Ke Bo-mang Bao e Tla ba Baevangeli?
SEBOKENG sa Lekhotla la Lefatše la Likereke lilemong tse ka bang 40 tse fetileng, litho li ile tsa phehelloa hore li “futuhe ka moea oa boevangeli” le hore li rute mohlape oa tsona ho “phathahana ka ho bolela evangeli.” Lilemo tse hlano hamorao, John A. O’Brien, moruti oa K’hatholike, o ile a ngola ka tlhokahalo ea ho kenya barutuoa ba bacha “ka ho ea ho bona” e seng feela ka “ho lula malapeng a rōna.” ’Me ka January 1994, Mopapa John Paul II o ile a re “hase nako ea ho hlajoa ke lihlong ke Kosepele, ke nako ea ho e bolela le holim’a marulelo.”
Kamoo ho bonahalang kateng, mekhosi ena e tsamaeang e khaotsa bakeng sa baevangeli e oetse litsebeng tse thibaneng. Sehlooho se neng se le koranteng ea Australia, Illawarra Mercury, se ile sa bolela: “Mak’hatholike a Lebōpong le ka Boroa le tsebisahalang ha a lakatse ho sebelisa mokhoa oa katamelo oa Lipaki tsa Jehova tumelong ea ’ona.” Monna e mong o ile a re boevangeli e mpa feela e “se karolo ea khopolo ea K’hatholike.” E mong o ile a beha lebaka: “Ho hotle hore Kereke e ipuelle ka boeona, empa e seng ka ho kokota monyako. Mohlomong ho ne ho ka ba molemo ka likolo kapa ka ho akhela mangolo posong.” Esita le hlooho ea cathedral ea moo e ne e sa kholiseha hantle hore na e hlalosa boikutlo ba mopapa joang. E ile ea re: “Re tla khothalletsa batho hore ba sebelise Kosepele eo ba e tsebang bophelong ba bona. Hore na hoo ho bolela ho kokota monyako, e se e le e ’ngoe taba.” Sehlooho sa litaba koranteng eo se akaretsa lintlha hantle: “Mak’hatholike a ke ke a mamela pitso ea Mopapa ea ho bolela.”
Ho sa tsotellehe ho hlōleha ha Bokreste-’motōana ho bolela evangeli, Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse hlano li latela taelo ea Jesu e reng, “e-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20; bapisa le Liketso 5:42.) Mosebetsi oa tsona oa ho bolela ka ntlo le ntlo hona joale o phethahatsoa linaheng tse fetang 230. Molaetsa oo li o tlisang ke oa sebele, o totobatsang litšepiso tse hlollang tsa Bibele ka bokamoso. Ke hobane’ng ha u sa buisane le tsona nakong e tlang ha li u etela?