Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/1 leq. 30
  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?
    Tsoha!—2012
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/1 leq. 30

Babali ba Batla ho Tseba

Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?

Molimo ha a sebelise likoluoa tsa tlhaho ho otla batho ba se nang molato. Le ka mohla ha a e-s’o ka a etsa joalo ebile ha ho mohla a tla etsa joalo. Hobane’ng? Hobane ho 1 Johanne 4:8 Bibele e re “Molimo ke lerato.”

Lerato ke lona le susumetsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e etsang. Lerato ha le ntše batho ba se nang molato kotsi, hobane Bibele e re “lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe.” (Baroma 13:10) Ho Jobo 34:12, Bibele e re: “Kannete, Molimo ha a sebetse bokhopo.”

Ke ’nete hore Bibele e profetile hore ho tla ba le likoluoa mehleng ea rōna, joaloka “litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.” (Luka 21:11) Empa Jehova ha a ikarabelle ka tšenyo e bakoang ke tsona, feela joalokaha motlalehi oa tsa bolepi a sa ikarabelle ka tšenyo e bakoang ke maholiotsoana ao a a boletseng esale pele. Joale, haeba Molimo ha a ikarabelle ka likoluoa tsa tlhaho tse bakelang batho mahlomola, li bakoa ke eng?

Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Haesale e le ’molai ho tloha ha a fetoha lerabele qalong ea moloko oa batho ho fihlela mehleng ea rōna. (Johanne 8:44) Satane o nka hore bophelo ba batho hase ba bohlokoa. O laoloa ke ho rata bophahamo, kahoo ha ho makatse hore ebe o susumelelitse hore ho be le lefatše leo ho lona ho renang moea oa hore motho a ichebe boeena. Lefatše la kajeno le lumella hore batho ba tlatlaptjoe hoo ba bangata ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa ba phelang maemong a kotsi, libakeng tseo ho tsona ba ka ’nang ba oeloa ke likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakoang ke batho. (Baefese 2:2; 1 Johanne 2:16) Kahoo, batho ba meharo ba molato oa likoluoa tse ling tse hlahelang batho. (Moeklesia 8:9) Ka tsela efe?

Likoluoa tse ngatanyana ke tse bakiloeng ke batho. Ka mohlala, nahana ka mahlomola a ileng a hlahela baahi ba motse oa New Orleans, U.S.A., o ileng oa senngoa ke likhohola tse bakiloeng ke leholiotsoana kapa u nahane ka matlo a ileng a hoholoa ke seretse haufi le lithaba tse lebōpong la Venezuela. Liketsahalong tseo le tse ling, lintho tsa tlhaho tse kang sefefo le pula, li ile tsa baka koluoa hobane batho ba hloka tsebo ea ho sebetsana le tikoloho, ba sa etsa mosebetsi o motle oa boenjiniere, ba entse liphoso meralong, ba sa ela hloko litemoso, ’me ba boholong ba sa tsamaisa lintho hantle.

Nahana ka koluoa e bileng teng mehleng ea ho ngoloa ha Bibele. Mehleng ea Jesu, tora e ileng ea putlama ka tšohanyetso e ile ea bolaea batho ba 18. (Luka 13:4) E ka ’na eaba koluoa ena e ne e bakiloe ke phoso e entsoeng ke batho, “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” kapa lintho tsena ka bobeli—empa ho hang e ne e se kahlolo ea Molimo.—Moeklesia 9:11.

Na ho na le likoluoa tse kileng tsa bakoa ke Molimo? Ho joalo, empa ho fapana le likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho, likoluoa tse bakiloeng ke Molimo li ne li sa bolaee larita, li ne li e-na le morero ebile li etsahala ka seoelo. Mehlala e ’meli ea tsona ke Moroallo oa mehleng ea mopatriareka Noe le timetso ea motse oa Sodoma le oa Gomora mehleng ea Lota. (Genese 6:7-9, 13; 18:20-32; 19:24) Likahlolo tseo tsa Molimo li ile tsa felisa batho ba sa bakeleng bokhopo ba bona empa tsa pholosa batho ba lokileng mahlong a Molimo.

Ha e le hantle, Jehova Molimo o na le bokhoni, boikemisetso, le matla a ho felisa mahlomola ’ohle le ho lopolla batho mathateng a bakoang ke likoluoa tsa tlhaho. Ha e bua ka Morena ea khethiloeng ke Molimo, e leng Jesu Kreste, Pesaleme ea 72:12 e re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela