Jehova e ’Nile ea E-ba Setšabelo sa Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE PENELOPE MAKRIS
’Mè o ile a nkōpa ka tieo: “Tlohela monna oa hao; likhaitseli tsa hao li tla u fumanela ea molemonyana.” Ke hobane’ng ha ’Mè ea lerato a ne a ka batla hore ke qhale lenyalo la ka? O ne a halefisitsoe ke’ng hakaale?
KE HLAHILE ka 1897, ke hlahela motsaneng oa Ambelos, sehleke-hlekeng sa Greece sa Samos. Lelapa labo rōna e ne e le la litho tse matla tsa Kereke ea Greek Orthodox. Ntate o ile a shoa pejana ke hlaha, ’me ’Mè, likhaitseli tsa ka tse tharo le ’na re ile ra tlameha ho sebetsa ka thata ho phela har’a bofutsana bo feletseng ba mehleng eo.
Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma ka 1914, ’me kapele ka mor’a moo baholoane ba ka ba babeli ba ile ba laeloa ho ngolisa lebothong la ntoa. Empa hore ba qobe ho etsa joalo, ba ile ba fallela Amerika, ba ntšiea lapeng le khaitseli ea ka e ’ngoe le ’Mè. Lilemong tse seng kae hamorao, ka 1920, ke ile ka nyaloa ke Dimitris, mosuoe e mocha lilemong motsaneng oa habo rōna.
Ketelo ea Bohlokoa
Kapele ka mor’a hore ke nyaloe, malome oa ka o ile a re etela a e-tsoa Amerika. Ho ile ha etsahala hore a tle le o mong oa meqolo ea Studies in the Scriptures, o ngotsoeng ke Charles Taze Russell. E ne e le sengoliloeng sa Liithuti tsa Bibele, tseo hona joale li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova.
Ha Dimitris a phetla buka ena, o ile a hlokomela taba eo a ’nileng a ipotsa ka eona ho tloha ha e sa le ngoana, “Ho etsahala’ng ka motho ha a e-shoa?” Sekolong se phahameng o ne a ile a botsa moruti oa thuto ea bolumeli oa Greek Orthodox ka taba eona ena empa a se ke a fumana karabo e khotsofatsang. Tlhaloso e hlakileng le e utloahalang e fanoeng ka har’a sengoliloeng sena e ile ea thabisa Dimitris hoo a ileng a ea lebenkeleng la kofi la motsana oo ka ho toba, moo ka tloaelo banna ba Greece ba bokanang teng. Moo o ile a pheta lintho tseo a neng a ithutile tsona Bibeleng.
Re Emela ’Nete ea Bibele
Hoo e ka bang ka nako ena—mathoasong a bo-1920—Greece e ne e le ka har’a ntoa e ’ngoe. Dimitris o ile a qobelloa ho ngolisa sesoleng ’me a romeloa motse-moholo oa Turkey, Asia Minor. O ile a lemala ’me a romeloa hae. Ka mor’a hore a hlaphoheloe, ke ile ka mo felehetsa ho ea Smyrna, Asia Minor (eo hona joale e leng Izmir, Turkey). Ha ntoa e fela ka tšohanyetso ka 1922, re ile ra tlameha ho baleha. Ha e le hantle, re ile ra pholoha ka lesobana la nale ka seketsoana se neng se senyehile hampe se eang Samos. Ha re fihla hae, re ile ra khumama ’me ra leboha Molimo—Molimo eo re neng re sa ntse re e-na le tsebo e fokolang ka eena.
Kapele Dimitris o ile a fuoa mosebetsi oa ho ruta sekolong se Vathy, motse-moholo oa sehleke-hleke seo. O ile a tsoela pele ho bala lingoliloeng tsa Liithuti tsa Bibele, ’me bosiung bo bong boo ka bona pula e neng e e-na, tse peli tse tsoang sehleke-hlekeng sa Chios li ile tsa re etela. Li ne li khutletse mona li e-tsoa Amerika ho sebeletsa e le barekisi ba libuka tsa bolumeli, e leng kamoo baevangeli ba nako e tletseng ba neng ba bitsoa kateng. Re ile ra li amohela hore li robaletse ha rōna bosiung boo, ’me li ile tsa re bolella lintho tse ngata mabapi le merero ea Molimo.
Ka mor’a moo Dimitris o ile a mpolella: “Penelope, kea hlokomela hore ena ke ’nete, ’me ke tlameha ho phela tumellanong le eona. Sena se bolela hore ke tlameha ho khaotsa ho bina ka Kerekeng ea Greek Orthodox, ’me nke ke ka ea kerekeng le bana ba sekolo.” Le hoja tsebo ea rōna ka Jehova e ne e lekanyelitsoe, takatso ea rōna ea ho mo sebeletsa e ne e le matla. Ka hona ke ile ka araba: “Nke ke ka u thibela. Tsoela pele.”
O ile a tsoela pele ka lesisitheho: “E, empa haeba tsela ea rōna e ka totobala, ke tla felloa ke mosebetsi.”
Ka re: “U se ke ua tšoenyeha, na ke batho bohle ba iphelisang ka mosebetsi oa ho ruta? Re sa le bacha re bile re matla, ’me ka thuso ea Molimo re ka fumana mosebetsi o mong.”
Hoo e ka bang ka nako ena re ile ra tseba hore Seithuti sa Bibele se seng—le sona e le morekisi oa libuka tsa bolumeli—se ne se le teng Samos. Ha re ne re utloa hore mapolesa a ile a se hanela ho fana ka puo ea phatlalatsa ea Bibele, re ile ra ea se batla. Re ile ra se fumana lebenkeleng le leng se buisana le baruti ba babeli ba thuto ea bolumeli ba Greek Orthodox. Ba hlabiloe ke lihlong ka lebaka la ho se khone ho emela litumelo tsa bona ka Bibele, baruti bana ba thuto ea bolumeli ba ile ba tloha ka potlako. Monna oa ka, a khahliloe ke tsebo ea morekisi enoa oa libuka tsa bolumeli, o ile a botsa: “Ho tla joang hore ebe u sebelisa Bibele habonolo hakaale?”
O ile a araba: “Re ithuta Bibele ka mokhoa o hlophisitsoeng.” Ha a bula mokotlana oa hae, o ile a ntša buka ea ho ithuta ea The Harp of God ’me a re bontša tsela ea ho sebelisa buka ena thutong e joalo. Re ne re laba-labela ho ithuta hoo ’na le monna oa ka, morekisi enoa oa libuka tsa bolumeli le banna ba bang ba babeli hang-hang re ileng ra ea le mong’a lebenkele lapeng ha hae. Morekisi enoa oa libuka tsa bolumeli o ile a fa e mong le e mong oa rōna kopi ea The Harp of God, ’me hang-hang re ile ra qala ho ithuta. Re ile ra tsoela pele ho ithuta ho fihlela ka mor’a khitla haholo, joale ha meso e atamela, re ile ra qala ho ithuta lipina tse binoang ke Liithuti tsa Bibele.
Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka lihora tse ngata ka letsatsi. Liithuti tsa Bibele tse tsoang mose ho maoatle li ile tsa tsoela pele ho re fa lithuso tsa ho ithuta Bibele. Ka January 1926, ke ile ka inehela ho Molimo ka thapelo, ke etsa kano ea ho etsa thato ea hae ke sa itšiele letho. Hamorao lehlabuleng leo ’na le monna oa ka re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ka kolobetso ea metsing. Re ne re e-na le takatso e matla ea ho bua le ba bang ka lintho tseo re neng re ithuta tsona, ka hona re ile ra qala tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka pampitšana ea Message of Hope.
Ho Mamella Khanyetso e Matla
Ka letsatsi le leng mofumahali e mong e mocha o ile a ’memela tšebeletsong ea bolumeli ntlong ea thapelo e nyenyane ea Greek Orthodox. Ke ile ka hlalosa: “Ke khaolitse ho rapela Molimo ka tsela eo. Hona joale ke mo rapela ka moea le ka ’nete, joalokaha Bibele e ruta.” (Johanne 4:23, 24) O ile a makala ’me a hasa se etsahetseng hohle, a kopanyelletsa le monna oa ka.
Hoo e ka bang e mong le e mong a qala ho hanyetsa. Ho ne ho se moo re neng re e-ba le khotso—ebang ke lapeng la rōna leha e le libokeng tseo re neng re li tšoara le batho ba seng bakae ba thahasellang sehleke-hlekeng seo. Ka tšusumetso ea baruti ba Orthodox, matšoele a ile a bokana ka ntle ho sebaka seo re neng re tšoarela liboka ho sona, a akhela majoe ’me a hoeletsa mahlapa.
Ha re ne re aba pampitšana ea Message of Hope, bana ba ne ba re bokanela ba hoeletsa “Batho ba Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete” le mabitso a mang a nyelisang. Basebetsi-’moho le monna oa ka le bona ba ile ba qala ho mo tšoenya. Mafelong a 1926 o ile a isoa nyeoeng, a qosoa ka hore ha a tšoanelehele ho ba mosuoe sekolong sa sechaba, ’me a ahloleloa matsatsi a 15 teronkong.
Ha ’Mè a hlokomela sena, o ile a nkeletsa hore ke tlohele monna oa ka. Ke ile ka araba: “Mamela, ’Mè ea ratehang, u tseba hantle hore na ke u rata le ho u hlompha hakae. Empa ka sebele nke ke ka u lumella ho ema tseleng ea borapeli ba rōna ba Molimo oa ’nete, Jehova.” O ile a ea motsaneng oa habo a saretsoe habohloko.
Ka 1927 kopano ea Liithuti tsa Bibele e ne e tšoaretsoe Athene, ’me Jehova o ile a re bulela monyetla oa ho ba teng. Re ne re thabile ’me re matlafalitsoe moeeng ke ho bokana le balumeli-’moho le rōna ba bangata haholo. Ha re khutlela Samos, re ile ra aba likopi tse 5 000 tsa pampitšana eo sehlooho sa eona se reng A Testimony to the Rulers of the World litoropong le metsaneng ea sehleke-hleke sa rōna.
Hoo e ka bang ka nako eo Dimitris o ile a lelekoa bosuoeng, ’me ka lebaka la leeme le neng le le teng khahlanong le rōna, ho ne ho batla ho sa khonehe ho fumana mosebetsi. Empa kaha ke ne ke khona ho rōka ’me Dimitris a e-na le tsebo ea ho penta, re ne re khona ho fumana chelete e lekaneng bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa rōna. Ka 1928 monna oa ka, hammoho le barab’abo rōna ba bang ba Bakreste ba bane Samos, ba ile ba ahloleloa likhoeli tse peli teronkong bakeng sa ho bolela litaba tse molemo. Kaha e ne e le ’na feela Seithuti sa Bibele se lokolohileng, ke ne ke khona ho ba isetsa lijo teronkong.
Ho Loantša ho Kula ho Matla
Ka nako e ’ngoe ke ile ka kula ke jeoa ke tubercular spondylitis, lefu le sa foleng leo ka nako eo le neng le sa tsejoe. Ke ile ka felloa ke takatso ea lijo ’me ka lula ke e-na le feberu e matla. Phekolo e ne e akarelletsa ho kenngoa samente ho tloha molaleng ho ea liropeng. Hore a khone ho lefella sena, monna oa ka o ile a rekisa setša e le hore nka khona ho tsoela pele ho phekoloa. Kaha ke ne ke tsielehile, ke ne ke rapella matla ho Molimo letsatsi le leng le le leng.
Ha beng ka rōna ba nketetse, ba ne ba tsosa khanyetso ba sa khaotse. ’Mè o ne a re re thulana le matšoenyeho ana ’ohle hobane re fetotse bolumeli ba rōna. Kaha ke ne ke sa khone ho sisinyeha, ke ne ke kolobisa mosamo oa ka ka meokho ha ke ntse ke kōpa Ntate oa rōna oa leholimo ho mpha mamello le sebete e le hore nka tiisetsa.
Ke ne ke beha Bibele ea ka le libukana le lipampitšana tafoleng e lehlakoreng la bethe ea ka bakeng sa baeti. E ne e le tlhohonolofatso hore ebe liboka tsa phutheho ea rōna e nyenyane li ne li tšoareloa lapeng la rōna; ke ne ke khona ho fumana khothatso ea moea ka mehla. Re ile ra tlameha ho rekisa setša se seng bakeng sa ho lefella phekolo ea meriana ngakeng ea Athene.
Kapele ka mor’a moo, molebeli oa potoloho o ile a re etela. O ne a soabile haholo ha a mpona ke le boemong bona le Dimitris a sa sebetse. Ka mosa o ile a re thusa ho etsa litokisetso tsa ho ea lula Mytilene, sehleke-hlekeng sa Lesbos. Re ile ra fallela moo ka 1934, ’me Dimitris o ile a khona ho fumana mosebetsi. Sebakeng seo re ile ra boela ra fumana bara le barali babo rōna ba Bakreste ba babatsehang ba ileng ba ntlhokomela bokuling ba ka. Butle-butle, ka mor’a ho phekoloa ka lilemo tse hlano, ke ne ke hlaphohetsoe ka ho feletseng.
Leha ho le joalo, ka 1946, kapele ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ke ile ka boela ka kula hampe, lekhetlong lena ke jeoa ke tubercular peritonitis. Ke ile ka robala ka likhoeli tse hlano ke e-na le feberu le mahlaba a matla. Empa, joaloka pele, le ka mohla ha kea ka ka khaotsa ho bua le baeti ba ka ka Jehova. Qetellong, ke ile ka hlaphoheloa.
Ho Bula Maliboho ho sa Tsotellehe Khanyetso
Khanyetso e sa khaotseng e ne e le tsela ea bophelo ea Lipaki tsa Jehova Greece lilemong tsa ka mor’a ntoa. Re ne re tšoaroa ka makhetlo-khetlo ha re le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ka kakaretso monna oa ka o ile a qeta selemo teronkong. Ha re ne re e-tsoa ho ea tšebeletsong, re ne re tloaetse ho lokisetsa ho robala sepoleseng re tšoeroe. Empa le ka mohla Jehova ha aa ka a re lahla. Kamehla o ne a fana ka sebete le matla tse hlokahalang bakeng sa ho mamella.
Ka bo-1940, ke ile ka bala ho Informant (eo hona joale e leng Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) ka tokisetso ea bopula-maliboho ba phomolo. Ke ile ka etsa qeto ea ho kopanela tšobotsing ena ea tšebeletso e neng e hloka hore ke nehele lihora tse 75 ka khoeli tšebeletsong. Phello e bile hore maeto a ka a ho boela le lithuto tsa Bibele li ile tsa eketseha—ka nakoana ke ne ke khanna lithuto tse 17 tsa beke le beke. Ke bile ka ba le tselana ea makasine sebakeng sa khoebo sa Mytilene, moo kamehla ke neng ke aba likopi tse ka bang 300 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! mabenkeleng, liofising le libankeng.
Ha molebeli oa potoloho a ne a sebeletsa phutheho ea rōna ka 1964, o ile a re: “Morali’abo rōna Penelope, ke bone Tlalehong ea hao ea Mohoeletsi ea Phutheho hore u ba le litholoana tse tsotehang haholo tšebeletsong ea hao. Ke hobane’ng ha u sa etse kōpo ea ho bula maliboho kamehla?” Ke tla ’ne ke lebohe khothatso ea hae kamehla; ke ’nile ka thabela tšebeletso ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 30.
Phihlelo e Putsang
Mytilene ho na le sebaka seo baahi ba sona ba petetsaneng se bitsoang Langada, seo baphaphathehi ba Bagerike ba neng ba lula ho sona. Re ne re qoba ho ea ka ntlo le ntlo sebakeng seo ka lebaka la khanyetso e feteletseng eo re kileng ra thulana le eona. Leha ho le joalo, ha monna oa ka a ne a le teronkong, ke ne ke tlameha ho feta sebakeng sena ha ke mo etela. Ka letsatsi le leng leo ka lona pula e neng e e-na, mosali e mong o ile a ’memela lapeng la hae a botsa hore na ke hobane’ng ha monna oa ka a kene teronkong. Ke ile ka hlalosa hore ke ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le hore o ne a utloa bohloko hantle feela joalokaha Kreste a ile a utloa bohloko.
Qetellong, mosali e mong o ile a lokisetsa hore ke fapohele ha hae. Ha ke fihla ke ile ka fumana hore o memme basali ba 12. Ke ile ka lebella khanyetso, ka hona ka rapela Molimo hore a mphe bohlale le sebete sa ho thulana le eng kapa eng e etsahalang. Basali bao ba ne ba e-na le lipotso tse ngata, ’me ba bang ba hanyetsa, empa ke ile ka khona ho fana ka likarabo tsa Mangolo. Ha ke ema ke tsamaea, mong’a ntlo o ile a nkōpa hore ke tle hape hosasane. Ke ile ka amohela memo eo ka thabo. Ha ’na le motsoalle re fihla ka la hosasane, re ile ra fumana basali bana ba se ba ntse ba letile.
Ka mor’a moo lipuisano tsa rōna tsa Mangolo li ile tsa tsoela pele kamehla, ’me lithuto tsa Bibele tse ngata li ile tsa qalisoa. Basali ba ’maloa ba ile ba tsoela pele tsebong e nepahetseng, ’me le malapa a bona a ile a tsoela pele. Sehlopha sena hamorao e ile ea e-ba motheo oa phutheho e ncha ea Lipaki tsa Jehova Mytilene.
Jehova o ’Nile a ba Molemo ho ’Na
Ho theosa le lilemo Jehova o ’nile a putsa boiteko ba ka le monna oa ka ba ho Mo sebeletsa. Lipaki tse neng li se kae Samos ka bo-1920 li eketsehile ho ba liphutheho tse peli le sehlopha se le seng tse nang le bahoeletsi ba ka bang 130. ’Me sehleke-hlekeng sa Lesbos, ho na le liphutheho tse ’nè le lihlopha tse hlano tse akarelletsang bahoeletsi ba ’Muso ba 430. Monna oa ka o ile a bolela ka ’Muso oa Molimo ka mafolo-folo ho fihlela a e-shoa ka 1977. Ke tokelo e kaakang ho bona bao re ba thusitseng ba ntse ba cheseha tšebeletsong! Ka sebele, ha ba kopana le bana ba bona, litloholo le litloholoana, ba etsa bongata bo boholo bo rapelang Jehova bo kopane!
Tsela ea ka ea tšebeletso ea Bokreste, eo ha e le hantle hona joale e atolohelang ka holimo ho lilemo tse 70, ha ea ka ea e-ba e bonolo. Empa Jehova e ’nile ea e-ba qhobosheane eo ho seng e ka bapisoang le eona. Ka lebaka la botsofali le ho kula, ha ke theohe betheng ’me ke khona ho bolela ka mokhoa o fokolang haholo. Empa, joalokaha mopesaleme a ile a etsa, nka re ho Jehova: “U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang!”—Pesaleme ea 91:2.
(Morali’abo rōna Makris o ile a shoa ha sehlooho sena se ntse se hlophisoa. O ne a e-na le tšepo ea leholimo.)
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
O na le monna oa hae ka 1955
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Morali’abo rōna Makris o ne a tla ba lilemo li 100 ka January 1997