Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 2/8 maq. 6-11
  • Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute ka Boloetse ba Hao
  • Ho Fumana Tsela e Bonolo ea ho Tsitsa
  • Ho ba le Taolo Hape
  • Iphe Nako
  • Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa
    Tsoha!—2000
  • Kamoo Malapa a Sebetsanang ka Katleho le Boloetse bo sa Foleng
    Tsoha!—2000
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela Ho Kula Hakaale?
    Tsoha!—1997
  • Ha U le Liphateng Tse Chesang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 2/8 maq. 6-11

Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?

KHOLISEHA hore maikutlo a ferekanyang ao mohlomong u nang le ’ona aa utloahala. Le hoja boloetse kapa kholofalo ea hao e ka ’na ea e-ba taba e amang ’mele, kelello ea hao e hana liphetoho tseo boloetse bo u tlisetsang tsona. Ho ka ba joalokaha eka uena le boloetse ba hao le tlhōlisanong mabapi le seo u kileng ua ba sona le seo u ka ’nang ua ba sona. ’Me hona joale ho ka ’na ha bonahala boloetse ba hao e le bona bo hlōlang. Leha ho le joalo, u ka fetola boemo. Joang?

Dr. Kitty Stein oa hlokomela: “Ha ho e-ba le ho itseng ho lahlehang ka lebaka la boloetse, ho tšoana hantle le ha ho hlahile lefu.” Ka hona, ha u lahlehetsoe ke ntho ea bohlokoa ho uena e kang bophelo ba hao bo botle ba ’mele, hase mohlolo ho ipha nako ea ho sareloa le ho lla, hantle feela joalokaha u ne u ka etsa ha moratuoa oa hao a shoele. Ha e le hantle, tahlehelo ea hao e ka ama ho fetang bophelo ba hao. Joalokaha mosali e mong a hlalosa, “Ke ile ka tlameha ho tlohela mosebetsi oa ka. . . . Ka tlameha ho tela tokoloho eo ke neng ke e-na le eona kamehla.” Leha ho le joalo, e-ba le pono e leka-lekaneng ka lintho tse u lahlehetseng. Dr. Stein, eo ka boeena a tšoeroeng ke lefu la multiple sclerosis, oa phaella: “U lokela ho llela se u lahlehetseng, empa le teng u lokela ho lemoha seo u sa ntseng u e-na le sona.” Ka sebele, ka mor’a hore u sebetsane le meokho ea qalong, u tla bona hore u ntse u e-na le lintho tsa bohlokoa tse sa lahlehang. Taba ke hore u ka khona ho ikamahanya le maemo.

Mosesisi oa likepe a ke ke a laola sefefo, empa a ka khona ho feta har’a sona ka katleho ka ho lokisa liseile tsa sekepe. Ka tsela e tšoanang, u ka ’na ua sitoa ho laola boloetse bo u hlasetseng empa u ka khona ho sebetsana le bona ka katleho ka ho lokisa “liseile” tsa hao, ka mantsoe a mang, matla a hao a ’mele, a kelello le a maikutlo. Ke eng e thusitseng bakuli ba bang ba tšoeroeng ke mafu a sa foleng hore ba etse joalo?

Ithute ka Boloetse ba Hao

Ka mor’a ho amohela bohloko bo ileng ba ba otla ka sekhahla ha ba qala ho tseba lefu le ba tšoereng, ba bangata ba utloa ho le molemo ha ba tseba ’nete eo e bohloko ho feta ha ba lutse ba tšohile ntho eo ba sa e tsebeng. Le hoja tšabo e ka ’na ea u emisa hlooho, ho tseba se u etsahallang ho ka u thusa hore u nahane ka seo u ka se etsang—’me hangata seo ka bosona se ba le phello e ntle. Dr. David Spiegel oa Univesithi ea Stanford o re: “Lemoha hore na u ikutloa hamolemo hakae ha u fumana tsela ea ho sebetsana le ntho leha e le efe e u tšoenyang. Nako e telele le pele u ka etsa ho itseng, u fokotsa maikutlo a seng monate ka ho rera seo u tla se etsa.”

U ka ’na ua utloa ho hlokahala hore u tsebe ho eketsehileng ka boemo ba hao. Joalokaha maele a Bibele a bolela, “motho ea nang le tsebo o eketsa matla.” (Liproverbia 24:5) Monna e mong ea seng a sa theohe liphateng ka lebaka la ho kula oa eletsa: “Batla libuka laebraring. Ithute sohle seo u ka se khonang ka boloetse ba hao.” Ha u ntse u ithuta ka liphekolo tse teng le ka mekhoa ea ho sebetsana ka katleho le boloetse, mohlomong u ka fumana hore boemo ba hao ha bo bobe joalokaha u ne u tšohile. U ka ba ua fumana mabaka a ho ba le tšepo.

Leha ho le joalo, sepheo sa hao hase feela ho utloisisa boloetse ba hao. Dr. Spiegel oa hlalosa: “Pokello ena ea boitsebiso ke karolo ea bohlokoa ea boiteko ba ho tloaelana le boloetse ba hao, ho bo utloisisa le ho ba le pono e leka-lekaneng ka bona.” Ho amohela hore bophelo ba hao bo fetohile le hore ha e le hantle ha boa fela, ke mohato o amang maikutlo ’me hangata o etsahala butle. Empa bohato bona ba ho hatela pele—ho qala ka ho utloisisa boloetse ba hao ho fihlela u bo amohela maikutlong—ke bona boo u ka bo nkang. Joang?

Ho Fumana Tsela e Bonolo ea ho Tsitsa

U ka ’na ua tlameha ho lokisa pono ea hao ka se boleloang ke ho amohela boloetse bo u tšoereng. Etsoe ho amohela hore ua kula hase pontšo ea bofokoli, feela joalokaha e se bofokoli ho mosesisi oa sekepe ha a amohela ’nete ea hore o har’a sefefo. Ho e-na le hoo, ho ba le pono ea sebele ea hore ho na le sefefo ho etsa hore a nke khato ka hona. Ka ho tšoanang, joalokaha mosali e mong ea kulang a ile a hlokomela, ho amohela hore ua kula hase bofokoli, empa ho bolela “hore u hatela pele ka tsela e ncha.”

Esita le haeba matla a hao a ’mele a fokotsehile, u ka ’na ua tlameha ho ikhopotsa hore ha ho hlokahale hore litšobotsi tsa hao tsa kelello, tsa maikutlo le tsa moea li amehe. Ka mohlala, na u ntse u ka khona ho hlophisa lintho hantle le ho iketsetsa liqeto tse utloahalang? Mohlomong u ntse u khona ho bososela ka tsela e botsoalle, u ntse u tseba ho hlokomela ba bang le ho khona ho ba momameli ea molemo le motsoalle oa sebele. ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, u ntse u e-na le tumelo ho Molimo.

Ho phaella moo, hopola hore le hoja u ke ke ua fetola maemo ’ohle a hao, u ntse u ka ikemisetsa hore na u tla sebetsana le ’ona joang. Irene Pollin oa National Cancer Institute o re: “Ke uena ea laolang tsela eo u arabelang ka eona lefung le u tšoereng. U na le matla ana ho sa tsotellehe hore na lefu le u tšoereng le u bakela eng.” Helen, mosali ea lilemo li 70 eo boloetse ba hae ba multiple sclerosis bo seng bo le bobe, oa tiisa: “Hore u boele u tsitse hape ho itšetlehile ka tsela eo u arabelang ka eona boloetseng ba hao, eseng ho latela hore na boloetse bo boemong bofe.” Monna e mong ea sebetsaneng ka katleho le ho holofala ka lilemo tse ngata o re: “Ho ba le boikutlo bo nepahetseng ho tšoana le mokokotlo oa sekepe o se bolokang se eme.” Ka sebele, Liproverbia 18:14 e re: “Moea oa motho o ka mamella boloetse ba hae; empa ha e le moea o hlomohileng, ke mang ea ka o mamellang?”

Ho ba le Taolo Hape

Ha maikutlo a hao a boela a tsitsa, lipotso tse kang ‘Ke hobane’ng ha see se nketsahaletse?’ li ka ’na tsa fetohela potsong e kang, ‘Kaha sena se se se ntlhahetse, ke tla etsa eng ka sona?’ Boemong bona, u ka ’na ua khetha ho nka mehato e eketsehileng e hatelang pele. A re hlahlobeng e ’maloa.

Hlahlobisisa boemo ba hao, nahana hore na ke lintho life tseo u lokelang ho li lokisa ’me u fetole lintho tse ka fetohang. Dr. Spiegel o re: “Boloetse ba hao bo fana ka monyetla oa hore u hlahlobisise bophelo ba hao hape—bo etsa hore motho a falimehe, hase hore bo bilietsa lefu.” Ipotse, ‘Pele ke kula, ke eng seo e neng e le sa bohlokoa ho ’na? See se fetohile joang?’ Ipotse lipotso tse joalo, ka sepheo sa ho bona hore na ke lintho life tseo u ntseng u ka li etsa, mohlomong ka litsela tse fapaneng, eseng ka sepheo sa ho bona hore na ha u sa khona ho etsa eng. Ka mohlala, nahana ka Helen ea boletsoeng pejana.

Ka lilemo tse 25 tse fetileng, lefu la multiple sclerosis le ’nile la fokolisa mesifa ea hae. Pele, o ne a sebelisa lithupa hore a tsebe ho tsamaea. Ka mor’a nako ha letsoho la hae le letona le felloa ke matla, o ile a sebelisa le letšehali. Ka mor’a moo, letsoho la hae le letšehali le lona le ile la felloa ke matla. Joale, ka lilemo tse robeli tse fetileng o ne a se a sitoa ho tsamaea. Hona joale o tlameha ho hlatsuoa, ho jesoa le ho apesoa. Sena se mo utloisa bohloko, empa leha ho le joalo o re: “Ke sa sebelisa lepetjo la ka, ‘Nahana ka seo u ka se etsang, eseng seo u neng u khona ho se etsa.’” Le hona joale o ntse a khona ho etsa e meng ea mesebetsi eo a e thabelang kamehla, ka thuso ea monna oa hae le baoki ba mo etelang, hammoho le matsapa ao a iketsetsang ’ona ka boeena. Ka mohlala, ho arolelana le ba bang tšepiso ea Bibele ea lefatše le lecha la khotso le tlang e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea bophelo ba hae ho tloha ha a le lilemo li 11, le kajeno o ntse a khona ho etsa joalo beke e ’ngoe le e ’ngoe. (Matheu 28:19, 20) Helen oa hlalosa hore na sena o se khona joang:

“Ke kōpa mooki ea nketetseng hore a ntšoarele koranta. Re bala lipeho tsa mafu hammoho ebe re khetha tse ling. Joale ke bolella mooki hore na ke rata ho re’ng ho beng ka mofu, ’me mooki eena o thaepa lengolo. Lengolo leo ke le romella le bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa,a e hlalosang tšepo e tšelisang ea Bibele ka tsoho. Sena ke se etsa thapama ea Sontaha se seng le se seng. Ke thabisoa ke hore ke ntse ke khona ho arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.”

Ipehele lipakane tse utloahalang le tse finyellehang. Lebaka le leng le etsang hore Helen a leke ho fetola lintho tse ka fetohang ke hobane ho mo nolofalletsa ho ipehela lipakane le ho li finyella. Sena ke sa bohlokoa ho uena. Hobane’ng? Hobane ho ipehela lipakane ho lebisa kelello ea hao bokamosong, ’me ho finyella lipakane ho u fa khotsofalo e khōlō. Ho ka boela ha etsa hore u boele u itšepe. Leha ho le joalo, etsa bonnete ba hore pakane eo u ipehelang eona ke e tobileng. Ka mohlala, u ka ’na ua etsa qeto ena: ‘Ke tla bala khaolo e le ’ngoe ea Bibele kajeno.’ Hape ipehele lipakane tseo ho uena e tla ba tsa sebele. Kaha pōpeho ea hao ea ’mele le ea maikutlo e fapane le ea batho ba bang ba tšoeroeng ke mafu a sa foleng, u ka ’na ua se ke ua khona ho finyella lipakane tseo bona ba khonang ho li finyella.—Bagalata 6:4.

Lex ea lulang Netherlands o re: “Ho sa tsotellehe hore na pakane e bonahala e le nyenyane hakae, ho e finyella ho u susumelletsa hore u etse ho eketsehileng.” Lilemo tse fetang 20 tse fetileng ha a ne a le lilemo li 23, o ile a hlaheloa ke kotsi e ileng ea mo siea a shoele litho. Liphekolong tse ngata tse akarelletsang lintho tse kang ho silila, ho otlolla mesifa le ho thoba, tse ileng tsa latela ka mor’a moo, o ile a khothalletsoa hore a ipehele lipakane tse kang ho itlhatsoa sefahleho ka vaselapa. Ho etsa joalo ho ne ho mo khathatsa, empa o ile a atleha. Ha a elelloa hore o khonne ho finyella pakane eo, o ile a ipehela e ’ngoe—ho ipulela le ho ikoalla sesepa sa meno. Le teng o ile a atleha. Lex o re: “Le hoja ho ne ho se bonolo, ke ile ka sibolla hore nka etsa lintho tse ngata ho feta tseo ke neng ke nahana hore nka li khona.”

A tšehelitsoe ke mosali oa hae, Tineke, ka sebele Lex o finyeletse lipakane tse khōloanyane. Ka mohlala, a tsamaea le Tineke, hona joale o khona ho etela batho malapeng ka setulo sa hae sa likooa ho arolelana tsebo ea Bibele le bona. O boetse o na le maeto ao a a etsang beke le beke ho khothatsa monna e mong ea holofetseng habohloko eo a ithutang Bibele le eena. Lex o re: “Ho thusa ba bang ho nkhotsofatsa haholo.” Joalokaha Bibele e tiisa, “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Na le uena u ka ipehela lipakane tsa ho thusa ba bang? Ho kula kapa ho holofala ha hao ho ka etsa hore u be motšelisi ea nang le tsebo ka ho khethehileng hobane mathata a hao a etsa hore u utloisise bohloko ba ba bang haholoanyane.

Lula u ntse u iteanya le ba bang. Lithuto tsa bongaka li bontša hore ho lula ho e-na le batho bao u kopanang le bona ho molemo bophelong ba hao. Empa se fapaneng le seo le sona ke ’nete. Mofuputsi e mong o re: “Kamano e teng lipakeng tsa ho itšehla thajana le lefu, e . . . matla joaloka kamano e teng lipakeng tsa ho tsuba . . . le lefu.” Oa phaella: “Ho ntlafatsa likamano tsa hao le batho ho molemo bophelong ba hao feela joalokaha ho le joalo ka ho khaotsa ho tsuba.” Ha ho makatse hore ebe o qetella ka hore tsebo ea rōna ea ho boloka likamano le batho “ke ea bohlokoa bakeng sa ho tsoela pele bophelong”!—Liproverbia 18:1.

Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe sehloohong se ka pele ho sena, bothata e ka ’na ea e-ba hore e meng ea metsoalle ea hao e khaolitse ho u etela. Molemong oa hao, u tla tlameha ho loantša maikutlo a matla a hore u itšehle thajana. Empa u tla etsa seo joang? U ka ’na ua qala ka ho mema metsoalle ea hao hore e u etele.

Etsa hore ba u etetseng ba be le nako e monate.b U ka etsa joalo ka ho lekanyetsa seo u se buang ka boloetse ba hao e le hore baeti ba hao ba se khathatsoe ke ho mamela moqoqo oa boloetse feela. Mosali e mong ea tšoeroeng ke lefu le sa foleng o rarolotse bothata bona ka ho ipehela meeli nakong ea ha a qoqa le monna oa hae ka boloetse ba hae. O re: “Re ile ra tlameha hore re lekanyetse sena.” Ka sebele, boloetse ba hao ha boa lokela ho bipetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ka buang ka eona. Ka mor’a hore a bue le motsoalle oa hae ea sa tloheng liphateng ka lebaka la boloetse ka lintho tse kang bonono, histori le mabaka a hae a hore a be le tumelo ho Jehova Molimo, moeti e mong o ile a re: “Ha e ke le ho ka oa kula. Ho bile monate ho qoqa le eena.”

Ho rata mesoaso le hona ho ka etsa hore metsoalle ea hao e thabele ho tla u bona. Ho feta moo, ho tšeha ho ruisa uena molemo. Monna ea tšoeroeng ke Parkinson’s disease o re: “Ho soasoa ho u thusa hore u sebetsane ka katleho le maemo a mangata ao u iphumanang u le ka har’a ’ona le a u tobileng.” Ka sebele, ho tšeha e ka ba moriana o sebetsang. Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.” Esita le ho tšeha metsotso e seng mekae ho ka u tsoela molemo. Ho feta moo, mongoli Susan Milstrey Wells, eo ka boeena a tšoeroeng ke lefu le sa foleng oa hlokomela: “Ho fapana le litlhare tse ling tseo re li lekang, ho tšeha ha ho na likotsi, ha ho na chefo ’me hoa thabisa. Moea o sa thabang ke sona phetho se re lahlehelang.”

Fumana litsela tsa ho fokotsa khatello ea maikutlo. Liphuputso li tiisa hore khatello ea maikutlo e ka ’na ea mpefatsa matšoao a lefu le itseng ’meleng, athe ho fokotseha ha eona ho ka thusa hore mokuli a mamelle matšoao ao haholoanyane. Ka hona, nako le nako phomola. (Moeklesia 3:1, 4) U se ke ua lula u amehile ka boloetse ba hao bosiu le motšehare. Haeba boloetse ba hao bo se bo u tlama ho ba lapeng nako eohle, u ka ’na ua leka ho theola khatello e maikutlong a hao ka ho mamela ’mino o khutsitseng, ho bala buka, ho ikhatholla ka bateng nako e telele, ho ngola mangolo kapa lithothokiso, ho toroea litšoantšo, ho bapala seletsa se itseng sa ’mino, ho bua le motsoalle eo u mo tšepang kapa ho tšoareha mesebetsing e tšoanang le ena. Ho etsa joalo ho ke ke ha rarolla bothata ba hao ka hohle-hohle, empa ho ka ’na ha u fa phomolo ea nakoana.

Haeba u khona ho tsamaea, itsamaele ka morero oa ho ikhatholla, e-ea mabenkeleng, lokisa serapa, nka koloi u ee kae-kae kapa ha ho khoneha, e-ea phomolong sebakeng se seng. Ke ’nete hore ho nka leeto ho ka ’na ha e-ba thata haholoanyane ka lebaka la boloetse ba hao, empa litšitiso li ka hlōloa haeba ho ile ha lokisetsoa esale pele hammoho le ho hlophisa lintho tse itseng. Ka mohlala, Lex le Tineke ba boletsoeng pejana ba ile ba khona ho etela naheng e ’ngoe. Lex o re: “Qalong re ne re batla re tsitsipane, empa re ile ra ba le matsatsi a phomolo a monate!” Ka sebele, boloetse ba hao e ka ’na ea e-ba karolo ea bophelo ba hao, empa ha ho hlokahale hore bo laole bophelo ba hao.

Fumana matla tumelong. Bakreste ba ’nete ba sebetsaneng ka katleho le kholofalo e tebileng ba bolela hore tumelo ea bona ho Jehova Molimo le ho kopanela ha bona le phutheho ea Bokreste ke eona mehloli ea kamehla ea matšeliso le matla a bona.c Tse latelang ke tse ling tsa lipolelo tsa bona mabapi le bohlokoa ba ho rapela, ho ithuta Bibele, ho thuisa ka bokamoso le ho kopanela libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso.

● “Ka linako tse ling ke tepella maikutlo. Ha sena se etsahala, ke rapela Jehova ’me o tsosolosa boikemisetso ba ka ba ho tsoela pele ke etsa seo nka se khonang.”—Pesaleme ea 55:22; Luka 11:13.

● “Ho bala Bibele le ho thuisa ka seo ke se balang ho nthusa haholo hore ke lule ke e-na le khotso ea kelello.”—Pesaleme ea 63:6; 77:11, 12.

● “Thuto ea Bibele e nkhopotsa hore ke hona bophelo ba sebele bo larileng kapele, le hore nke ke ka holofala ka ho sa feleng.”—Esaia 35:5, 6; Tšenolo 21:3, 4.

● “Ho ba le tumelo bokamosong bo tšepisitsoeng Bibeleng ho mpha matla a hore ke sebetsane le bophelo letsatsi ka leng.”—Matheu 6:33, 34; Baroma 12:12.

● “Ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso ho boloka kelello ea ka e tsepame linthong tse khothatsang, eseng boloetseng ba ka.”—Pesaleme ea 26:12; 27:4.

● “Ho bokana ho khothatsang le litho tsa phutheho ho mphuthumatsa pelo.”—Liketso 28:15.

Bibele ea re tiisetsa: “Jehova o molemo, ke qhobosheane letsatsing la mahlomola. O ela hloko ba batlang setšabelo ho eena.” (Nahume 1:7) Ho ba le kamano e haufi le Jehova Molimo le ho kopanela le phutheho ea Bokreste ke mehloli ea khothatso le matla.—Baroma 1:11, 12; 2 Bakorinthe 1:3; 4:7.

Iphe Nako

Mosebeletsi oa sechaba ea thusang batho hore ba sebetsane le maphomela a boloetse ba nako e telele o hlokomela hore ho phela ka katleho le boloetse bo tebileng ba hao kapa ho holofala ke ntho e “nkang nako e itseng, ha e etsahale ka bosiu bo le bong.” Setsebi se seng se khothalletsa hore u iphe nako kaha u ithuta “tsebo e ncha ka ho feletseng: ho sebetsana le boloetse bo tebileng.” Hlokomela hore le haeba u e-na le boikutlo bo nepahetseng, ho ntse ho ka ba le matsatsi kapa libeke tseo ka tsona liphello tsa boloetse ba hao li etsang hore u imeloe kelellong. Leha ho le joalo, u ka ’na ua bona khatelo-pele e itseng ha nako e ntse e feta. Seo e bile ’nete ka mosali e mong ea ileng a re: “Ke ile ka thaba ho tlōla tekano ha ke hlokomela hore ke qetile letsatsi lohle ke sa ka ka nahana ka kankere. . . . Nakong e fetileng, ke ne nke ke ka nahana hore seo se ka etsahala.”

Ka sebele, hang ha u fetile linthong tseo u neng u li tšaba pele ’me u se u ipehetse lipakane tse ncha, u ka ’na ua makatsoa ke tsela e ntle eo u ka sebetsanang le maemo ka katleho ka eona—joalokaha sehlooho se latelang se bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Ha e le hantle, litlhahiso tsa hore na u tšoare baeti joang li sebetsa le ho feta tseleng eo ka eona u tšoarang molekane oa hao, bana ba hao kapa motho ea u hlokomelang.

c Ho thahasellisang, liphuputso tse ’maloa tsa bongaka li boletse hore tumelo e ntlafatsa bophelo le boiketlo ba motho. Ho latela Moprofesa Dale Matthews oa Univesithi ea Sekolo sa Bongaka sa Georgetown, “ho ba le tumelo ho ipakile ho le molemo.”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho ithuta boloetse ba hao ho ka u thusa hore u tloaelane le bona

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

A thusoa ke ba bang, Helen o ngola mangolo a khothatsang

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

“Ke thabisoa ke ho arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo”

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

“Ke ile ka sibolla hore le hoja ke shoele litho, nka etsa lintho tse ngata ho feta tseo ke neng ke nahana hore nka li khona.”—Lex

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela