Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/1 maq. 25-29
  • Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo bo Tloaelehileng
  • Ameha ka Motho ho E-na le ho Ferekanngoa ke ho Kula
  • Ikemisetse ho Mamela
  • Ela Hloko Lintho Tsa Bohlokoa Tseo Mokuli a li Hlokang
  • Ho Fana ka Khothatso Matsatsing a ho Qetela
  • Ha eo U mo Ratang a Kulela Lefu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ba Kulelang Lefu ba ka Fuoa Tlhokomelo Efe?
    Tsoha!—1991
  • Kamoo Malapa a Sebetsanang ka Katleho le Boloetse bo sa Foleng
    Tsoha!—2000
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Maikutlo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/1 maq. 25-29

Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu

“Ha ke qala ho utloa hore ’Mè o kulela lefu, ke ne ke sa kholoe ho hang. Ke ne ke sithabetse, ke sitoa ho lumela hore ’mè oa ka eo ke mo ratang o tlil’o shoa.”—Grace, Canada.

HA BA lelapa le metsoalle ba utloa hore motho eo ba mo ratang o tšoeroe ke lefu le bolaeang, ba sithabela maikutlo ’me ha ba tsebe hore ba etse’ng. Ba bang ba ipotsa hore na ba bolelle mokuli ’nete kapa che. Ba bang ha ba lumele hore ba ka khona ho mamella ho bona motho eo ba mo ratang a hoehla, mohlomong a lahleheloa ke seriti ka lebaka la lefu le mo tšoereng. Ba bang ba khathatsoa ke hore ba ke ke ba tseba seo ba lokelang ho se bua kapa ho se etsa ha mokuli a se a le makhatheng a lefu.

U lokela ho tseba eng ka seo u ka se buang kapa ua se etsa ha u utloa litaba tseo tse bohloko? U ka ba “motsoalle oa ’nete” joang ea khothatsang mokuli le ho mo tšehetsa nakong eo e boima?—Liproverbia 17:17.

Boikutlo bo Tloaelehileng

Ke ntho e tloaelehileng hore motho a sithabele maikutlo ha motho eo a mo ratang a kula hampe. Hangata le tsona lingaka tse atisang ho bona batho ba shoeleng, lia khathatseha—ebile li ema hlooho—ha li lokela ho hlokomela batho ba kulelang lefu le ho ba khothatsa.

Le uena u ka ’na ua utloa bohloko ha u bona motho eo u mo ratang a hoehla. Mosali e mong ea lulang Brazil ea bitsoang Hosa, eo ngoan’abo a neng a kulela lefu, o re, “Ho thata haholo ho bona motho eo u mo ratang a lula a opeloa.” Ha Moshe, monna ea tšepahalang, a bona khaitseli ea hae e otliloe ka lepera, o ile a hoeletsa a re: “Ka kōpo, Molimo! Mo folise, ka kōpo!”—Numere 12:12, 13.

Kaha re entsoe ka setšoantšo sa Molimo oa rōna ea nang le kutloelo-bohloko, Jehova, re utloa bohloko ha re bona mahlomola a moratuoa oa rōna ea kulang. (Genese 1:27; Esaia 63:9) Jehova o ikutloa joang ha batho ba le mahlomoleng? Hlokomela hore na Jesu o ne a ikutloa joang. O ile a bontša hore o na le botho bo kang ba Ntate oa hae ka ho feletseng. (Johanne 14:9) Ha Jesu a bona mesarelo ea batho ba kulang, o ile a ‘susumetsoa ke khauho.’ (Matheu 20:29-34; Mareka 1:40, 41) Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng makasineng ena, ha motsoalle oa hae ea bitsoang Lazaro a e-shoa ’me Jesu a bona kamoo lefu la hae le ammeng ba lelapa le metsoalle, o ile a khathatseha haholo ’me “a ntša meokho.” (Johanne 11:32-35) Ha e le hantle, Bibele e re lefu ke sera ’me e tšepisa hore haufinyane ho kula le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng.—1 Bakorinthe 15:26; Tšenolo 21:3, 4.

Ka tlhaho, u ka ’na ua utloa u batla ho jarisa motho e mong molato—ho sa tsotellehe hore na ke mang—ha u utloa hore motho eo u mo ratang o kulela lefu. Leha ho le joalo, Dr. Marta Ortiz, ea ileng a ngola seo a se fumaneng tabeng ea ho oka batho ba kulelang lefu, o fana ka keletso ena: “U se ke ua jarisa batho ba bang molato—ebang ke lingaka, baoki, kapa ua itjarisa molato—ka boemo ba mokuli. Sena se tla senya likamano le ho feta ’me se etse hore batho ba se ke ba nahana ka ntho ea bohlokoa: e leng se hlokoang ke motho ea kulelang lefu.” Ke lintho life tseo u ka li etsang ho thusa moratuoa oa hao hore a mamelle ho kula ha hae le ho tseba hore a ka ’na a shoa?

Ameha ka Motho ho E-na le ho Ferekanngoa ke ho Kula

Taba ea pele ke ho ameha ka motho ho feta ho ameha ka tšenyo eo ho kula ho e etsang ’meleng oa hae. U ka etsa seo joang? Mooki ea bitsoang Sarah o re: “Ke ipha nako ea ho sheba litšoantšo tsa mokuli tsa ha a sa ntse a le morolo. Ke mamela ka hloko ha a mpolella lintho tseo a neng a li etsa nakong e fetileng. Sena se nthusa hore ke hopole lintho tseo ho e-na le ho nahana feela ka boemo ba hae ba hona joale.”

Mooki e mong ea bitsoang Anne-Catherine, o hlalosa seo a se etsang hore a se ke a ameha feela ka boemo ba mokuli ha a re: “Ke sheba mokuli ka mahlong ebe ke nahana ka seo nka se etsang ho ntlafatsa boemo ba hae.” Buka ea The Needs of the Dying—A Guide for Bringing Hope, Comfort, and Love to Life’s Final Chapter e re: “Ke ntho e tloaelehileng hore motho a se ke a phutholoha ha a bona tšenyo eo ho kula kapa kotsi e e entseng ’meleng oa motho eo a mo ratang. Ntho e molemo ka ho fetisisa e lokelang ho etsoa ke ho sheba motho eo u mo ratang ka mahlong le ho bona hore e sa ntse e le eena eo u mo tsebang le hoja a kula.”

Ke ’nete hore ho hlokahala hore motho a laole maikutlo a be a ikemisetse ho nka khato e joalo. Moholo oa Mokreste ea bitsoang Georges, ea atisang ho etela batho ba kulelang lefu, o re, “Lerato leo re ratang moratuoa oa rōna ka lona le tlameha ho ba matla hoo re oang re tsoha le eena.” Haeba u ameha haholo ka motho ho e-na le ho ameha haholo ka boloetse ba hae, u itsoela khomo ebile u tsoela le moratuoa oa hao khomo. Yvonne, ea neng a hlokomela bana ba tšoeroeng ke kankere, o re, “Ho tseba hore u ka thusa bakuli hore ba ’ne ba be le seriti ho u thusa hore u se ke ua sithabetsoa ke ho sohlokeha ha bona ’meleng.”

Ikemisetse ho Mamela

Batho ba ka ’na ba tsilatsila ho kopana le motho ea kulelang lefu le hoja ba mo rata haholo. Hobane’ng? Ba tšoenyeha ka hore ba ke ke ba tseba seo ba lokelang ho se bua. Leha ho le joalo, Anne-Catherine, ea neng a oka motsoalle oa hae ea kulelang lefu, o bontša hore ho thōla ho ntse ho le molemo ka linako tse ling. O re: “Ha re khothatse motho ka mantsoe feela empa le ka seo re se etsang. Ho lula setulong haufi le mokuli le ho mo tšoara, ho se tsoafe ho lla haeba ho bontša kamoo re hlileng re ikutloang kateng—lintho tsena tsohle li bontša hore rea mo tsotella.”

E ka ’na eaba moratuoa oa hao o batla ho u tšollela maikutlo—ho bua ka bolokolohi ho tsoa pelong. Leha ho le joalo, hangata motho ea kulang oa hlokomela hore baratuoa ba hae ha baa phutholoha ’me o qoba ho ba bolella mathata a hae. Metsoalle le ba lelapa ba ka boela ba nahana hore ba thusa mokuli ha ba qoba ho bua ka lintho tseo a amehileng ka tsona, ba bile ba mo patela litaba tse amang bophelo ba hae. Ho patela motho litaba ka tsela eo ho fella ka eng? Ngaka e ’ngoe e hlokomelang batho ba kulelang lefu e re ha batho ba leka ho pata ’nete ba “hlokomoloha taba ea bohlokoa ea ho bolella mokuli boemo ba hae le hore a bo amohele.” Ka lebaka leo, haeba mokuli a batla ho bua ka bolokolohi ka boemo ba hae kapa ka hore a ka ’na a shoa, o lokela ho fuoa monyetla oo.

Ha bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ne ba tjamelane le lefu, ha baa ka ba tsilatsila ho bolella Jehova Molimo lintho tse ba tšoenyang. Ka mohlala, ha Morena Ezekiase ea lilemo li 39 a utloa hore o tlil’o shoa o ile a bua ka lintho tseo a neng a khathatsehile ka tsona. (Esaia 38:9-12, 18-20) Ka tsela e tšoanang, batho ba kulelang lefu ba tlameha ho fuoa monyetla oa ho ntša bohloko ha ba bona bophelo ba bona bo khaoletsoa. Mohlomong ba utloisoa bohloko ke hore ha ba sa tla khona ho phetha merero ea bona ea ho nka maeto, ho ba le bana, ho hōlisa litloholo kapa ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Molimo. Mohlomong ba tšoha hore metsoalle le ba lelapa ba tla ba lahla kherehloa hobane ba sa tsebe hore na ba lokela ho etsa’ng. (Jobo 19:16-18) Ba ka ’na ba tšoenyeha ha ba nahana ka ho opeloa, ho se khone ho laola tšebetso ea litho tsa ’mele kapa hore ba tla be ba setse ba le bang ha ba e-shoa.

Anne-Catherine o re: “Ke habohlokoa hore u tlohele moratuoa oa hao a tšolle maikutlo u sa mo kene hanong kapa ho mo nyatsa kapa hona ho nka hore o ikhathatsa ka ntho tse nyenyane. Ke eona tsela e molemohali ea ho tseba hore na o ikutloa joang le ho tseba hore na o batla’ng, o khathatsehile ka eng ’me o lebeletse’ng.”

Ela Hloko Lintho Tsa Bohlokoa Tseo Mokuli a li Hlokang

Mahlomola a motsoalle oa hao, mohlomong a mpefatsoang ke phekolo e mo tsukutlang, a ka u ferekanya hoo u ka bang ua lebala ntho ea bohlokoa eo mokuli a e hlokang, e leng ho iketsetsa liqeto.

Litsong tse ling, ba lelapa ba ka ’na ba leka ho sireletsa mokuli ka ho mo patela ’nete ka boemo ba hae, ho ea bohōleng ba ho se mo lumelle ho iketsetsa liqeto tsa hore na a phekoloe joang. Litsong tse ling, ho ka ’na ha hlaha bothata bo fapaneng le boo. Ka mohlala, mooki ea bitsoang Jerry o re, “Ka linako tse ling baeti ba bua ka mokuli joalokaha eka ha a eo leha ba eme haufi le bethe ea hae.” Maemong ana ka bobeli, ho etsa joalo ho amoha mokuli seriti.

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo ho hlokahalang hore mokuli a be le eona ke tšepo. Linaheng tseo ho tsona ho nang le kalafo ea boemo bo phahameng, hangata tšepo e tsamaisana le ho fumana phekolo e sebetsang. Michelle, ea ’nileng a thusa ’mè oa hae ha kankere e ntse e khutla ka makhetlo a mararo, o re: “Haeba ’Mè a batla ho leka phekolo ea mofuta o mong kapa ho bona ngaka esele, ke mo thusa ka ho etsa liphuputso. Ke hlokometse hore ke lokela ho amohela boemo empa ka nako e tšoanang ke mo khothatse.”

Ho thoe’ng haeba ho se na tšepo ea ho fumana pheko? Hopola hore motho ea kulelang lefu o lokela ho lokoloha ho bua ka lefu. Moholo oa Mokreste ea bitsoang Georges, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ke habohlokoa hore mokuli a se ke a pateloa hore o lintšing tsa lefu. Sena se tla mo thusa hore a etse litlhophiso tse hlokahalang le ho itokisetsa lefu la hae.” Litlhophiso tse joalo li thusa mokuli hore a tsebe hore o entse sohle seo a ka se khonang ’me a se ke a tšoenngoa ke hore e tla ba moroalo bathong ba bang.

Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata ho bua ka lintho tsena. Empa ho bua ka bolokolohi ho fana ka monyetla oa hore u tšolle maikutlo a hao. Motho ea kulelang lefu a ka ’na a rata ho lokisa liqabang tsa nakong e fetileng, ho itšola kapa ho kōpa tšoarelo. Puisano ena e ka etsa hore uena le motho ea kulelang lefu le atamelane haholo.

Ho Fana ka Khothatso Matsatsing a ho Qetela

U ka khothatsa motho ea makhatheng a lefu joang? Dr. Ortiz, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Fa mokuli monyetla oa hore a bolele likōpo tsa hae tsa ho qetela. Mamela ka hloko. Haeba ho khoneha, leka ho etsa seo mokuli a se batlang. Haeba ho ke ke ha khoneha ho etsa seo mokuli a se kōpang, mo bolelle ’nete.”

Ho feta leha e le neng, ho ka ’na ha hlokahala hore motho ea makhatheng a lefu a be haufi le batho bao a ba nkang e le ba bohlokoa bophelong ba hae. Georges o re, “Thusa mokuli hore a kopane le bona, esita leha a ke ke a khona ho bua nako e telele ka lebaka la ho felloa ke matla.” Le haeba e le ka thelefono, puisano e joalo e etsa hore ba khone ho khothatsana le ho rapela hammoho. Mosali e mong oa Canada ea bitsoang Christina, ea shoetsoeng ke batho ba bararo ka tatellano, o re, “Ha nako ea hore ba shoe e ntse e atamela, ba ne ba ananela lithapelo tsa balumeli-’moho le bona haholo.”

Na u lokela ho tšaba ho lla ka pel’a moratuoa oa hao? Che. Ha e le hantle, ha u lla u fa motho ea makhatheng a lefu monyetla oa hore a u khothatse. Buka e bitsoang The Needs of the Dying e re: “Ke ntho e amang maikutlo haholo ho khothatsoa ke motho ea makhatheng a lefu, ’me ho fana ka khothatso e joalo e ka ba ntho ea bohlokoa haholo ho eena.” Ha motho ea ’nileng a hlokomeloa ka nako e telele a khothatsa ba bang o khona ho hopola hore ke motsoalle, ntate kapa ’mè ea tsotellang.

Ke ’nete hore maemo a ka ’na a se ke a u lumella hore u be le moratuoa oa hao ha a le makhatheng a lefu. Leha ho le joalo, haeba u ka khona ho ba le eena sepetlele kapa lapeng, leka ho mo tšoara ka letsoho ho fihlela a e-shoa. E ka ’na ea e-ba monyetla oa ho bolela maikutlo ao e ka ’nang eaba e ne e se hangata u a buang. Esita leha motho ea makhatheng a lefu a sa re letho u se ke ua tlohela ho bua mantsoe a karohano kapa ho mo bolella hore ua mo rata ’me u na le tšepo ea ho mo bona tsohong ea bafu.—Jobo 14:14, 15; Liketso 24:15.

Haeba u sebelisa nako ena ea ho qetela hamolemo, mohlomong u ke ke ua llela metsotso hamorao. Ha e le hantle, nako ena ea ho utloa bohloko haholo e ka u khothatsa nakong e tlang ha u nahana ka eona. U tla be u bontšitse hore u motsoalle oa ’nete “ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Haeba u ameha haholo ka motho ho e-na le ho ameha haholo ka boloetse ba hae, u itsoela khomo ebile u tsoela le moratuoa oa hao khomo

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]

Tsela ea ho Siela Mokuli Seriti

Linaheng tse ngata, ho etsoa boiteko ba ho hlompha tokelo ea motho ea kulelang lefu ea hore a shoe ka khotso le ka seriti. Litaelo tse ngotsoeng esale pele ke tsela e molemo ea hore litokelo tsena li hlomphuoe ’me bakuli ba lumelloe hore ba shoele lapeng kapa lehaeng la batho ba kulelang lefu.

Litaelo tse ngotsoeng esale pele li tla thusa maemong a latelang:

• Li tla beha lingaka le beng ka mokuli leseling

• Li tla fokoletsa ba lelapa boikarabelo ba ho etsa liqeto

• Li tla thibela hore ho batloe phekolo e sa hlokahaleng, e se nang thuso, e tsukutlang mokuli haholo, e turu

E le hore litaelo tse ngotsoeng esale pele li be molemo, li lokela ho akarelletsa lintlha tse kang tsena:

• Lebitso la motho eo u mo fileng matla a hore a u etsetse liqeto litabeng tsa kalafo

• Mefuta ea phekolo eo u tla e lumela kapa u e hane haeba boemo ba hao bo ke ke ba ntlafala

• Haeba ho khoneha, lebitso la ngaka e tsebang liqeto tsa hao

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Hopola lintho tseo mokuli a neng a li etsa nakong e fetileng ho e-na le ho nahana feela ka boemo ba hae ba hona joale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela