Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 11/1 maq. 19-23
  • Ho Thabisa Jehova ke Sona Seo ke Amehileng ka Sona Haholo-holo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thabisa Jehova ke Sona Seo ke Amehileng ka Sona Haholo-holo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Tšebeletso ea Boinehelo
  • Liteko Tsa Tumelo Sekolong
  • Ho se Nke Lehlakore ha ka ha Bokreste Hoa Lekoa
  • Tšebeletso e Tsosolositsoeng ka Mor’a ho Lokolloa
  • Bophelo bo Enneng, bo Putsang
  • Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Khutsana e se Nang Mang oe! e Fumana Ntate ea Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • O ne a Ikemiselitse ho ba Lesole la Kreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 11/1 maq. 19-23

Ho Thabisa Jehova ke Sona Seo ke Amehileng ka Sona Haholo-holo

JOALOKAHA HO BOLETSE THEODOROS NEROS

Lemati la sele ea ka le ile la buleha, ’me ofisiri ea hoeletsa: “Neros ke mang?” Ha ke bolela hore ke ’na, e ile ea laela: “Ema. Re il’o u bolaea.” Sena se etsahetse kampong ea sesole Korinthe, Greece, ka 1952. Ke hobane’ng ha bophelo ba ka bo ne bo le kotsing hakaalo? Pele ke hlalosa seo, e-re ke u phetele hanyenyane ka semelo sa ka.

NTATE o ile a fumanoa ke Liithuti tsa Bibele (joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo ka nako eo) hoo e ka bang ka 1925. Ka potlako o ile a fetoha e mong oa tsona ’me a fetisetsa litumelo tsa hae ho baena ba hae le likhaitseli tsa hae ba robeli, bao kaofela ba ileng ba amohela ’nete ea Bibele. Ho bile joalo le ka batsoali ba hae. Hamorao o ile a nyala, ’me ke ile ka hlahela Agrinio, Greece, ka 1929.

Tseo e ne e le lilemo tse tšabehang hakaakang bakeng sa Greece! Pele ho ile ha e-ba le puso ea khatello ea Molaoli Metaxas. Joale, ka 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma, ’me hang ka mor’a moo naha e ile ea haptjoa ke Manazi. Boloetse le tlala li ne li jele setsi. Litopo tse hohomohileng li ne li nkoa ka likiribae tse nyenyane. Bobe bo lefatšeng bo ne bo totobetse haholo, hammoho le ho hlokahala ha ’Muso oa Molimo.

Bophelo ba Tšebeletso ea Boinehelo

Ka la 20 August 1942, ha sehlopha sa rōna se phuthehile bakeng sa seboka ka ntle ho Thesalonika, molebeli oa rōna ea okamelang o ile a supa lifofane tsa ntoa tsa Brithani tse neng li lihela libomo motseng ’me a hatisa kamoo re sirelelitsoeng kateng ke ho utloa khothatso ea ‘hore re se tlohele ho bokana ha rōna hammoho.’ (Baheberu 10:25) Lekhetlong leo, re ne re kopane lebōpong la leoatle, ’me ke ne ke le har’a ba ileng ba itlhahisa bakeng sa kolobetso. Ha re tsoa ka metsing, re ile ra etsa mokoloko, ’me bara le barali babo rōna ba Bakreste ba ile ba bina pina eo ba neng ba re babatsa ka eona bakeng sa qeto eo re e entseng. Leo e bile letsatsi le sa lebaleheng hakaakang!

Nakoana ka mor’a moo, ha ’na le moshemane e mong re ntse re etela batho nakong ea tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo, mapolesa a ile a re tšoara ’me a re isa sepoleseng. Ho hatisa hore re ne re nkoa re le Makomonisi le hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o thibetsoe, re ile ra otloa ’me ra bolelloa: “Jehova o tšoana le Stalin, lithoto ting!”

Ka nako eo ntoa ea lehae e ne e kupa Greece, ’me boikutlo bo matla ba ho loantša Bokomonisi bo ne bo atile. Letsatsing le hlahlamang re ile ra fetisoa pel’a mahae a rōna re kolokile re tlamiloe ka lihanaboi, joalokaha eka re linokoane. Empa tseo e ne e se tsona feela liteko tseo ke bileng le tsona.

Liteko Tsa Tumelo Sekolong

Mathoasong a 1944, ke ne ke ntse ke le moshanyana ea kenang sekolo, ’me Manazi a ile a tsoela pele ho laola Thesalonika. Ka letsatsi le leng sekolong, moprista oa Greek Orthodox, moprofesa oa rōna oa bolumeli, o ile a mpolella hore ke tla botsoa lipotso tse amang thuto ea letsatsi leo. Bana ba bang ba ile ba re: “Hase Mokreste oa Orthodox.”

Moprofesa o ile a botsa: “Ke eng?”

Ke ile ka araba: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.”

O ile a hoeletsa: “Phiri ka har’a linku,” eaba oa ntšoara ’me o ntjabela ka tlelapa.

Ke ile ka re ka pelong: ‘Ho tla joang hore phiri e longoe ke nku?’

Matsatsi a seng makae hamorao, ba ka bang 350 ba rōna ba ne ba lutse litafoleng tse lokiselitsoeng lijo tsa motšehare. Mohlokomeli o ile a re: “Neros o tla rapela.” Ke ile ka pheta ho bitsoang ‘Ntat’a Rōna,’ e leng thapelo eo Jesu a e rutileng balateli ba hae, joalokaha e tlalehiloe ho Matheu 6:9-13. Mohlokomeli ha aa ka a khahloa ke sena, kahoo ka bohale o ile a mpotsa a ntse a le moo a lutseng teng tafoleng: “Ke hobane’ng ha u rapetse joalo?”

Ke ile ka re: “Ke hobane ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Eaba le eena oa ntšoara ’me o ntjabela lerameng. Hamorao letsatsing leo tichere e ’ngoe e ile ea mpitsetsa ofising ea eona ’me ea re ho ’na: “U entse hantle, Neros, khomarela seo u se lumelang, ’me u se ke ua inehela.” Bosiung boo, Ntate o ile a nkhothatsa ka mantsoe ana a moapostola Pauluse: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.”—2 Timothea 3:12.

Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka tlameha ho khetha mosebetsi oo ke tla o etsa. Ka lebaka la ntoa ea lehae Greece, ke ile ka boela ka tlameha ho tobana le taba ea ho se nke lehlakore ha Bokreste. (Esaia 2:4; Matheu 26:52) Qetellong, mathoasong a 1952, ke ile ka ahloleloa lilemo tse 20 chankaneng ka lebaka la ho hana ho nka lihlomo nakong eo e thata historing ea Greece.

Ho se Nke Lehlakore ha ka ha Bokreste Hoa Lekoa

Ha ke ntse ke koaletsoe likampong tsa sesole Mesolóngion le Korinthe, ke ile ka ba le monyetla oa ho hlalosetsa balaoli ba sesole hore letsoalo la ka le koetlisitsoeng ke Bibele ha le ntumelle hore ke be lesole bakeng sa ho tšehetsa lithahasello tsa bopolotiki. Ke ile ka hlalosa: “Ke se ke ntse ke le lesole la Jesu,” ke supa 2 Timothea 2:3. Ha ke phehelloa hore ke inahane hape, ke ile ka bolela hore qeto ea ka e ne e sa etsoa ka lepotlapotla empa e entsoe ka mor’a ho nahana ka botebo le ka lebaka la boinehelo ba ka ho Molimo bakeng sa ho etsa thato ea hae.

Ka lebaka la sena, ke ile ka tlameha ho etsa mosebetsi o qobelloang, ke qeta letsatsi ke sa je ebe ke ja ka le hlahlamang ka matsatsi a 20, ’me ke robala fatše samenteng seleng e bophara bo ka tlaasana ho mithara e le ’ngoe le bolelele ba limithara tse peli. Hape ke ne ke kopanetse sele ena le Lipaki tse ling tse peli! Ke nakong ena, ha ke le kampong ea Korinthe, moo ke ileng ka bitsoa seleng ea ka bakeng sa hore ke il’o bolaoa.

Ha re ntse re e-ea sebakeng seo ho bolaeloang ho sona, ofisiri e ile ea botsa, “Na ho na le seo u batlang ho se bua?”

Ke ile ka araba: “Che.”

“Ha u batle ho ngolla lelapa leno?”

Ka boela ka araba: “Che. Ba se ba ntse ba tseba hore nka ’na ka bolaoa mona.”

Re ile ra fihla lebaleng, ’me ka laeloa hore ke eme leboteng. Joale, ho e-na le ho laela masole hore a thunye, ofisiri e ile ea fana ka taelo, “Mo kenyeng ka hare.” E ne e mpa e le polao ea moritaoke feela, e reretsoeng ho leka qeto ea ka e tiileng.

Hamorao ke ile ka romeloa sehlekehlekeng se senyenyane sa Makrónisos, moo ke sa kang ka lumelloa ho ba le sengoliloeng leha e le sefe ntle ho Bibele. Lipaki tse 13 li ne li bolokiloe ka tlung e nyenyane ho li arola ho batšoaruoa ba ka bang 500 ba linokoane. Leha ho le joalo, re ne re ntse re kenyetsoa lingoliloeng ka sekhukhu ka tsela e itseng. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ke ile ka romelloa lebokose la loukoúmia (lipompong tse ratoang). Bahlahlobi ba ne ba thahasella ho latsoa loukoúmia hoo ba bileng ba hlokomoloha makasine ea Molula-Qhooa e neng e patiloe ka tlaase. Paki e ’ngoe e ile ea re: “Masole a jele loukoúmia, empa rōna re ‘jele’ Molula-Qhooa!”

Re ile ra fumana kopi ea buka e neng e sa tsoa lokolloa ea What Has Religion Done for Mankind?, ’me motšoaruoa e mong oa Paki ea neng a tseba Senyesemane o ile a e fetolela. Re ne re boetse re ithuta Molula-Qhooa hammoho, re tšoara liboka tsa rōna ka sekhukhu. Re ne re nka chankana e le sekolo, e le monyetla oa ho matlafatsa bomoea ba rōna. Ka holimo ho tsohle, re ne re thabile hobane re ne re tseba hore tsela ea rōna ea botšepehi e ne e thabisa Jehova.

Chankana ea ho qetela eo ke ileng ka koalloa ho eona e ne e le Týrintha e Pelopónnisos e ka bochabela. Teng ke ile ka hlokomela molebeli ea neng a shebile ka hloko ha ke khannela motšoaruoa-’moho le ’na thuto ea Bibele. Ke ile ka makala hakaakang ha ke kopana le molebeli eo lilemo tse ’maloa hamorao Thesalonika! Ka nako eo e ne e se e le Paki. Hamorao, e mong oa bana ba hae o ile a isoa chankaneng, eseng ho ea sebeletsa e le molebeli empa e le motšoaruoa. O ne a tšoeroe ka lebaka le tšoanang le leo ke neng ke tšoeroe ka lona.

Tšebeletso e Tsosolositsoeng ka Mor’a ho Lokolloa

Ke ile ka sebeletsa lilemo tse tharo feela tsa seo pele e neng e le kahlolo ea lilemo tse 20. Ha ke qeta ho lokolloa ke ile ka etsa qeto ea ho lula Athene. Leha ho le joalo, ka potlako ke ile ka tšoaroa ke mofuta o mong oa lefu la matšoafo ’me ka tlameha ho khutlela Thesalonika. Ke ile ka ba liphateng ka likhoeli tse peli. Hamorao ke ile ka kopana le moroetsana e motle ea bitsoang Koula, ’me re ile ra nyalana ka December 1959. Ka 1962 o ile a qala ho sebeletsa joaloka pula-maliboho, joalokaha basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoa joalo. Lilemo tse tharo hamorao ke ile ka khona ho sebetsa le eena mosebetsing oa bopula-maliboho.

Ka January 1965, re ile ra abeloa ho ea mosebetsing oa potoloho, re etela liphutheho bakeng sa ho li matlafatsa moeeng. Lehlabuleng leo re ile ra boela ra fumana tokelo ea ho ba teng kopanong ea rōna ea pele e khōlō ea setereke, Vienna, Austria. E ne e fapane le tseo re neng re li tšoara Greece moo re neng re tlameha ho kopana ka sekhukhu ka morung hobane mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe. Ho elella bofelong ba 1965, re ile ra memeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Athene. Leha ho le joalo, ka lebaka la mathata a bophelo a ba bang ba beng ka ’na, re ile ra tlameha ho khutlela Thesalonika ka 1967.

Ha re ntse re hlokomela boikarabelo ba lelapa, re ile ra tsoela pele re tšoarehile haholo mosebetsing oa boevangeli. Ka lekhetlo le leng, ha ke ntse ke bua le motsoala oa ka Kostas, ke ile ka mo hlalosetsa botle ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le lerato, bonngoe, le ho utloa Molimo tse teng ka har’a oona. O ile a re, “Lintho tsena li ne li ka ba molemo haholo hoja feela Molimo o teng.” O ile a amohela memo ea ka ea hore a hlahlobe hore na Molimo o teng kapa che. Ke ile ka mo bolella hore re tla be re le kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Nuremberg, Jeremane, ka August 1969. O ile a botsa hore na ebe a ka tla, ’me motsoalle oa hae Alekos, eo le eena a neng a ithuta Bibele le rōna, ka ho tšoanang o ne a batla ho tla.

Kopano ea Nuremberg e ile ea e-ba pono e hlollang! Kopano e ne e tšoaretsoe lebaleng le leholo la lipapali moo Hitler a neng a keteka tlhōlo ea masole a hae teng. Re ile ra finyella tlhōrō ea ba bileng teng ba fetang 150 000, ’me moea oa Jehova o ne o bonahala linthong tsohle tse neng li etsoa. Kapele ka mor’a moo Kostas le Alekos ba ile ba kolobetsoa. Hona joale ka bobeli ba sebeletsa e le baholo ba Bakreste, ’me malapa a bona le ’ona ke Lipaki.

Ke ile ka qala ho ithuta le mofumahali e mong ea thahasellang. Monna oa hae o ile a bolela hore o batla ho hlahloba litumelo tsa rōna, ’me nakoana ka mor’a moo o ile a ntsebisa hore o memme motho e mong ea bitsoang Monghali Sakkos, moruti oa thuto ea bolumeli oa Greek Orthodox, bakeng sa phehisano. Monna enoa o ne a batla ho re botsa lipotso tse itseng ka bobeli ba rōna. Monghali Sakkos o ile a tla, hammoho le moprista. Monna eo re neng re mo etetse o ile a qala ka ho re, “Pele, ke rata hore Monghali Sakkos a arabe lipotso tse tharo.”

A phahamisitse phetolelo ea Bibele eo re ’nileng ra e sebelisa lipuisanong tsa rōna, monna enoa o ile a botsa, “Potso ea pele: Na ee ke Bibele ea sebele, kapa ke Bibele ea Lipaki?” Monghali Sakkos o ile a araba ka hore ke phetolelo e amohelehang, hape o ile a hlalosa Lipaki tsa Jehova e le “batho ba ratang Bibele.”

Ha a tsoela pele, monna enoa o ile a botsa, “Potso ea bobeli: Na Lipaki tsa Jehova ke batho ba itšoereng hantle?” Ha e le hantle, o ne a batla ho tseba hore na ke batho ba mofuta ofe bao mosali oa hae a qalileng ho tloaelana le bona. Moruti oa thuto ea bolumeli o ile a araba ka hore ka sebele ke batho ba itšoereng hantle.

Monna enoa o ile a tsoela pele: “Potso ea boraro: Na Lipaki tsa Jehova lia lefshoa?” Moruti oa thuto ea bolumeli o ile a araba: “Che.”

Monna enoa o ile a qetella ka ho re: “Ke fumane likarabo tsa lipotso tsa ka, ’me ke entse qeto.” Ka mor’a moo o ile a tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele ’me kapele o ile a kolobetsoa ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Bophelo bo Enneng, bo Putsang

Ke ile ka boela ka qala ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho ka January 1976. Hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng hamorao, ke ile ka ba le tokelo ea ho kopanela ho etelleng pele mofuta o mocha oa boboleli Greece—bopaki ba seterateng. Joale, ka October 1991, ’na le mosali oa ka re ile ra qala ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka tlameha ho buuoa pelo bakeng sa ho kenya methapo e meng e mene ea mali sebakeng sa methapo e mene e thibaneng, e leng seo ka thabo se ileng sa atleha. Hona joale ke phetse hantle, ’me ke ile ka khona ho tsosolosa mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng. Hape ke sebeletsa ke le moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tse Thesalonika, hape ke sebetsa le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele sebakeng sena bakeng sa ho thusa ba nang le litlhokahalo tsa phekolo ea bongaka.

Ha ke hetla morao bophelong ba ka, ke hlokomela kamoo ho etsa se thabisang Ntate oa rōna oa leholimo e bileng ho khotsofatsang kateng. Ke thabela hore ebe ho tloha khale ke ile ka amohela memo ea hae e ipiletsang: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” (Liproverbia 27:11) Ka sebele pelo ea ka e thabela ho bona keketseho lefatšeng lohle ea palo ea batho ba tšepahalang ba kenang ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ruri ke tokelo ho kopanela ho lokolleng batho litlamong ka ho sebelisa ’nete ea Bibele ’me ka tsela eo re ba bulela monyetla oa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka!—Johanne 8:32; 2 Petrose 3:13.

Kamehla re leka ho khothalletsa bahlanka ba Jehova ba banyenyane hore ba ipehele pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng, hore ba nehele nako ea bona le matla ho eena. Ruri, ho tšepa Jehova le ho nyakallela ka ho phethahetseng ho thabisa pelo ea hae ke bophelo bo khotsofatsang ka ho fetisisa boo motho a ka bang le bona!—Liproverbia 3:5; Moeklesia 12:1.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

(Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona)

Ha ke ne ke sebeletsa kichineng ea Bethele ka 1965

Ha ke ne ke fana ka puo ka 1970 ha boboleli ba rōna bo ne bo thibetsoe

’Na le mosali oa ka ka 1959

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Na le mosali oa ka, Koula

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela