Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 4/1 maq. 20-24
  • Khutsana e se Nang Mang oe! e Fumana Ntate ea Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khutsana e se Nang Mang oe! e Fumana Ntate ea Lerato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Ile ka ba Mophaphathehi Eaba ke ba Khutsana
  • Ke Fumana Likarabo Tsa Bibele
  • Ke Fumana Lelapa le Ntšehetsang
  • Khanyetso e Hlahisa Phello Esele
  • Lichankaneng Tse Robeli ka Lilemo Tse Leshome
  • Ho Atleha Moeeng ka Thuso ea Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Bokreste
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Thabisa Jehova ke Sona Seo ke Amehileng ka Sona Haholo-holo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho fa Jehova se mo Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 4/1 maq. 20-24

Pale ea Bophelo

Khutsana e se Nang Mang oe! e Fumana Ntate ea Lerato

JOALOKAHA HO BOLETSE DIMITRIS SIDIROPOULOS

Ofisiri e ’ngoe e ile ea akhela sethunya ka pel’a ka eaba ea kharuma, e re, “Nka sethunya seno ’me u thunye.” Ke ile ka hana joalokaha eka ha ho letho le etsahalang. Masole a neng a shebeletse a ile a tšoha ha a bona likulo tsa sethunya sa ofisiri eo li fofa holim’a lehetla la ka. Ho ne ho nkha lefu. Ka lehlohonolo ke ile ka pholoha. Empa e ne e le khale ke li bona.

LELAPA leso e ne e le la morabe o monyenyane o neng o lula pel’a Kayseri ea Kapadosia, Turkey. Kamoo ho bonahalang kateng, batho ba bang ba sebaka sena ba ile ba amohela Bokreste lekholong la pele la lilemo C.E. (Liketso 2:9) Leha ho le joalo, qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, mehla e ne e fetohile haholo.

Ke Ile ka ba Mophaphathehi Eaba ke ba Khutsana

Likhoeli tse seng kae ka mor’a hore ke hlahe ka 1922, lelapa leso le ile la balehela Greece ka lebaka la ntoa ea merabe. Batsoali ba ka ba neng ba tšohile ba ile ba siea sohle seo ba neng ba e-na le sona haese lesea la bona le likhoeli, ’me lesea leo e ne e le ’na. Ka mor’a ho sotleha haholo, ba ile ba fihla ba sohlokehile motseng oa Kiria, haufi le Drama, Greece ka leboea.

Ha ke le lilemo li ’nè, ’me e le ka mor’a hore moen’a ka a hlahe, Ntate o ile a hlokahala. O ne a le lilemo li 27 feela, empa o ne a fokotse ka lebaka la mahlomola a linako tseo tsa matšoenyeho. ’Mè o ile a hlopheha habohloko, ’me kapele feela le eena o ile a hlokahala. ’Na le moen’aka re ile ra sala re itlhophere. Re ile ra isoa mahaeng a fapa-fapaneng a likhutsana, ’me ha ke le lilemo li 12, ke ile ka isoa ho le leng la Thesalonika, moo ke neng ke sebetsa ke bile ke ntse ke ithutela mosebetsi oa matsoho.

Ha ke ntse ke hōlela mahaeng a likhutsana a se nang setsoalle le kamohelo e mofuthu, ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba e-ba mahlomoleng a mangata le ho hlokeng toka ho hongata hakaale. Ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a tloheletse maemo a soabisang hakana hore a be teng. Litlelaseng tsa rōna tsa bolumeli re ne re rutoa hore Molimo o matla ’ohle, empa re ne re sa hlalosetsoe mabaka a hore na ke hobane’ng ha bobe bo atile hakana. Ho ne ho tloaelehile polelo e reng Kereke ea Greek Orthodox ke bona bolumeli bo molemohali. Ha ke botsa hore na “ke hobane’ng ha e se e mong le e mong eo e leng Moorthodox haeba Boorthodox ke bona bolumeli bo molemohali?” ha kea ka ka fumana karabo e khotsofatsang.

Ho sa tsotellehe seo, tichere ea rōna e ne e hlompha Bibele haholo, ’me e ile ea re tiisetsa hore ke buka e halalelang. Mookameli oa lehae la likhutsana le eena o ne a e-na le maikutlo a tšoanang, empa ka mabaka a sa tsejoeng, o ne a hana ho kopanela litšebeletsong tsa bolumeli. Ha ke botsa ka taba ena, ke ile ka bolelloa hore o ne a kile a ithuta le Lipaki Tsa Jehova, e leng bolumeli boo ke neng ke sa bo tsebe.

Ha ke qeta lithuto tsa ka lehaeng la likhutsana la Thesalonika, ke ne ke le lilemo li 17. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e qalile, ’me Greece e ne e laoloa ke Manazi. Batho ba ne ba shoella literateng ke tlala. E le hore ke phele, ke ile ka balehela metseng ea mahaeng ho ea sebeletsa chelete e nyenyane haholo mapolasing.

Ke Fumana Likarabo Tsa Bibele

Ha ke khutlela Thesalonika ka April 1945, ke ile ka eteloa ke khaitseli ea motsoalle e mong oa ka oa bongoaneng eo ke neng ke ile ka lula le eena mahaeng a ’maloa a likhutsana. Paschalia o ile a mpolella hore khaitseli’e e nyametse ’me a mpotsa hore na ebe ke ne ke tseba moo e leng teng. Ha re ntse re qoqa, o ile a bolela hore eena ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova le hore Molimo o rata batho.

Ke ile ka mo hanyetsa ke halefile haholo. Ke hobane’ng ha ke sotlehile ho tloha bongoaneng? Ke hobane’ng ha ke setse ke le khutsana? Ke hobane’ng ha Molimo a ipata ha re mo batla ka ho fetisisa? O ile a araba ka ho re: “Na u kholisehile hore Molimo ke eena ea molato oa maemo aa?” O ile a sebelisa Bibele ea hae ho mpontša hore Molimo ha a sotle batho. Sena se ile sa nthusa ho bona hore ’Mōpi o rata batho le hore haufinyane o tla ntlafatsa maemo. O ile a sebelisa mangolo a kang Esaia 35:5-7 le Tšenolo 21:3, 4, ho mpontša hore haufinyane lintoa, qhoebeshano, ho kula le lefu li tla felisoa, le hore batho ba tšepahalang ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng.

Ke Fumana Lelapa le Ntšehetsang

Ke ile ka tsebisoa hore khaitseli ea Paschalia e bolailoe ntoeng ea likhukhuni. Ke ile ka etela lelapa labo ke il’o ba tšelisa, empa ke bona ba ileng ba ntšelisa ka Mangolo. Ke ile ka khutla hape hore ke e’o tšelisoa ka Bibele, ’me kapele ke ile ka kopanela le sehlotšoana sa Lipaki Tsa Jehova tse neng li kopana ka sekhukhu hore li ithute le ho rapela. Ho sa tsotellehe hore Lipaki li ne li khetholloa, ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ke kopanela le tsona.

Sehlopheng seo sa Bakreste ba ikokobelitseng, ke ile ka fumana moea o lerato oa lelapa oo ke neng ke ntse ke o batla. Ba ile ba ntšehetsa le ho nthusa haholo moeeng kamoo ke neng ke hloka kateng. Ke ile ka fumana e le metsoalle e itetseng le e tsotellang, e neng e ikemiselitse e bile e le malala-a-laotsoe ho nthusa le ho ntšelisa. (2 Bakorinthe 7:5-7) Sa bohlokoa le ho feta, ke ile ka thusoa hore ke atamele ho Jehova, eo joale ke neng ke mo nka e le Ntate ea lerato oa leholimo. Makhabane a hae a neng a nkhahla haholo ke lerato, qenehelo le kameho e matla. (Pesaleme ea 23:1-6) Qetellong ke ne ke fumane lelapa la moea le Ntate ea lerato! Pelo ea ka e ile ea thaba. Kapele feela ke ile ka susumelletseha hore ke inehele ho Jehova, ’me ke ile ka kolobetsoa ka September 1945.

Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ha hoa ka ha eketsa tsebo ea ka feela empa ho ile ha tebisa le tumelo ea ka. Kaha ho ne ho se na lipalangoang, boholo ba rōna re ne re tsamaea ka maoto leeto la lik’hilomithara tse hlano pakeng tsa motse oa habo rōna le moo ho kopaneloang teng, ’me ha ke lebale meqoqo ea lintho tsa moea eo re neng re e-ba le eona ha re ntse re tsamaea. Bofelong ba 1945, ke ile ka tseba hore ho na le monyetla oa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela evangeli ka nako e tletseng, ’me ke ile ka qala ho bula maliboho. Ho ne ho hlokahala kamano e matla le Jehova, kaha tumelo ea ka le botšepehi li ne li tla tloha li lekoa ka ho feletseng.

Khanyetso e Hlahisa Phello Esele

Hangata mapolesa a ne a hlasela sebaka seo re kopanelang ho sona a nkile lithunya. Naha e ne e busoa ka molao oa sesole sa naha esele, kaha ntoa ea lehae e ne e kupa Greece. Lihlopha tsa bohanyetsi li ne li hlaselana ka lehloeo la bobatana. Baruti ba ile ba sebelisa boemo bona ho kholisa ba boholong hore re Makomonisi le hore ba re hlorise ka sehlōhō.

Nakong ea lilemo tse peli, re ile ra tšoaroa ka makhetlo a mangata, ’me ka makhetlo a tšeletseng ra ahloleloa nako e ka etsang likhoeli tse ’nè chankaneng. Leha ho le joalo, lichankaneng ho ne ho se ho tletse batšoaruoa ba lipolotiki, kahoo re ne re lokolloa. Re ne re sebelisa tokoloho ena eo re neng re sa e lebella hore re tsoele pele ho bolela, empa ka mor’a nakoana re ne re tšoaroa hape—ka makhetlo a mararo bekeng e le ’ngoe. Re ne re tseba hore barab’abo rōna ba bangata ba ne ba leleketsoe mahoatateng a ka thōko. Na tumelo ea ka e ne e tla be e le matla ka ho lekaneng hore ke tobane le teko e joalo?

Maemo a ile a ba thata haholo ha ke lokela ho itlaleha sepoleseng letsatsi le letsatsi. E le hore mapolesa a lule a mpeile leihlo, ba boholong ba ile ba nkisa Evosmos, haufi le Thesalonika, moo ho neng ho e-na le seteishene sa mapolesa. Ke ile ka hira kamore haufi le moo, ’me ka qala ho fumana chelete ka hore ke tsamaee hohle ke etsa mosebetsi oa matsoho, ke bentša lipitsa le lipane. Ha ke ntse ke bula maliboho metseng e potolohileng, mosebetsi ona o ile oa ’nolofalletsa hore ke kene matlong habonolo ke sa tsose libata masene. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ile ba utloa litaba tse molemo ’me ba nka khato. Qetellong ba fetang leshome ho bona ba ile ba fetoha barapeli ba inehetseng ba Jehova.

Lichankaneng Tse Robeli ka Lilemo Tse Leshome

Ke ile ka ba kalosong ea sepolesa ho fihlela bofelong ba 1949, ka mor’a moo ke ile ka khutlela Thesalonika, ke labalabela ho tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka nako eo ke neng ke nahana hore liteko tsa ka li felile, ka 1950, ke ile ka fuoa taelo e ntsometsang ea hore ke kenele sesole. Kaha ke Mokreste ea sa jeleng paate, ke ne ke ikemiselitse hore ha ke na ho “ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Kahoo, ke ile ka qala ho koalloa ka sehlōhō lichankaneng tse ngata, ’me ka isoa lichankaneng tse ling tse tummeng hampe ka ho fetisisa tsa Greece.

Ketsahalo ena e qalile motseng oa Drama. Libekeng tsa pele tseo ke neng ke koaletsoe ka tsona moo, masole a sa tsoa thaothoa a ne a ikoetlisetsa ho thunya. Ka letsatsi le leng, ke ile ka isoa moo ho thunyetsoang teng. Ofisiri e ’ngoe e ile ea akhela sethunya ka pel’a ka eaba e ntaela hore ke thunye. Ha ke hana, e ile ea qala ho thunya e shebisitse sethunya ho ’na. Ha liofisiri tse ling li bona hore ha ke inehele, li ile tsa nteteka ka sehlōhō. Li ile tsa hotetsa lisakerete ’me tsa li tima ka ho li hatella ka liatleng tsa ka. Ka mor’a moo, li ile tsa nkoalla ke le mong. Sena se ile sa etsahala ka matsatsi a mararo. Bohloko ba ho chesoa ka sakerete bo ne bo fihla pelong, ’me liatla tsa ka li ile tsa e-ba le mabali ka lilemo tse ngata.

Pele ke isoa lekhotleng la sesole, ke ile ka isoa kampong ea sesole Iráklion, Kreta. Ha ke le moo, li ile tsa leka ho nketsa lehlaba-phio ka ho nkhakhatha. Kaha ke ne ke tšaba hore nka ’na ka sekisetsa, ke ile ka rapela ka matla, ke kōpa Ntate oa leholimo hore a ’matlafatse. Ke ile ka hopola mantsoe a Jeremia 1:19: “Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla,’ ho bolela Jehova.” “Khotso ea Molimo” e thobang e ile a ntlhabolla moea. Ke ile ka utloisisa hore ho bohlale ho tšepa Jehova ka ho feletseng.—Bafilipi 4:6, 7; Liproverbia 3:5.

Ha ke le nyeoeng ka mor’a moo, ke ile ka ahloleloa bophelo bohle chankaneng. Ho ne ho nkoa hore Lipaki Tsa Jehova ke ‘lira tse fetisisang tsa ’Muso.’ Kahlolo ena e ile ea qala ho sebetsa chankaneng ea batlōli ba molao ea Itsedin, mathōkong a Canea, moo ke ileng ka koalloa ke le mong. Itsedin e ne e le qhobosheane ea khale, ’me seleng ea ka ho ne ho tletse litoeba. Ke ne ke itšopha ka kobo e thochehileng, ea khale e le hore litoeba li se ke tsa nthetsa ha li ntse li tšethema holim’a ka. Ke ile ka tšoaroa ke nyumonia e mpe haholo. Ngaka e ile ea bolela hore ke lokela ho lula letsatsing, ka hona ke ile ka khona ho buisana le batšoaruoa ba bangata ka lebaleng la chankana. Leha ho le joalo, ke ile ka kula haholo, ’me ka mor’a hore mali a tsoele ka matšoafong a le mangata, ke ile ka isoa sepetleleng sa Iráklion.

Lelapa leso la moea la Bakreste-’moho le ’na le ile la boela la mphallela. (Bakolose 4:11) Barab’eso ba Iráklion ba ne ba nketela kamehla, ba ntšelisa le ho nkhothatsa. Ke ile ka ba bolella hore ke hloka lingoliloeng tseo ka tsona nka pakelang batho ba thabelang. Ba ile ba ntlisetsa sutuk’heise e sa bontšeng hore e na le ka tlaase le ka holimo eo ke neng nka pata lingoliloeng hantle ka ho eona. Ke ile ka thaba hakaakang hore ebe ha ke ntse ke le lichankaneng tseo, bonyane batšoaruoa-’moho le ’na ba tšeletseng ba ile ba thusoa hore e be Bakreste ba ’nete!

Nakong eo, ntoa ea lehae e ne e letse, ’me kahlolo ea ka e ile ea fokotsoa hore e be lilemo tse leshome chankaneng. Nako e setseng eo ke neng ke e ahloletsoe, ke ile ka e sebeletsa lichankaneng tsa Rethimno, Genti Koule le Cassandra. Ka mor’a ho lula hoo e ka bang lilemo tse leshome lichankaneng tse robeli, ke ile ka lokolloa ’me ka khutlela Thesalonika, moo ke ileng ka amoheloa ka liatla tse peli ke barab’eso ba ratoang ba Bakreste.

Ho Atleha Moeeng ka Thuso ea Mokhatlo oa Bara ba Motho oa Bokreste

Ha ke lokolloa, Lipaki tsa Greece li ne li khona ho rapela ka bolokolohi bo itseng. Kapele feela ke ile ka sebelisa monyetla oo hore ke tsoele pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka hlohonolofatsoa hape ka ho tseba morali e mong oabo rōna ea tšepahalang oa Mokreste, e leng Katina, ea neng a rata Jehova le ea neng a chesehela mosebetsi oa boboleli haholo. Re ile ra nyalana ka October 1959. Ho hlaha ha morali oa rōna, Agape, le ho ba le lelapa la ka la Bokreste le hona ho ile ha boela ha mphumula meokho ea bokhutsana. Sa bohlokoa haholo, lelapa la rōna le ne le khotsofaletse ho sebetsa le hlokometsoe ke Ntat’a rōna oa leholimo, Jehova.—Pesaleme ea 5:11.

Ka lebaka la maemo a boima a lichelete, ke ile ka tlameha ho tlohela bopula-maliboho, empa ke ile ka thusa mosali oa ka ha a ntse a tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Ketsahalo ea bohlokoa bophelong ba ka ba Bokreste e ile ea e-ba ka 1969 ha kopano ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova e ne e tšoaretsoe Nuremberg, Jeremane. Ha ke ntse ke itokisetsa ho ea teng, ke ile ka kenya kōpo ea phasepoto. Ha mosali oa ka a e-ea sepoleseng ho ea botsa hore na ke hobane’ng ha ho se ho fetile likhoeli tse peli empa ke sa fumana phasepoto, ofisiri e ’ngoe e ile ea ntša faele e tenya ka laeng ea eona eaba e re: “U kōpela motho eo phasepoto e le hore a ka ea sokolla batho Jeremane? A ke ke a e fumana! O kotsi.”

Ka thuso ea Jehova le ea bara ba bang babo rōna, ke ile ka akarelletsoa phasepotong ea sehlopha eaba ke khona ho ba teng kopanong eo e babatsehang. Tlhōrō ea ba bileng teng e ile ea feta 150 000, ’me ke ne ke bona ka ho hlaka moea oa Jehova o tsamaisa le ho momahanya lelapa lena la moea la machaba. Ha ke se ke le moholo, e ne e le hona ke tla ananela haholo ho feta bohlokoa ba mokhatlo oa bara ba motho oa Bokreste.

Ka 1977 mosali oa ka ea ratoang le molekane ea tšepahalang o ile a hlokahala. Ke ile ka ikitlaetsa kahohle hore ke hōlise morali oa ka ka melao-motheo ea Bibele, empa ke ne ke sa lahloa kherehloa. Lelapa leso la moea le ile la boela la mphallela. Kamehla ke tla leboha hore barab’eso ba ile ba ntšehetsa nakong eo e thata. Ba bang ba ile ba ba ba tla lula le rōna ka nakoana e le hore ba ka hlokomela morali oa ka. Nke ke ka lebala lerato la bona le bontšang boitelo.—Johanne 13:34, 35.

Agape o ile a hōla ’me a nyaloa ke mor’abo rōna, Elias. Ba na le bara ba bane, ’me kaofela ba ’neteng. Lilemong tsa morao tjena, ke ’nile ka hlaseloa ke stroke hangata ’me bophelo ba ka bo ntse bo fokola ho ea pele. Morali oa ka le lelapa la hae ba ntlhokometse hantle haholo. Ho sa tsotellehe bokuli, ke sa ntse ke e-na le mabaka a mangata a ho thaba. Ke hopola nako eo ka eona ho neng ho e-na le barab’abo rōna ba 100 feela Thesalonika, ’me ba kopanela ka lenyele malapeng. Hona joale ho na le Lipaki tse chesehang tse ka bang likete tse hlano sebakeng seo. (Esaia 60:22) Barab’eso ba banyenyane ba tla ho ’na likopanong ba botsa: “Na u hopola nako ea ha u sa tlisa limakasine malapeng abo rōna?” Le hoja ho ka etsahala hore ebe mohlomong batsoali ba ne ba sa bale limakasine tseo, bana ba bona ba ne ba li bala, ’me ba ile ba tsoela pele moeeng!

Ha ke lebella khōlo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ke nahana hore liteko tsohle tseo ke ileng ka li mamella e ne e se letho. Kamehla ke bolella litloholo tsa ka le bacha ba bang hore ba hopole Ntat’a bona oa leholimo bocheng ba bona, ’me a ke ke a ba lahla. (Moeklesia 12:1) Jehova o ile a phethahatsa lentsoe la hae ka ho ba “ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate” ho ’na. (Pesaleme ea 68:5) Le hoja pejana bophelong ke ile ka ba khutsana e se nang mang oe!, qetellong ke ile ka fumana Ntate ea tsotellang!

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ke ne ke pheha chankaneng ea Drama

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Na le Katina mohla lechato la rōna ka 1959

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Kopano e tšoaretsoeng morung haufi le Thesalonika bofelong ba bo-1960

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Rōna le morali oa rōna ka 1967

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela