Kamoo Malapa a Sebetsanang ka Katleho le Boloetse bo sa Foleng
HO SEBETSANA le ntho e itseng ka katleho ho ka hlalosoa e le “ho khona ho sebetsana hantle le, hammoho le ho jara khatello ea kelello eo motho a leng tlas’a eona.” (Taber’s Cyclopedic Medical Dictionary) Ho akarelletsa ho thulana le mathata a bakoang ke boloetse bo sa foleng ka tsela eo ka eona u ntseng u tla khona ho ba le taolo le khotso ea kelello ka tekanyo e itseng. ’Me kaha boloetse bo sa foleng ke taba ea lelapa, tšehetso e lerato le e tšepahalang ea setho ka seng sa lelapa ea hlokahala e le hore lelapa le tsebe ho sebetsana le boemo ka katleho. A re hlahlobeng tse ling tsa litsela tseo malapa a sebetsanang ka katleho le boloetse bo sa foleng.
Bohlokoa ba ho ba le Tsebo
Phekolo e ka ’na ea e-ba sieo bakeng sa ho holofala hona, empa ho tseba ho sebetsana le hona ho ka fokotsa khatello ea kelello le ea maikutlo e bakoang ke boloetse boo. Sena se tumellanong le maele a boholo-holo a reng: “Motho ea nang le tsebo o eketsa matla.” (Liproverbia 24:5, NW) Lelapa le ka fumana tsebo ea hore le sebetsane le boloetse joang?
Mohato oa pele ke ho fumana ngaka eo u ka khonang ho buisana le eona le e thusang, e ikemiselitseng ho nka nako e hlalosetsa mokuli le lelapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka hloko. Buka ea A Special Child in the Family e hlokomela hore “ngaka ea sebele e ameha ka lelapa lohle le ka hore le be le lintho tsohle tse hlokahalang tsa phekolo ea meriana.”
Mohato o latelang ke oa hore u lule u botsa lipotso tse tobileng ho fihlela u utloisisa boemo ka hohle kamoo u ka khonang. Leha ho le joalo, hopola hore ha u e-na le ngaka, ho bonolo hore u ferekane ebe u lebala hore na u ne u batla ho botsa eng. Tlhahiso e ’ngoe e thusang ke ea hore u ngole lipotso tseo esale pele. Ka ho khetheha, u ka ’na ua batla ho tseba hore na u ka lebella eng boloetseng boo le phekolong ea bona hammoho le hore na u ka etsa eng ka bona.—Bona lebokose le reng “Lipotso Tseo Lelapa le ka li Botsang Ngaka.”
Ke habohlokoa ka ho khethehileng hore u fane ka boitsebiso bo felletseng ho banab’abo ngoana ea tšoeroeng ke boloetse bo sa foleng. ’Mè e mong oa khothalletsa: “Hlalosa li sa tloha hore na bothata ke eng. Ba ka ’na ba ikutloa eka ha ba sa tsotelloa lapeng haeba ba sa utloisise se etsahalang.”
Malapa a mang a boetse a fumane boitsebiso bo molemo ka ho iketsetsa lipatlisiso laebraring, mabenkeleng a libuka kapa ho Internet—’me hangata a fumana boitsebiso bo qaqileng ka boloetse bo itseng.
Ho Boloka Mokhoa oa Bophelo o Itekanetseng
Ke ha tlhaho hore litho tsa lelapa li batle ho boloka mokhoa oo li phelang ka oona o itekanetse molemong oa mokuli. Ka mohlala, nahana ka Neil du Toit ea boletsoeng sehloohong se qalang. O ntse a nyahamisoa ke liphello tse fokolisang tsa lefu le mo tšoereng. Leha ho le joalo, o ntse a qeta lihora tse ka bang 70 ka khoeli a etsa ntho eo a e ratang ka ho fetisisa—ho bua le batho ba sebakeng sa habo ka tšepo ea hae e thehiloeng Bibeleng. O re: “Ho boetse ho nkhotsofatsa haholo ho fana ka taeo ea Bibele phuthehong.”
Mokhoa oa bophelo o boetse o akarelletsa matla a ho bontša le ho amohela lerato, ho thabela lintho tse nyakallisang le ho lula u e-na le tšepo. Bakuli ba ntse ba tla rata ho thabela bophelo ho fihlela moo boloetse ba bona le phekolo li ba lumellang teng. Ntate e mong eo lelapa la hae le sebetsaneng le ho kula ka lilemo tse 25 oa hlalosa: “Re rata ho intša, empa ka lebaka la ho fokola ha mora oa ka, re sitoa ho hahlaula lithabeng. Ka hona, re intša ka tsela e fapaneng. Re intšetsa libakeng tse sa hlokeng hore re tsamaee ka matla.”
E, bakuli ba na le matla a etsang hore ba khone ho fumana khotsofalo e itseng bophelong. Ho itšetlehile ka mofuta oa boloetse, ba bangata ba ntse ba ka ananela botle ba pōpo le melumo. Ba ba le monyetla o eketsehileng oa ho thabela bophelo bo itekanetseng ha ba ikutloa ba e-na le taolo likarolong tse sa tšoaneng tsa bophelo.
Ho Sebetsana le Maikutlo a Imetsoeng
Karolo ea bohlokoa ea ho sebetsana le boemo e akarelletsa ho tseba tsela ea ho sebetsana le maikutlo a lematsang. Maikutlo a mang ke a bohale. Bibele ea bolela hore motho a ka ’na a ba le lebaka la ho halefa. Leha ho le joalo, e boetse e re khothalletsa hore re ‘liehe ho halefa.’ (Liproverbia 14:29) Ke hobane’ng ha e le bohlale ho etsa joalo? Ho latela buka e ’ngoe ea litšupiso, bohale bo ka “u kokona ’me ba etsa hore u halefe kapa ba etsa hore u bue lintho tse hlabang tseo hamorao u tla ikoahlaela tsona.” Esita le ho tlakoloha ka bohale ka lekhetlo le le leng feela ho ka baka tšenyo e ka nkang nako e telele ho e lokisa.
Bibele ea khothalletsa: “Letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Ka sebele, re ke ke ra etsa letho ho liehisa ho likela ha letsatsi. Empa re ka nka mehato ea ho lokisa “boemo [ba rōna] ba ho halefa” ka potlako e le hore re se ke ra tsoela pele ho ikutloisa bohloko le ho utloisa ba bang bohloko. Hape ho ka etsahala hore u sebetsane hantle le boemo hang ha bohale bo se bo kokobetse.
Joaloka lelapa le leng le le leng, ntle ho tika-tiko le la hao le tla ba le linako tsa thabo le tsa ho nyahama. Ba bang ba fumana ba khona ho sebetsana le boemo hamolemo ha ba tšollelana maikutlo kapa ba a tšollela ho motho e mong ea nang le kutloelo-bohloko le qenehelo. Ka sebele ena e bile phihlelo ea Kathleen. O ile a qala a hlokomela ’mè oa hae ea neng a tšoeroe ke kankere, hamorao a oka monna oa hae ea neng a na le ho tepella maikutlo ho sa foleng ’me qetellong a tšoaroa ke lefu la Alzheimer. Oa lumela: “Ho bua le metsoalle e utloisisang e ile ea e-ba mohloli oa khatholoho le khothatso.” Rosemary ea okileng ’mè oa hae ka lilemo tse peli oa lumela. O re: “Ho bua le motsoalle ea tšepahalang ho ile ha nthusa hore ke lule ke tsitsitse.”
Leha ho le joalo, u se ke ua makala haeba u sitoa ho ithiba ’me u lla ha u bua. Buka ea A Special Child in the Familya e re: “Ho lla ho fokotsa khatello ea kelello le mahlaba, ’me ho u thusa hore u hlōle mesarelo ea hao.”
Lula U E-na le Boikutlo bo Nepahetseng
Morena Solomone ea bohlale o ngotse: “Takatso ea hao ea ho phela e ka u matlafatsa ha u kula.” (Liproverbia 18:14, Today’s English Version) Bafuputsi ba morao tjena ba hlokometse hore litebello tsa bakuli—e-bang li fosahetse kapa li nepahetse—hangata li ama tsela eo phekolo e tla fella ka eona. Leha ho le joalo, ke joang lelapa le ka lulang le e-na le tšepo ho sa tsotellehe boloetse ba nako e telele?
Le hoja a sa iphapanyetse boloetse, malapa a sebetsana hamolemo le bona ha a lebisa tlhokomelo linthong tseo a ntseng a khona ho li etsa. Ntate e mong oa lumela: “Boemo bona bo ka etsa hore u nyahame ka ho feletseng, empa u tlameha ho elelloa hore u ntse u e-na le ho hongata. U ntse u phela, u sa na le ba heno le metsoalle.”
Le hoja boloetse bo sa foleng bo sa tlameha ho nkoa habobebe, ho soasoa ho nepahetseng ho thusa ho leleka maikutlo a ho felloa ke tšepo. Ho rata ho soasoa ha lelapa la Du Toit ho paka ’nete ena. Collette, khaitseli ea ho fela ea Neil du Toit, oa hlalosa: “Kaha re ithutile ho sebetsana le maemo a itseng, re ka tšeha lintho tse re etsahallang tseo ho ba bang e ka bang lintho tse ba khopisang haholo. Bonneteng, ho etsa joalo ho imolla kelello.” Bibele e re tiisetsa hore “pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang.”—Liproverbia 17:22.
Melao-motheo ea Bohlokoahali ea Moea
Karolo ea bohlokoa ea boiketlo ba moea ba Bakreste ba ’nete e akarelletsa ho ‘tsebisa Molimo likōpo tsa bona tse matla ka thapelo le thapeli.’ Phello e tla ba joalokaha e tšepisitsoe ka Bibeleng: “Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” (Bafilippi 4:6, 7) Ka mor’a hore ’mè e mong a qete lilemo tse ka bang 30 a hlokomela bana ba babeli ba nang le boloetse bo sa foleng, o re: “Re ithutile hore Jehova o le thusa hore le sebetsane ka katleho le boemo. Ka sebele oa le tšehetsa.”
Ho feta moo, ba bangata ba matlafalitsoe ke tšepiso ea Bibele ea lefatše la paradeise moo bohloko le mahlomola li ke keng tsa e-ba teng. (Tšenolo 21:3, 4) Braam o re: “Ka lebaka la boloetse bo sa foleng bo teng lapeng la rōna, re utloisisa ka ho eketsehileng se boleloang ke tšepiso ea Molimo ea hore ‘sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.’” Joaloka a mang a mangata, lelapa la Du Toit le labalabela ka cheseho nako eo ka eona Paradeiseng ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24 NW; 35:6.
Khothala. Bohloko le mahlomola tse imelang moloko oa batho ha e le hantle ke karolo ea bopaki ba hore maemo a molemo a atametse. (Luka 21:7, 10, 11) Khabareng, ba bangata ba fanang ka tlhokomelo le bakuli ba ka paka hore ka sebele Jehova ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ba hore na ho ka sebetsanoa joang ka katleho le khatello ea maikutlo e bakoang ke boloetse, ka kōpo bona sehlooho se reng “Ho Fana ka Tlhokomelo—Ho Sebetsana le Phephetso,” ho Tsoha! ea February 8, 1997, leqepheng la 3-13.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lipotso Tseo Lelapa le ka li Botsang Ngaka
• Boloetse bo tla hatela pele joang, hona bo be le liphello life?
• Bo tla ba le matšoao afe, ’me a ka laoloa joang?
• Ke mefuta efe e meng ea phekolo e fumanehang?
• Liphekolo tse fapaneng li ka ’na tsa e-ba le liphello life, tse kotsi le tse molemo?
• Ho ka etsoa eng hore ho ntlafatsoe boemo, ’me ho lokela ho qobjoe eng?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]
Kamoo U ka Bang ea Tšehetsang
Batho ba bang ba ka ’na ba qoba ho chaka kapa ho fana ka thuso hobane ba sa tsebe hore na ba bue ba re’ng kapa ba sebetsane le boemo joang. Ba bang ba ka ’na ba rata ho laola, ’me ka ho buella seo bona ba nahanang hore se molemo, ba ka ’na ba eketsa khatello eo lelapa leo le nang le eona. Ka hona, motho e ka ba ea tšehetsang lelapa le nang le mokuli ea nang le boloetse bo sa foleng joang, empa a sa kena-kenane le boinotši ba lona?
Mamela ka qenehelo. Jakobo 1:19 e re motho o lokela “ho potlaka mabapi le ho utloa.” Bontša ho ameha ka ho ba momameli ea molemo le ka ho lumella litho tsa lelapa hore li ikimolle ka ho bua haeba li batla ho etsa joalo. Li ka ’na tsa batla ho etsa joalo haeba li lemoha hore u na le ‘kutloelo-bohloko.’ (1 Petrose 3:8) Leha ho le joalo, hopola hore batho ba babeli kapa malapa a mabeli a ka se itšoare ka tsela e tšoanang ha ho e-na le boloetse bo sa foleng. Ka hona, Kathleen ea hlokometseng ’mè oa hae ’me hamorao a hlokomela monna oa hae ea neng a e-na le boloetse bo sa foleng o re: “U se ke ua fana ka keletso ntle leha u tseba ka ho feletseng ka boloetse boo kapa boemo.” (Liproverbia 10:19) Hape hopola, esita le haeba u e-na le tsebo e itseng ka boloetse, mokuli le lelapa labo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho se batle kapa ho se amohele keletso ea hao.
Fana ka thuso e sebetsang. Le hoja u lokela ho hlompha tlhokahalo ea boinotši ea lelapa le nang le mokuli, e-ba ea fumanehang bakeng sa ho le thusa moo le hlileng le u hlokang teng. (1 Bakorinthe 10:24) Braam ea qotsitsoeng letotong la lihlooho tsena o re: “Thuso ea metsoalle ea rōna ea Bakreste e bile e tsotehang. Ka mohlala, ha re ne re robaletsa sepetlele ka lebaka la boemo bo sa jeseng litheohelang ba Michelle, kamehla re ne re e-ba le metsoalle ea rōna e ka bang mene ho ea ho e tšeletseng e neng e lula le rōna bosiu bohle. E ne e fumaneha neng le neng ha re hloka thuso.” Ann, mosali oa Braam, oa tlatselletsa: “E ne e le mariha a batang haholo, ’me ka libeke tse peli metsoalle ea rōna e ne e re tlisetsa sopho e fapaneng letsatsi le leng le le leng. Re ile ra matlafatsoa ke sopho e chesang le ke lerato le lengata le mofuthu.”
Rapela le bona. Ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba le ho fokolang kapa ha se ke ha e-ba le letho leo u ka le etsang le ka sebetsang. Leha ho le joalo, e ’ngoe ea lintho tse khothatsang haholo ke ho arolelana le bakuli le ba malapa abo bona lintlha tse itseng tse hahang tsa Mangolo kapa thapelo e tlohang botebong ba pelo. (Jakobo 5:16) Nicolas ea lilemo li 18, eo ’mè oa hae a nang le khatello e sa foleng ea maikutlo o re: “Le ka mohla u se ke be ua khella fatše matla a thapelo e etsetsoang—le e etsoang hammoho le—ba kulang le ba malapa a bo bona.”
E, mofuta o nepahetseng oa tšehetso o ka etsa ho hongata ho thusa malapa hore a sebetsane ka katleho le khatello ea maikutlo e bakoang ke boloetse bo sa foleng. Bibele e re: “Motsoalle ke molekane ea lerato ka linako tsohle, ’me mor’abo motho o tsoalloa ho tla arolelana le eena litsietsi.”—Liproverbia 17:17, The New English Bible.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ha Boloetse bo Lebisa Lefung
Malapa a mang a ka ’na a e-ba leqe ho bua ka lefu le atamelang la moratuoa ea kulelang lefu. Leha ho le joalo, buka e reng Caring—How to Cope e bolela hore “haeba u e-na le leseli la hore na u lokela ho lebella eng le hore na u lokela ho etsa eng, hoo ho ka ’na ha thusa ho kokobetsa maikutlo a tletseng tšabo.” Le hoja mehato e tobileng e ka nkuoang e fapana ho ea ka melao ea libaka le litloaelo, tse ling tsa litlhahiso tseo lelapa le ka ’nang la nahana ka tsona ha le okela hae moratuoa ea kulelang lefu ke tse latelang.
Esale Pele
1. Botsa ngaka hore na le ka lebella eng matsatsing a ho qetela le lihoreng tsa ho qetela le hore na le lokela ho etsa eng haeba mokuli a hlokahala bosiu.
2. Ngola fatše batho bao ho tla hlokahala hore u ba tsebise ka lefu.
3. Nahana ka litokisetso tsa lepato:
• Thato ea mokuli ke efe?
• Ho patoa kapa ho chesoa? Bapisa litšenyehelo le litšebeletso tse fanoang ke batsamaisi ba fapaneng ba mapato.
• Phupu e lokela ho tšoaroa neng? Fana ka nako e lekaneng ea hore ho etsoe litokisetso tsa lipalangoang.
• Ke mang ea tla tsamaisa lepato?
• Le tla tšoareloa hokae?
4. Esita le haeba a noesitsoe lithethefatsi, mokuli o ntse a ka hlokomela se buuoang le se etsoang. E-ba seli hore u se ke ua bua letho litsebeng tsa hae leo u sa batleng ha a ka le utloa. U ka ’na ua batla ho mo khothatsa ka ho bua le eena ka bonolo le ka ho mo tšoara ka letsoho.
Ha Moratuoa a E-shoa
Tse ling tsa lintho tseo ba bang ba ka li etsang ho thusa lelapa le shoetsoeng ke tsena:
1. Fanang ka nako e lekaneng ea hore lelapa le be leng le mofu e le hore le ka qala ho amohela se etsahetseng.
2. Rapelang le lelapa le shoetsoeng.
3. Ha lelapa le se le lokile, le ka ’na la ananela ho thusoa ka ho tsebisa ba latelang:
• Ngaka e tla tiisa hore mokuli o shoele le e tla fana ka lengolo la bopaki la lefu.
• Motsamaisi oa mapato, ’moshara, kapa sebaka seo mofu a tla chesetsoa ho sona, ho hlokomela setopo.
• Beng ka lelapa le metsoalle. (Ka mokhoa o nahanelang u ka ’na ua bua ntho e kang ena: “Ke founa mabapi le [lebitso la mokuli]. Ke masoabi ho le bolella hore ke le tšoaretse litaba tse bohloko. Joalokaha le tseba, o ’nile a loantšana le [boloetse] ka nako e telele, ’me o hlokahetse [neng a le hokae].)
• Koranta e ka ngolang tsebiso ea lefu haeba ho batloa joalo.
4. Lelapa le ka ’na la batla ho tsamaea le motho e mong ho ea le thusa ha le qetella litokisetso tsa lepato.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Litho tsa lelapa li lokela ho etsa se matleng a tsona ho boloka mokhoa oa bophelo o itekanetseng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho rapela le le lelapa ho ka le thusa hore le sebetsane le boemo ka katleho