Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 1/15 maq. 18-22
  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Litaelo Tsa Hae ha li Boima”
  • Ithuise Tsebo ka Molimo
  • Ho Finyella Litekanyetso Tsa Molimo
  • Bontša Tlhompho Bakeng sa Bophelo le Mali
  • Ho Sebeletsa Hammoho le Batho ba Jehova ba Hlophisehileng
  • “Se Boleloang ke Lerato la Molimo ke Sena”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Kamoo Molimo a Talimang Bophelo Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bontša Hore U Nka Bophelo bo le Bohlokoa
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Na Joaloka Molimo U Nka Bophelo e le ba Bohlokoa?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 1/15 maq. 18-22

Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

“Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; ’me leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 JOHANNE 5:3.

1, 2. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe Molimo o na le lintho tseo a li hlokang ho ba batlang ho mo rapela ka ho amohelehang?

“KE KHOTSOFETSE ka bolumeli ba ka!” Na hase seo batho ba atisang ho se bua? Leha le ho joalo, ka sebele ho lokela ho botsoe potso ena, “Na bolumeli ba ka bo khahlisa Molimo?” E, Molimo o na le lintho tseo a li hlokang ho ba batlang ho mo rapela ka tsela e amohelehang. Na seo se lokela ho re makatsa? Le hanyenyane. Nka hore u ne u e-na le lehae le letle, leo u sa tsoa le nchafatsa ka litšenyehelo tse phahameng. Na u ne u tla lumella mang le mang ho lula moo? Ho hlakile hore u ne u ke ke! Motho leha e le ofe ea neng a ka ba le monyetla oa ho lula moo o ne a tla tlameha ho finyella lintho tseo u li hlokang.

2 Ka ho tšoanang, Jehova Molimo o ile a lokisetsa lelapa la motho lehae lena la lefatše. Tlas’a puso ea ’Muso oa hae, lefatše le se le tla “nchafatsoa”—le fetoloe paradeise e ntle. Jehova o tla finyella sena. Ka tšenyehelo e khōlō ho eena, o ile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ho etsa hore seo se khonehe. Ka sebele e tlameha ebe ho na le lintho tseo Molimo a li hlokang ho ba tla phela moo!—Pesaleme ea 115:16; Matheu 6:9, 10; Johanne 3:16.

3. Solomone o ile a akaretsa seo Molimo a se lebeletseng ho rōna joang?

3 Re ka fumana joang hore na Molimo o hloka’ng? Jehova o ile a bululela Morena Solomone ea bohlale ho akaretsa seo A se lebeletseng ho rōna. Ka mor’a ho nahanisisa ka sohle seo a neng a ile a se phehella—ho akarelletsa leruo, merero ea kaho, lithahasello tsa ’mino le lerato la maikutlo—Solomone o ile a hlokomela sena: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Moeklesia 12:13.

“Litaelo Tsa Hae ha li Boima”

4-6. (a) Moelelo o tobileng oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boima” ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore litaelo tsa Molimo ha li boima?

4 “U boloke litaelo tsa oona.” Ha e le hantle, ke sona seo Molimo a se lebeletseng ho rōna. Na o hloka se sengata haholo? Le hanyenyane. Moapostola Johanne o re bolella ntho e khothatsang haholo ka litaelo tsa Molimo kapa lintho tseo a li hlokang. O ile a ngola: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; ’me leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Johanne 5:3.

5 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boima” ha e le hantle le bolela “ho imela.” Le ka bolela ntho eo ho leng thata ho e phelela kapa eo ho leng thata ho e phethahatsa. Ho Matheu 23:4, le sebelisitsoe ho hlalosa ‘mejaro e imelang,’ melao le lineano tse iketselitsoeng ke batho, tseo bangoli le Bafarisi ba neng ba li jarisitse batho. Na u utloisisa qeto eo moapostola Johanne ea hōlileng a e etsang? Litaelo tsa Molimo hase moroalo o boima, leha e le hona hore ho ka ba thata haholo hore re li phethahatse. (Bapisa le Deuteronoma 30:11.) Ho e-na le hoo, ha re rata Molimo, ho finyella lintho tseo a li hlokang hoa re thabisa. Ho re fa monyetla oa bohlokoa oa ho bontša lerato la rōna bakeng sa Jehova.

6 E le hore re ka bontša lerato la rōna bakeng sa Molimo, ho hlokahala hore re tsebe ka ho toba seo a se lebeletseng ho rōna. Joale a re hlahlobeng lintho tse hlano tseo Molimo a li hlokang. Ha re ntse re etsa joalo, hopola seo Johanne a ileng a se ngola: ‘Litaelo tsa Molimo ha li boima.’

Ithuise Tsebo ka Molimo

7. Poloko ea rōna e itšetlehile ka eng?

7 Ntho ea pele e hlokahalang ke ho ithuisa tsebo ka Molimo. Nahana ka mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 17. E ne e le bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu e le motho. Jesu o ne a nkile boholo ba bosiu boo a lokisetsa baapostola ba hae ho tsamaea ha hae. O ne a amehile ka bokamoso ba bona, bokamoso ba bona bo sa feleng. Ha a phahamisetsa mahlo a hae leholimong, o ile a ba rapella. Temaneng ea 3, rea bala: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” E, ho bolokeha ha bona ho ne ho itšetlehile ka “ho tsoela pele [ha bona] ba ithuisa tsebo” ka Molimo le Kreste. Seo sea sebetsa le ho rōna. Hore re bolokehe, re tlameha ho ithuisa tsebo e joalo.

8. Ho “ithuisa tsebo” ka Molimo ho bolela’ng?

8 Ho bolela’ng ho “ithuisa tsebo” ka Molimo? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “ho tsoela pele ba ithuisa tsebo” le bolela “ho tseba, ho hlokomela” kapa “ho utloisisa ka ho feletseng.” Hape, hlokomela hore phetolelo e reng “ho tsoela pele ba ithuisa tsebo” e fana ka maikutlo a hore ena ke ketso e tsoelang pele. Kahoo ho ithuisa tsebo ka Molimo ho bolela ho mo tseba, eseng ka mokhoa o sa tebang, empa ka mokhoa o haufi-ufi, ho hōlisa botsoalle bo bontšang kutloano. Kamano e tsoelang pele le Molimo e fana ka tsebo e eketsehang e sa khaotse ka eena. Ketso ena e ka tsoela pele ka ho sa feleng, hobane ha ho mohla re tla ithuta ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Jehova.—Baroma 11:33.

9. Re ka ithuta eng ka Jehova bukeng ea pōpo?

9 Re ithuisa tsebo ka Molimo joang? Ho na le libuka tse peli tse ka re thusang. Ea pele ke buka ea pōpo. Lintho tseo Jehova a li bōpileng—tse phelang le tse sa pheleng—li re fa temohisiso e itseng ka hore na ke motho oa mofuta ofe. (Baroma 1:20) Nahana ka mehlala e meng. Ho hoasa ha phororo e ntle haholo, ho khahlela ha maqhubu nakong ea sefefo, ho bona leholimo le tletseng linaleli bosiung boo ka bona leholimo le hlakileng—na lintho tse joalo ha li re rute hore Jehova ke Molimo ea nang le ‘matla a maholo’? (Esaia 40:26) Ngoana ea tšehang ha a shebeletse lelinyane la ntja le lelekisang mohatla oa lona kapa lelinyane la katse le bapalang ka bolo ea boea—na seo ha se bontše hore Jehova, “Molimo ea thabileng,” o thabela lintho tse qabolang? (1 Timothea 1:11) Tatso ea lijo tse lutlisang mathe, monko o monate oa lipalesa tse lekhulong, mebala e hlakileng ea serurubele se setle, molumo oa linonyana tse binang nakong ea selemo, ho kopuoa ka mofuthu ke moratuoa—na linthong tse joalo ha re lemohe hore ’Mōpi oa rōna ke Molimo oa lerato, ea batlang hore re thabele bophelo?—1 Johanne 4:8.

10, 11. (a) Ke lintho life tseo re ke keng ra ithuta tsona ka Jehova le merero ea hae bukeng ea pōpo? (b) Ke likarabo tsa lipotso life tse fumanehang feela Bibeleng?

10 Leha ho le joalo, ho na le moeli ho seo re ka ithutang sona ka Jehova bukeng ea pōpo. Ka mohlala: Lebitso la Molimo ke mang? Ke hobane’ng ha a ile a bōpa lefatše ’me a beha motho holim’a lona? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella bokhopo? Bokamoso bo re tšoaretse eng? Ho fumana likarabo tsa lipotso tse joalo, re tlameha ho ea bukeng e ’ngoe e fanang ka tsebo ea Molimo—Bibele. Maqepheng a eona, Jehova o senola lintho tse mabapi le eena, ho akarelletsa lebitso la hae, botho ba hae le merero ea hae—boitsebiso boo re ke keng ra bo fumana mohloling leha e le ofe o mong.—Exoda 34:6, 7; Pesaleme ea 83:18; Amose 3:7.

11 Ka Mangolong, Jehova o boetse o fana ka tsebo ea bohlokoahali mabapi le batho ba bang bao ho hlokahalang hore re tsebe ka bona. Ka mohlala, Jesu Kreste ke mang, ’me o phetha karolo efe ho phethahatsoeng ha merero ea Jehova? (Liketso 4:12) Satane Diabolose ke mang? O khelosa batho ka litsela life? Re ka qoba ho khelosoa ke eena joang? (1 Petrose 5:8) Likarabo tse bolokang bophelo tsa lipotso tsena li fumaneha ka Bibeleng feela.

12. U ka hlalosa joang hore na ke hobane’ng ha ho ithuisa tsebo ka Molimo le merero ea hae e se moroalo?

12 Na ke moroalo ho ithuisa tsebo e joalo ka Molimo le merero ea hae? Le hanyenyane! Na u ka hopola kamoo u neng u ikutloa kateng ha u qala ho ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova, hore ’Muso oa hae o tla tsosolosa Paradeise lefatšeng lee, hore o fane ka Mora oa hae ea ratoang e le thekollo bakeng sa libe tsa rōna, hammoho le linnete tse ling tsa bohlokoa? Na ho ne ho sa tšoane le ho tlosa lesira la ho hloka tsebo le ho bona lintho ka mokhoa o hlakileng ka lekhetlo la pele? Ho ithuisa tsebo ka Molimo hase moroalo. Hoa thabisa!—Pesaleme ea 1:1-3; 119:97.

Ho Finyella Litekanyetso Tsa Molimo

13, 14. (a) Ha re ntse re ithuisa tsebo ka Molimo, ho hlokahala hore re etse liphetoho life bophelong ba rōna? (b) Molimo o hloka hore re qobe mekhoa efe e litšila?

13 Ha re ntse re ithuisa tsebo ka Molimo, rea hlokomela hore ho hlokahala hore re etse liphetoho bophelong ba rōna. Sena se re tlisa nthong ea bobeli e hlokahalang. Re tlameha ho finyella litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro bo loketseng ’me re amohele ’nete ea hae. ’Nete ke eng? Na ho hlile hoa tsotelleha ho Molimo hore na re lumela eng le hore na re etsa eng? Ka ho totobetseng, kajeno batho ba bangata ha ba nahane joalo. Tlaleho e ileng ea phatlalatsoa ke Kereke ea Chache ka 1995 e ile ea bolela hore ha batho ba phela hammoho empa ba sa nyalana, hoo ha hoa lokela ho talingoa e le sebe. Mobishopo e mong oa kereke o ile a re: “Poleloana ‘ho phela sebeng’ e bontša ho nyatsa ’me ha e thuse.”

14 Ka hona, he, na “ho phela sebeng” ha e sa le sebe? Jehova o re bolella ka ho hlakileng hore na o ikutloa joang ka boitšoaro bo joalo. Lentsoe la hae, Bibele, le re: “Lenyalo a le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo e ka ’na eaba hase sebe ponong ea baruti ba lumellang boitšoaro bo hlephileng le ea batho ba kenang kereke, empa ke sebe se tebileng mahlong a Molimo! ’Me ho joalo le ka bofebe, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho le bosodoma. (Levitike 18:6; 1 Bakorinthe 6:9, 10) Molimo o hloka hore re tlohele mekhoa e joalo, eo a e talimang e le litšila.

15. Lintho tseo Molimo a li hlokang li akarelletsa tsela eo re tšoarang ba bang ka eona le seo re se lumelang joang?

15 Leha ho le joalo, ha hoa lekana ho tlohela mekhoa eo Molimo a e talimang e le ea boetsalibe. Lintho tseo Molimo a li hlokang li boetse li akarelletsa tsela eo re tšoarang ba bang ka eona. Ka lapeng, o lebeletse hore monna le mosali ba ratane le ho hlomphana. Molimo o hloka hore batsoali ba hlokomele litlhoko tsa bana ba bona tsa nama, tsa moea le tsa maikutlo. O bolella bana hore ba mamele batsoali ba bona. (Liproverbia 22:6; Bakolose 3:18-21) ’Me ho thoe’ng ka litumelo tsa rōna? Jehova Molimo o batla hore re qobe litumelo le litloaelo tse tsoang borapeling ba bohata kapa tse khahlanong le ’nete e hlakileng e rutoang ka Bibeleng.—Deuteronoma 18:9-13; 2 Bakorinthe 6:14-17.

16. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho finyella litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro bo loketseng le ho amohela ’nete ea hae e se moroalo.

16 Na ke moroalo ho rōna ho finyella litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro bo loketseng le ho amohela ’nete ea hae? Eseng ha re nahana ka melemo ea hona—manyalo ao ho ’ona banna le basali ba ratanang ebile ba tšepana, ho e-na le manyalo a qhalaneng ka lebaka la ho se tšepahale lenyalong; mahae ao ho ’ona bana ba ikutloang ba ratoa ebile ba batloa ke batsoali ba bona, ho e-na le malapa ao ho ’ona bana ba ikutloang ba sa ratoe, ba hlokomolohiloe ebile ba sa batloe; letsoalo le hloekileng le bophelo bo botle, ho e-na le boikutlo ba ho ba molato le ’mele o sentsoeng ke AIDS kapa mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Ka sebele lintho tseo Jehova a li hlokang ha li re amohe ntho efe kapa efe eo re e hlokang e le hore re thabele bophelo!—Deuteronoma 10:12, 13.

Bontša Tlhompho Bakeng sa Bophelo le Mali

17. Jehova o talima bophelo le mali joang?

17 Ha u ntse u lumellanya bophelo ba hao le litekanyetso tsa Molimo, u qetella u utloisisa kamoo bophelo bo leng bohlokoa kateng. Joale a re hlahlobeng ntho ea boraro eo Molimo a e hlokang. Re tlameha ho bontša tlhompho bakeng sa bophelo le mali. Bophelo boa halalela ho Jehova. Ho lokela ho ba joalo, hobane ke eena Mohloli oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Ka sebele, esita le bophelo ba ngoana ea e-song ho hlahe ea leng ka ho ’m’ae ke ba bohlokoa ho Jehova! (Exoda 21:22, 23) Mali a emela bophelo. Ka lebaka leo, mali le ’ona aa halalela mahlong a Molimo. (Levitike 17:14) Joale, ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe Molimo o lebeletse hore re talime bophelo le mali joaloka eena.

18. Pono ea Jehova ka bophelo le mali e re hloka eng?

18 Ho hlompha bophelo le mali ho re hloka eng? Joaloka Bakreste, ha re behe bophelo ba rōna kotsing ho sa hlokahale bakeng sa boithabiso feela. Re lula re amehile ka tšireletseho, ka lebaka leo re etsa bonnete ba hore likoloi tsa rōna le mahae a rōna li sireletsehile. (Deuteronoma 22:8) Bakeng sa ho ithabisa ha re sebelise koae, ha re hlafune betel nut kapa ho sebelisa lithethefatsi tse etsang motho lekhoba la tsona kapa tse senyang kelello. (2 Bakorinthe 7:1) Kaha re mamela Molimo ha a re re ‘ile mali,’ ho hang ha re lumelle hore re tšeloe mali ’meleng ea rōna. (Liketso 15:28, 29) Le hoja re rata bophelo, re ke ke ra leka ho boloka bophelo ba rōna ba hona joale ka ho tlōla molao oa Molimo, ka tsela eo re behe kotsing tebello ea rōna ea bophelo bo sa feleng!—Matheu 16:25.

19. Hlalosa hore na re rua molemo joang ka ho bontša tlhompho bakeng sa bophelo le mali.

19 Na ke moroalo ho rōna ho tšoara bophelo le mali ka khalalelo? Le hanyenyane! Ak’u ho nahane. Na ke moroalo ho lokoloha kankereng ea matšoafo e bakoang ke ho tsuba koae? Na ke moroalo ho balehela ho lemalla lithethefatsi tse kotsi kelellong le ’meleng? Na ke moroalo ho thibela tšoaetso ea AIDS, lefu la sebete kapa lefu le leng le bakoang ke tšelo ea mali? Ho hlakile hore ho qoba litloaelo le mekhoa e kotsi ho molemong oa rōna.—Esaia 48:17.

20. Lelapa le leng le ile la rua molemo joang ka ho ba le pono ea Molimo ka bophelo?

20 Nahana ka phihlelo ena. Lilemong tse itseng tse fetileng, mosali e mong oa Paki eo e neng e le moimana oa likhoeli tse ka bang tharo le halofo o ile a qala ho tsoa mali haholo mantsiboeeng a mang ’me o ile a potlakisetsoa sepetlele. Ka mor’a hore ngaka e mo hlahlobe, o ile a utloa e bolella e mong oa baoki hore ba ne ba tla tlameha ho ntša mpa eo. A tseba kamoo Jehova a talimang bophelo ba ngoana ea e-song ho hlahe, ka tieo o ile a hana ho ntša mpa, a bolella ngaka: “Haeba oa phela, mo tlohele hona moo!” O ile a tsoela pele ho tsoa mali ka linako tse ling, empa likhoeli tse ngata hamorao o ile a beleha pele ho nako, a beleha lesea la moshemane le phetseng hantle, eo hona joale a leng lilemo li 17. O ile a hlalosa: “Mora oa rōna o ile a bolelloa sena sohle, ’me o ile a re o thabile hore ebe ha aa ka a lahleloa lithōleng. Oa tseba hore ho sebeletsa ha rōna Jehova ke lona lebaka feela la hore ebe oa phela.” Ka sebele, ho ba le pono ea Molimo ka bophelo e ne e se moroalo lelapeng lena!

Ho Sebeletsa Hammoho le Batho ba Jehova ba Hlophisehileng

21, 22. (a) Jehova o lebeletse hore re mo sebeletse le bo-mang? (b) Batho ba Molimo ba hlophisitsoeng ba ka khetholloa joang?

21 Hase rōna feela ba etsang liphetoho tse hlokahalang hore bophelo ba rōna bo lumellane le litekanyetso tsa Molimo. Jehova o na le batho lefatšeng lena, ’me o lebeletse hore re mo sebeletse hammoho le bona. Sena se re tlisa tlhokahalong ea bone. Re tlameha ho sebeletsa Jehova le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae o tsamaisoang ke moea.

22 Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba hlophisehileng ba ka khetholloa joang? Ho latela litekanyetso tse totobalitsoeng ka Mangolong, ba na le lerato la sebele har’a bona, ba hlompha Bibele ka ho tebileng, ba tlotlisa lebitso la Molimo, ba bolela ka ’Muso oa hae, ’me hase karolo ea lefatše lena le khopo. (Matheu 6:9; 24:14; Johanne 13:34, 35; 17:16, 17) Ho na le mokhatlo o hlophisehileng oa bolumeli o le mong feela lefatšeng lena o nang le matšoao ana kaofela a Bokreste ba ’nete—Lipaki tsa Jehova!

23, 24. Re ka bontša joang hore ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba hae ba hlophisitsoeng hase moroalo?

23 Na ke moroalo ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba hae ba hlophisitsoeng? Ka sebele ha ho joalo! Ho e-na le hoo, ke tokelo ea bohlokoa ho ratoa le ho tšehetsoa ke lelapa la lefatše ka bophara la bara le barali babo rōna ba Bakreste. (1 Petrose 2:17) Ak’u nahane u pholoha ha sekepe se soahlamana leoatleng ’me u iphumana u le ka metsing, u loanela ho lula u phaphametse. Nakong eo u ikutloang hore u ke ke ua hlola u mamella, u nanabeloa ke letsoho le hlahang seketsoaneng sa pholoho. E, ho na le baphonyohi ba bang! Ka seketsoaneng sa pholoho, uena le ba bang le ntse le chenchana ka ho soka seketsoana ho leba lebōpong, ha le ntse le nka baphonyohi ba bang tseleng.

24 Na ha re boemong bo tšoanang? Re ntšitsoe “metsing” a kotsi a lefatše lena le khopo, ra kenngoa ka “seketsoaneng sa pholoho” sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng. Ka har’a oona, re sebeletsa hammoho ha re ntse re leba “mabōpong” a lefatše le lecha la ho loka. Haeba likhatello tsa bophelo li etsa hore re khathale tseleng, re leboha hakaakang ka thuso le matšeliso a metsoalle ea ’nete ea Bakreste!—Liproverbia 17:17.

25. (a) Re na le boikarabelo bofe mabapi le ba sa ntseng ba le ka “metsing” a lefatše lee le khopo? (b) Ho tla hlahlojoa ntho efe eo Molimo a e hlokang sehloohong se latelang?

25 Ho thoe’ng ka ba bang—batho ba lipelo li tšepahalang ba ntseng ba le ka “metsing”? Re na le boikarabelo ba ho ba thusa hore ba kene ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, na ha ho joalo? (1 Timothea 2:3, 4) Ba hloka thuso e le hore ba ka ithuta seo Molimo a se hlokang. Sena se re tlisa nthong ea bohlano eo Molimo a e hlokang. Re tlameha ho ba baboleli ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng ba ’Muso oa Molimo. Se akarelletsoang ke taba ena se tla hlahlojoa sehloohong se latelang.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha litaelo tsa Molimo li se boima?

◻ Re ithuisa tsebo ka Molimo joang?

◻ Ke hobane’ng ha ho finyella litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro bo loketseng le ho amohela ’nete ea hae e se moroalo?

◻ Pono ea Molimo ka bophelo le mali e re hloka eng?

◻ Molimo o lebeletse hore re mo sebeletse le bo-mang, ’me ba ka khetholloa joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Re ithuta ka Jehova bukeng ea pōpo le Bibeleng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Crocodile: By courtesy of Australian International Public Relations; bear: Safari-Zoo of Ramat-Gan, Tel Aviv

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela