Top: Information Services Department, Ghana; right: San Angelo Standard-Times

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela