Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 5/8 maq. 28-30
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela Ho Kula Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela Ho Kula Hakaale?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ke Hobane’ng ha See se Nketsahalla?’
  • Ho Loantša Tšabo
  • Phephetso ea ho Kula
  • Ho ea Ngakeng—Ha ho Monate
  • Ke Hobane’ng ha ke Kula Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa
    Tsoha!—2000
  • Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?
    Tsoha!—2001
  • Nka Tobana ka Katleho Joang le ho Kula Hakaale?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 5/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela Ho Kula Hakaale?

HA Jason a ne a le lilemo li 13, o ile a ipehela pakane ea hore ka letsatsi le leng o tla sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng Bethele, ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova, Brooklyn, New York. O ile a iketsetsa lebokose la lehong ’me a le bitsa lebokose la hae la Bethele. O ile a qala ho bokella lintho ka ho lona tseo a neng a nahana hore li tla mo thusa ha a qala mosebetsi oa hae oa Bethele.

Leha ho le joalo, likhoeli tse tharo feela ka mor’a ho qeta selemo sa bo18, Jason o ile a fumanoa a e-na le Crohn’s disease—boloetse bo sa phekoleheng, ba mala a bohloko. Oa hopola: “Bo ile ba ntšithabetsa. Sohle seo ke neng nka se etsa e ne e le ho founela Ntate mosebetsing le ho lla. Ke ne ke tseba hore, haeba ha ho letho le ka etsoang, ke tla seleballoa takatsong ea ka ea ho ea Bethele.”

Ho kula ke lebaka la motheo leo ka lona ‘pōpo eohle e ntseng e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.’ (Baroma 8:22) Har’a ba kulang ho akarelletsoa bacha ba limilione tse se nang palo. Bacha ba bangata baa hlaphoheloa hamorao. Empa ba bang ba tlameha ho tobana le maloetse a sa foleng kapa ao, maemong a mang, a behang bophelo kotsing. Har’a maloetse a tšoarang bacha hangata ho akarelletsoa letšoea, lefu la tsoekere, sickle-cell disease, mafu a tšoaetsanoang, sethoathoa, lefu la kelello le kankere. Bacha ba bang ba phela ba e-na le mafu a mangata.

‘Ke Hobane’ng ha See se Nketsahalla?’

Hangata ho kula ho baka khatello kelellong le maikutlong, ho phaella bohlokong ba ’mele. Ka mohlala, haeba ho kula ho u sitisa ho ea sekolong ka likhoeli tse seng kae, u ka ’na ua se salle morao lithutong feela empa hape u ikutloa u arohane le metsoalle. Ha Sunny ea lilemo li 12 a tlameha ho fosa sekolo ka lebaka la ho kena sepetlele nako le nako, oa ipotsa, ‘Liithuti-’moho le ’na li etsa eng? Ke fosoa ke eng kajeno?’

Ka mokhoa o tšoanang, khōlo ea bomoea e ka bonahala e hula ka thata nakong eo u kulang hoo u sitoang ho ba teng libokeng tsa Bokreste kapa esita le ho bala Bibele. Maemong a joalo u hloka tšehetso e eketsehileng maikutlong le moeeng. Qalong, u ka ’na ua hana ho lumela hore u tšoeroe ke lefu le itseng. Hamorao, u ka ’na ua ikutloa u halefile haholo, mohlomong u ikhalefetse, u nahana hore u ka be u qobile ho kula hoo ka tsela e itseng. U ka ’na ua ikutloa eka u ka hoeletsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore see se nketsahalle?’ (Bapisa le Matheu 27:46.) Bonneteng, ho tloaelehile ho tepella maikutlo ka mokhoa o itseng.

Ho phaella moo, mohlomong mocha a ka ba ’na a nahana hore haeba a etsa boiteko bo khethehileng, mohlomong a leka ho itšoara ka bokhabane, Molimo o tla felisa bokuli ba hae. Leha ho le joalo, monahano o joalo o ka tlisa masoabi, kaha Molimo ha a tšepise pholiso ea mohlolo mehleng ena.—1 Bakorinthe 12:30; 13:8, 13.

Mohlomong u ’nile ua tšepa hore ha ho mohla u tla tlameha ho shoa—hore u tla be u phela nakong eo Molimo a tlisang ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšenolo 7:14, 15; Johanne 11:26) Haeba ho joalo, ho tseba hore u na le boloetse bo behang bophelo kotsing ho ka tšosa haholo. Mohlomong u ka nahana hore u entse ho hong ho khopisang Jehova kapa u ka ’na ua nahana hore Molimo o u qolotse bakeng sa teko e ’ngoe e itseng ea botšepehi. Leha ho le joalo, tsena hase liqeto tse loketseng. Lentsoe la Molimo, Bibele, le re: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe leha e le hore eena ka boeena o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Ho kula le lefu ke likarolo tse sa thabiseng tsa boemo ba batho ba hona joale, ’me kaofela re tleloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11, NW.

Ho Loantša Tšabo

Ho ba le boloetse bo matla ho ka ’na ha boela ha etsa hore ka lekhetlo la pele u ikutloe u tšaba. Buka e bitsoang How It Feels to Fight for Your Life e tlaleha se hlokometsoeng ho bacha ba 14 ba nang le maloetse a matla. Ka mohlala, Anton, ea lilemo li leshome, o ne a tšaba hore a ka ’na a shoa nakong eo a hlasetsoeng ke letšoea. ’Me Elizabeth, ea lilemo li 16, ea neng a loana le kankere ea masapo, o ne a tšaba ho robala ka hore a ka ’na a roballa ruri.

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba na le tšabo ea mofuta o mong—tšabo ea hore ha ho motho ea tla batla ho ba nyala kapa tšabo ea hore ba ke ke ba e-ba le bana ba phelang hantle hamorao bophelong. Bacha ba bang ba tšaba hore ba ka ’na ba fetisetsa boloetse ba bona ho litho tse ling tsa lelapa, ebang boloetse ba bona boa tšoaetsanoa kapa che.

Esita le haeba boloetse boa laoleha kapa boa kokobela, ha bo ka tsoha, tšabo e ka boela ea e-ba teng. Haeba u kile ua ba le tšabo e joalo, ua tseba hore ke ea sebele. Ka lehlohonolo, pherekano ea pele ea maikutlo a fosahetseng e atisa ho nyamela ka mor’a nakoana. Joale u ka qala ho lekanyetsa maemo a hao ka kutloisiso e molemonyana.

Phephetso ea ho Kula

Jason ea boletsoeng pejana, o re: “Ha u le mocha, u ikutloa hore u ke ke ua hlōloa ke letho. Joale, ka tšohanyetso, ho kula ho matla ho u hlokomelisa hore ha ho joalo. U ikutloa u se u tsofetse ka bosiu bo le bong, kaha u tlameha ho lula fatše le ho fokotsa mesebetsi ea hao.” E, ho tobana le lithibelo tse ncha ke phephetso.

Jason o fumane hore phephetso e ’ngoe e khōlō e tlisoa ke ha ba bang ba hlōleha ho utloisisa boemo ba hao. Jason o na le se ka ’nang sa bitsoa “boloetse bo ipatileng.” Ponahalo ea hae ea ka ntle e shanofatsa mathata a hae a ka hare. Jason oa hlalosa: “’Mele oa ka ha o sile lijo ka tšoanelo, kahoo ke tlameha ho ja khafetsa ’me ke ja lijo tse ngata ho feta tseo ba bangata ba li jang. Leha ho le joalo, ke ntse ke le mosesaane. Hape, ka linako tse ling ke khathala hoo ke sitoang ho lula ke butse mahlo har’a motšehare. Empa batho ba bua lintho tse bontšang hore ba nahana hore kea tefa kapa ke botsoa. Ba bua lintho tse kang: ‘Ua tseba u ka etsa hamolemonyana. Ha u etse le boiteko feela!’”

Hase kamehla banab’abo Jason ba utloisisang hore na ke hobane’ng ha a sitoa ho etsa lintho tseo a neng a li etsa pele, joaloka ho tsamaea le bona ho ea bapala bolo. Jason o re: “Empa kea tseba hore haeba nka tsoa kotsi, ho ka nka libeke hore ke fole. Ba na le tšekamelo ea ho tšoantša ho opeloa ha ka le ha bona ’me ba re, ‘O mpa a bobolela feela hore a hlokomeloe.’ Mohlomong ho opeloa ha bona ho hobe ka ho fetisisa ke ho kang ha ho nonyetseha leoto, kahoo ba sitoa feela le ho nahana hore na ho opeloa ha ka ke ntho e joang.”

Haeba boloetse ba hao ho bonahala eka bo imetsa lelapa leno, u ka ’na ua loantšana le boikutlo ba ho ba molato. Batsoali ba hao le bona ba ka ’na ba ikutloa ba le molato. Jason o re: “Batsoali ba ka ka bobeli ba nahana hore mohlomong ke ba futsitse. Hangata bana ba amohela boloetse ka mor’a hore ba bo utloisise. Empa batsoali ba fumana ho le boima. Ba lula ba inyatsa ho ’na. Ka nako eohle ke tlameha ho etsa sohle se matleng a ka ho leka ho ba imolla boikutlong ba bona ba ho ba molato.”

Ho ea Ngakeng—Ha ho Monate

Ho ea ngakeng kamehla e ka ba mohloli oa matšoenyeho. Ho ka etsa hore u ikutloe u itella ’me u inyatsa. Ho lula feela ka kamoreng ea ho leta sepetlele u emetse nako ea hao ea ho kena ka ngakeng e ka ba ho tšosang. Joseph ea lilemo li 14, mokuli oa lefu la pelo, o re: “U ikutloa . . . u lahlehile ’me ho ne ho ka ba molemo haeba u ne u tsamaea le motho e mong.” Ka masoabi, bacha ba bang ha ba fumane tšehetso ea mofuta oo, esita le ho batsoali ba bona.

Litlhahlobo tsa bongaka ka ho tšoanang li ka baka matšoenyeho. Ka sebele, litlhahlobo tse ling li ka ba bohloko haholo. Joale, ka mor’a moo, u ka ’na ua tlameha ho mamella matsatsi kapa libeke tsa matšoenyeho nakong eo u emetseng liphello tsa tlhahlobo. Empa hopola sena: Tlhahlobo ea boloetse ha e tšoane le tlhahlobo ea sekolong; ho kula ha ho bolele hore ho na le moo u hlōlehileng teng.

Ha e le hantle, tlhahlobo e ka fana ka boitsebiso bo thusang. E ka bontša hore u tšoeroe ke boloetse bo ka phekolehang habonolo. Kapa, haeba ho se joalo, tlhahlobo e ka thusa ho bontša seo u ka se etsang hore u phele le boloetse boo. E ka ba ea bontša hore ha u na boloetse bo itseng boo ho neng ho nahanoa hore bo teng. Kahoo, leka ho se potlakele liqetong tse itseng ka boemo ba hao.

Ho tšoenyeha ka ho feteletseng ho ka u qeta matla feela. Bibele e re: “Ho fèha matšoafo ho nyahamisa pelo ea motho.” (Liproverbia 12:25, BPN) Ho e-na le hoo, Molimo o re memela ho mo bolella lintho tse re ngongorehisang. Re lokela ho tšepa hore oa re tsotella le hore o tla re fa tataiso le bohlale tsa ho loana le bothata ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang.—Pesaleme ea 41:3; Liproverbia 3:5, 6; Bafilippi 4:6, 7; Jakobo 1:5.

Re ka thabela hore ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o entse tokisetso ea ho tlisa lefatše le lecha la ho loka. O tla tsosa le ba shoeleng, a ba fe monyetla oa ho thabela lefatše leo le lecha. Bibele e re tiisetsa hore nakong eo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.

Ho fihlela nakong eo, u ka ’na ua tlameha ho mamella ho kula ho matla. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tse sebetsang tseo u ka li etsang ho sebetsana ka katleho le boemo ba hao. Re tla li tšohla sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

U ka ’na ua botsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore see se nketsahalle?’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela