Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq khao. 157
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo e tsoang ka Bibeleng
  • Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore likoluoa tsa tlhaho ha se kahlolo e tsoang ho Molimo?
  • Na likoluoa tsa tlhaho lia bontša hore re phela mehleng ea bofelo?
  • Molimo o thusa batho ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho joang?
  • Na Bibele e ka re thusa hore re itokisetse likoluoa tsa tlhaho?
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?
    Tsoha!—2012
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq khao. 157
Lelapa le shebile motse o sentsoeng ke koluoa ea tlhaho

Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?

Karabo e tsoang ka Bibeleng

Molimo ha a bake likoluoa tsa tlhaho tse etsahalang kajeno, ho e-na le hoo o amehile ka batho ba angoang ke tsona. Likoluoa tsa tlhaho ke a mang a mathata ao ’Muso oa Molimo o tla a felisa. Hona joale, Molimo o tšelisa batho ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho.​—2 Bakorinthe 1:3.

  • Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore likoluoa tsa tlhaho ha se kotlo e tsoang ho Molimo?

  • Na likoluoa tsa tlhaho lia bontša hore re phela mehleng ea bofelo?

  • Molimo o thusa batho ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho joang?

  • Na Bibele e ka re thusa hore re itokisetse likoluoa tsa tlhaho?

  • Litemana tse khothatsang ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore likoluoa tsa tlhaho ha se kahlolo e tsoang ho Molimo?

Bibele e bontša hore tsela eo Molimo a sebelisang matla a hae ho fana ka kahlolo ka eona e fapane hole le eo likoluoa tsa tlhaho li etsahalang ka eona.

  • Likoluoa tsa tlhaho ha li khethe hore na li bolaea kapa ho lematsa bo mang. Ho ena le hoo, ha Molimo a ne a sebelisa matla a tlhaho ho fana ka kahlolo, o ne a etsa bonnete ba hore o felisa batho ba khopo. Ka mohlala, ha Molimo a felisa metse ea Sodoma le Gomora, o ile a etsa bonnete ba hore Lota le barali ba hae ba babeli baa pholoha. (Genese 19:29, 30) Molimo o ile a bona se ka lipelong tsa batho ba mehleng eo ’me a felisa feela bao a neng a ba nka ba le khopo.​—Genese 18:23-​32; 1 Samuele 16:7.

  • Likoluoa tsa tlhaho li hlaha feela li sa rerisa. Ka lehlakoreng le leng, Molimo o ile a lemosa batho ba khopo pele a sebelisa matla a tlhaho khahlanong le bona. Batho ba ileng ba mamela temoso eo ba ile ba e-ba le monyetla oa ho baleha koluoa eo.​—Genese 7:​1-5; Matheu 24:38, 39.

  • Ho isa boholeng bo itseng, batho ba kentse letsoho hore likoluoa tsa tlhaho li be teng. Joang? Ba sentse tikoloho le ho haha libakeng tse ratoang ke litšisinyeho tsa lefatše, meroallo le maemo a leholimo a kotsi. (Tšenolo 11:18) Ka hoo, re ke ke ra beha Molimo molato ka liqeto tse etsoang ke batho.​—Liproverbia 19:3.

Na likoluoa tsa tlhaho lia bontša hore re phela mehleng ea bofelo?

E, boprofeta ba Bibele bo bontša hore ho tla ba le likoluoa ha ‘lefatše le fela’ kapa “mehleng ea bofelo.” (Matheu 24:3; 2 Timothea 3:1) Ka mohlala, ha Jesu a ne a bua ka mehla ea rona, o ile a re: “Ho tla ba le tlala le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:7) Haufinyane, Molimo o tla felisa lintho tsohle tse etsang hore re utloe bohloko ho akareletsa le likoluoa tsa tlhaho.​—Tšenolo 21:​3, 4.

Molimo o thusa batho ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho joang?

  • Molimo o ba khothatsa ka Lentsoe la hae, Bibele. Bibele ea re kholisa hore Molimo oa re tsotella ebile o utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata. (Esaia 63:9; 1 Petrose 5:6, 7) E boetse e bontša hore o re tšepisa nako eo ka eona likoluoa tsa tlhaho li tla beng li felile.​—Sheba lebokose le reng: “Litemana tse khothatsang ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho.”

  • Molimo o sebelisa barapeli ba hae ho ba thusa. Boprofeta bo ile ba bontša hore Jesu o ne a tla tšelisa “ba robehileng lipelo” le “bohle ba utloileng bohloko.” (Esaia 61:​1, 2) Kahoo, Molimo o sebelisa barapeli ba hae hore ba etsise mohlala oa Jesu.​—Johanne 13:15.

    Molimo o boetse o sebelisa barapeli ba hae ho re ba thuse batho ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho ka lintho tseo ba li hlokang.​—Liketso 11:28-30; Bagalata 6:​10.

Lipaki Tsa Jehova li lokisa ntlo e Puerto Rico

Lipaki Tsa Jehova li thusa batho ba ileng ba angoa ke leholiotsoana naheng ea Puerto Rico ka lintho tseo ba li hlokang

Na Bibele e ka re thusa hore re itokisetse likoluoa tsa tlhaho?

E. Le hoja Bibele e sa ngoloa ka morero oa hore re itokisetse likoluoa, melao-motheo ea eona e ka re thusa. Ka mohlala:

  • Nahana hore u tla etsa’ng ha ho ka ba le koluoa. Bibele e re: “Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata.” (Liproverbia 22:3) Ha re nahana hore re tla etsa’ng pele koluoa e hlaha, rea bontša hore re bohlale. Re lokela ho ba le mokotla o lutseng o le malala-a-laotsoe, u tšetseng lintho tseo re tla li hloka maemong a tšohaneetso ’me re hle re itokise hore na re tla kopana hokae haeba ho ka ba le koluoa.

  • Bophelo bo bohlokoa ho feta lintho tseo u nang le tsona. Bibele e bontša hore “ha re a tlisa letho lefatšeng ebile re ke ke ra tloha ho lona re nkile letho.” (1 Timothea 6:​7, 8) Re lokela ho ikemisetsa ho siea matlo a rona le lintho tseo re nang le tsona e le hore re pholohe koluoa. Re etsa hantle ha re hopola hore bophelo ba rona bo bohlokoa ho feta eng kapa eng eo re nang le eona.​—Matheu 6:​25.

Litemana tse khothatsang ba anngoeng ke likoluoa tsa tlhaho

Genese 18:25: ‘Ha ho utloahale hore Molimo a bolaee batho ba lokileng le ba khopo . . . Moahloli oa lefatše lohle o ahlola ka toka.’

See se bolela’ng? Ha rea lokela ho beha Molimo molato ha batho ba lokileng ba bolaoa ke likoluoa tsa tlhaho hobane lintho tsohle tseo a li etsang li lokile.

Pesaleme ea 46:​1, 2: “Molimo ke setšabelo sa rona le matla a rona, o re thusa kapele ha re le matšoenyehong. Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšoha le hoja lefatše le fetoha.”

See se bolela’ng? Ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke’ng, re ka tšepa hore Molimo o tla re matlafatsa.

Esaia 63:9: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.”

See se bolela’ng? Molimo o re utloela bohloko ha re hlaheloa ke mathata.

Johanne 5:​28, 29: “Ho na le nako eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ebe baa tsoa.”

See se bolela’ng? Re ka ba le tšepo ea hore re tla boela re bone baratuoa ba rona ba hlokahetseng hobane Molimo o tla fa Jesu matla a hore a ba tsose.

1 Petrose 5:​6, 7: “Le ikokobeletse Molimo ea matla . . . Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho eena hobane oa le tsotella.”

See se bolela’ng? Molimo o batla hore re mo tsebise lintho tse re tšoenyang hobane oa re tsotella.

Tšenolo 21:4: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”

See se bolela’ng? Molimo o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko ho akareletsa le likoluoa tsa tlhaho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela