Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/1 maq. 29-31
  • “Hopola Matsatsi a Fetileng”—Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hopola Matsatsi a Fetileng”—Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšusumetso le Khothatso
  • Ho Ithuta Liphosong Tsa Nakong e Fetileng
  • Boikokobetso le Teboho
  • U se ke Ua Lebala Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • U ka Ntlafatsa ho Hopola ha Hao
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • U se ke Ua Tela Peisong ea Bophelo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/1 maq. 29-31

“Hopola Matsatsi a Fetileng”—Hobane’ng?

“HOPOLA matsatsi a fetileng.” Keletso ena e fanoeng ke moapostola Pauluse, e ngotsoeng hoo e ka bang ka 61 C.E., e ne e lebisitsoe ho Bakreste ba Baheberu Judea. (Baheberu 10:32, The New English Bible) Ke eng se ileng sa susumetsa hore a bue ka taba ee? Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore barapeli bao ba Jehova ba lekholong la pele la lilemo ba se lebale nako e fetileng? Na le rōna re ka rua molemo ka ho ela hloko khopotso e tšoanang kajeno?

Ka makholo a lilemo a fetileng, bangoli ba Bibele ka makhetlo a mangata ba ’nile ba hlokomelisa ka ho hlokomoloha kapa ho se natse nako e fetileng. Linako le liketsahalo tse fetileng li ne li lokela ho hopoloa le hore ho nahanoe ka tsona. Esita le Jehova o ile a re: “Hopolang liketso tsa pele tse etsahetseng khale, hobane ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong; ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joalo ka ’na.” (Esaia 46:9) A re ke re hlahlobeng mabaka a mararo a matla a ho ela temoso ena hloko.

Tšusumetso le Khothatso

Lebaka la pele, temoso e ka ba mohloli o moholo oa tšusumetso le khothatso. Ha Pauluse a ne a ngolla phutheho ea Baheberu lengolo la hae, o ne a ngolla Bakreste-’moho le eena bao letsatsi le letsatsi tumelo ea bona e neng e lekoa ka lebaka la khatello e tsoang ho Bajuda. Ka ho hlokomela tlhokahalo ea hore ba matlafatse mamello ea bona, Pauluse o ile a re: “Le ’ne le tsoele pele le hopola matsatsi a pele ao ka ’ona, ka mor’a hore le behoe leseling, le ileng la mamella tlhōlisano e khōlō tlas’a litlhokofatso.” (Baheberu 10:32) Ho hopola ha bona liketso tsa nakong e fetileng tsa botšepehi ntoeng ea moea ho ne ho tla ba neha khothatso e hlokahalang ho qetella peiso. Ka mokhoa o tšoanang, moprofeta Esaia o ile a ngola: “Hopolang taba tseo le etse ka senna.” (Esaia 46:8) E bile ka maikutlo a tšoanang moo Jesu Kreste a ileng a bolella phutheho e Efese: “Ka hona hopola hore na u oele ho eng [lerato leo u neng u e-na le lona pele], ’me u bake ’me u etse liketso tsa pele.”—Tšenolo 2:4, 5.

Khothatso ea ho “hopola matsatsi a boholo-holo, ho nahana morao ka lilemo tsa ho tloha molokong ho isa molokong” e ne e le taba e hlahellang hangata lipuong tseo Moshe a faneng ka tsona ho Baiseraele ha a ntse a phehella sechaba ho bontša botšepehi bo hlokang tšabo ho Jehova. (Deuteronoma 32:7, NW) Hlokomela mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Deuteronoma 7:18: “U se ke ua [ba] tšaba [Bakanana], u mpe u hopole tseo Jehova, Molimo oa hao, a li entseng ho Faro le ho ba-Egepeta kaofela.” Ho hopola liketso tsa Jehova tse pholosang molemong oa batho ba hae e ne e lokela ho ba lebaka le ba susumetsang hore ba tsoele pele ho khomarela melao ea Molimo.—Deuteronoma 5:15; 15:15.

Ka masoabi, hangata Baiseraele ba ne ba oela phosong ea ho lebala. Phello e bile efe? “Ba boela ba leka Molimo, ba halefisa Mohalaleli oa Iseraele. Ha ba ka ba hlola ba hopola letsoho la oona leha e le letsatsi leo o ba lopolotseng lireng ka lona.” (Pesaleme ea 78:41, 42) Qetellong, ho lebala ha bona litaelo tsa Jehova ho felletse ka hore a ba lahle.—Matheu 21:42, 43.

Mohlala o motle o ile oa behoa ke mopesaleme ea ileng a ngola: “Ke hopola mesebetsi ea Morena, e, ke hopola limakatso tsa hae, limakatso tsa boholo-holo. Ke nahana mesebetsi eohle ea hae, ke imamella liketso tsa hae tse kholo.” (Pesaleme ea 77:12, 13, BPN) Ho nahana joalo ka ho thuisa ka tšebeletso e tšepahalang ea nakong e fetileng le liketso tse lerato tsa Jehova ho tla re neha tšusumetso e hlokahalang, khothatso le kananelo. Hape, ho “hopola matsatsi a boholo-holo” ho ka leleka mokhathala ’me ho ka re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang le ho mamella ka botšepehi.

Ho Ithuta Liphosong Tsa Nakong e Fetileng

Lebaka la bobeli, ho se lebale e ka ba mokhoa oa ho ithuta liphosong le liphellong tsa teng tsa nakong e fetileng. A ntse a hopotse sena, Moshe o ile a eletsa Baiseraele: “Hopola, u se lebale, kamoo u halefisitseng Jehova, Molimo oa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo u tsoileng lefatšeng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le ’nile la ikhantšetsa Jehova.” (Deuteronoma 9:7) Phello ea ho se tšepahale ho joalo ha Baiseraele, joalokaha Moshe a bontša, e bile hore ‘Jehova Molimo oa bona a etse hore ba tsamaee lilemo tse mashome a mane lefeelleng.’ Ke hobane’ng ha ba ile ba khothalletsoa ho hopola see? E ne e le bakeng sa ho ba kokobetsa le ho sebeletsa e le khalemelo bakeng sa litsela tsa bona tsa borabele e le hore ba ka ‘boloka litaelo tsa Jehova, Molimo oa bona, hore ba tsamaee litseleng tsa hae le hore ba mo tšabe.’ (Deuteronoma 8:2-6) Ba ne ba lokela ho ithuta ka kutloisiso ea ho se boele ba pheta liphoso tsa bona tsa nakong e fetileng.

Mongoli e mong o ile a hlokomela: “Motho ea seli o rua molemo phihlelong ea hae, empa ea bohlale o rua molemo phihlelong ea ba bang.” Le hoja Moshe a ile a ipiletsa ho Baiseraele hore ba rue molemo ka ho hopola litlōlo tsa bona tsa nakong e fetileng, moapostola Pauluse o ile a lemosa ba bang—phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Korinthe, ho akarelletsa le rōna—ho ithuta tlalehong e tšoanang ea histori. O ile a ngola: “Joale lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela [Baiseraele] e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.” (1 Bakorinthe 10:11) Jesu Kreste o ne a hopotse ketsahalo e ’ngoe hape ea boholo-holo ea Bibele le tlhokahalo ea ho ithuta ho eona ha a ne a re: “Hopolang mosali oa Lota.” (Luka 17:32; Genese 19:1-26) Seroki sa Lenyesemane le rafilosofi Samuel Taylor Coleridge, se ile sa ngola: “Haeba batho ba ne ba ka ithuta historing, ke lithuto tse ngata hakaakang tseo e ka re rutang tsona!”

Boikokobetso le Teboho

Lebaka la boraro, ho hopola ho ka hōlisa ka ho rōna litšobotsi tse thabisang Molimo tsa boikokobetso le teboho. Ha re ntse re thabela litšobotsi tse ngata tsa paradeise ea rōna ea lefatše lohle ea moea, e se eka le ka mohla re ke ke ra lebala hore paradeise ena e eme holim’a litšiea tse itseng. Litšiea tsena li kopanyelletsa botšepehi, lerato, boitelo, sebete ha ho talimanoe le mahlomola, tiisetso, mamello le tumelo—e leng litšobotsi tse ileng tsa bontšoa ke bara le barali babo rōna ba Bakreste bao makholong a lilemo a fetileng ba ileng ba qalisa mosebetsi linaheng tse fapaneng. Ha 1995 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e phethela tlaleho ea eona mabapi le histori ea mehleng ea kajeno ea batho ba Molimo Mexico, e itse: “Ho batho ba sa tsoa kopanela le Lipaki tsa Jehova, liteko tseo ba ileng ba qalisa mosebetsi Mexico ba ileng ba talimana le tsona li ka ’na tsa bonahala li makatsa. Ba tloaelane le paradeise ea moea moo ho nang le matletse-tletse a lijo tsa moea, moo ho nang le metsoalle e likete tse makholo e tšabang Molimo, le moo tšebeletso ea Molimo e etsoang ka mokhoa o hlophisehileng hantle.”

Bo-’metla-khoro bao ba ne ba atisa ho sebetsa ba le bang kapa ka lihlopha tse nyenyane tse ka thōko. Ba ile ba talimana le bolutu, tahlehelo, le liteko tse ling tse matla tsa botšepehi ha ba ntse ba tiiselitse ho boleleng molaetsa oa ’Muso. Le hoja ba bangata ba basebeletsi bana ba linakong tse fetileng ba se ba shoele, ke ho thabisang hakaakang ho tseba hore Jehova o hopola tšebeletso ea bona e tšepahalang! Moapostola Pauluse o ile a tiisa ha a ne a ngola: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Haeba Jehova a hopola ka ho tletseng kananelo, na le rōna ha rea lokela ho etsa se tšoanang ka moea oa teboho?

Ba sa tsoa tloaelana le ’nete ba ka iphumanela makolopetso a histori ena bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.a Ho phaella moo, haeba re e-na le tokelo ea ho ba lelapeng kapa phuthehong ea Bokreste eo litho tsa eona li akarelletsang bara kapa barali babo rōna ba hōlileng haholoanyane ba bileng tšebeletsong ka nako e telele, ka moea o boletsoeng ho Deuteronoma 32:7 (NW), re phehelloa ho ‘hopola matsatsi a boholo-holo, ho nahana morao ka lilemo tsa ho tloha molokong ho isa molokong; ho botsa bo-ntat’a lōna, ’me ba le bolella; ho botsa maqheku a lōna, ’me a ka le bolella.’

E, ho hopola liketso tsa nakong e fetileng tsa boinehelo ba bomolimo ho ka re khothalletsa ho tsoela pele ho mamella ka thabo tšebeletsong ea rōna ea Bokreste. Histori e boetse e na le lithuto tseo ho hlokahalang hore re ithute tsona. ’Me ho nahana ka paradeise ea rōna ea moea e hlohonolofalitsoeng ke Molimo ho hōlisa litšobotsi tse loketseng tsa boikokobetso le teboho. Ka sebele, “hopola matsatsi a fetileng.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela