Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 2 maq. 10-13
  • Ha U le Liphateng Tse Chesang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha U le Liphateng Tse Chesang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BATHO BA BANG BA THUSITSOE KE ENG?
  • Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa
    Tsoha!—2000
  • Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?
    Tsoha!—2001
  • Kamoo Malapa a Sebetsanang ka Katleho le Boloetse bo sa Foleng
    Tsoha!—2000
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela Ho Kula Hakaale?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 2 maq. 10-13

Ha U le Liphateng Tse Chesang

’Mè Linda ea lilemo li 71 o re:

“Ka lekhetlo le leng ha ke ile ngakeng ke ile ka bolelloa hore ke na le mofetše oa matšoafo le oa mala. Ke ne ke ipona ke se ke shoele ha ke utloa litaba tseo. Ha ke fihla hae ke ile ka ipolella hore le hoja ke ne ke sa lebella taba e tjena ke tlameha ho nahana lintho bocha.”

’Mè Elise ea lilemo li 49 o re:

“Ke na le bothata ba methapo bo etsang hore ke utloe eka lehlakore le letšehali la sefahleho sa ka lea shoa. Ka linako tse ling ke opeloa hoo ke nyotobelang maikutlo. Athe ka linako tse ling ke utloa ke le motoai-toai hoo ekang nka ipolaea.”

Ntate ea lutseng holim’a wheelchair o na le batho bao a ba ratang

MOHLOMONG u utloisisa taba ena hantle haeba oa kula kapa u oka motho ea liphateng tse chesang. U ka qetella u le sefela-peloana ka lebaka la boemo bona. Ho kula ho ka u ja ka hloohong, hape u ka tšoenyeha le ho feta ka lebaka la meriana e u bakelang mathata, ho patalla meriana e turu ho matha lingakeng kapa ho se fumane pheko.

Ebe u ka thusoa ke eng? Ho bala Bibele le ho rapela ho ka u thusa haholo. Beng ka uena le metsoalle ea hao le bona ba ka u thusa.

BATHO BA BANG BA THUSITSOE KE ENG?

Ntate Robert ea lilemo li 58 o re: “Lumela ho Molimo ’me o tla u thusa ha u kula. Mo rapele, u mo bolelle hore na u ikutloa joang u be u kope hore a u fe moea o halalelang. Ke eena ea ka u fang matla a ba a u thusa hore u mamelle bokuli ba hao.

“Ha ho na ntho e khothatsang joaloka ho tšehetsoa ke beng ka uena. Letsatsi le leng le le leng ba lula ba ntetsetsa ba mpotsa hore na ke ntse ke ea joang. Metsoalle ea ka le eona ea nkhothatsa ho sa tsotellehe hore na e lula hole hakae le ’na. Lintho tsena kaofela lia ntšelisa ebile li ntiisa mooko.”

Ha u chaketse mokuli u hopole mantsoe a ’mè Linda ea ileng a re: “Motho ha a kula o batla ho tšoana le batho ba bang, o batla ho bua ka lintho tse ling eseng ka bokuli ba hae nako ena kaofela. E ka ba hantle ho qoqa ka lintho tseo le tloaetseng ho qoqa ka tsona.”

Molimo a ka u thusa hore u mamelle ha u kula, u ka boela oa thusoa ke ho bala Bibele, lelapa hammoho le metsoalle.

Litemana Tse ka U Thusang

Tšepa Molimo.

“Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang. Enoa ea hlorileng o ile a hooa, ’me Jehova a utloa.”​—Pesaleme ea 34:​4, 6.

’Mè Linda eo re buileng ka eena o re: “Ha ke rapelle ho fola empa ke kopa Molimo hore a mphe matla e le hore ke mamelle bokuli ba ka.”

Imatlafatse ka ho bala Bibele.

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ ”​—Esaia 33:24.

U tla ba le tšepo ha u lula u nahanisisa ka lintho tseo Molimo a li tšepisitseng.

Kopa thuso ho beng ka uena le metsoalle.

“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” ​—Liproverbia 17:17.

’Mè Elise eo le eena re buileng ka eena pejana o re: “Lefu la noha ke ho tsamaea e le ’ngoe. U se ke oa hana ha batho ba u ratang ba u thusa. Le hoja ka linako tse ling u ka bona eka batho ba bang ha ba u tsotelle le Molimo ha a u mamele, u se ke oa itšehla thajana.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela