Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 2/15 maq. 3-4
  • Mahlomola a Mangata Hakaale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlomola a Mangata Hakaale
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tletse “Matšoenyeho le Lintho Tse Utloisang Bohloko”
  • Na ke Karolo ea Morero oa Molimo?
  • Ha Mahlomola a se a le Sieo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 2/15 maq. 3-4

Mahlomola a Mangata Hakaale

“KE HOBANE’NG ha ho e-na le mahlomola aa ’ohle a oelang batho ka bomong le ka bongata . . . ? Molimo e lokela ho ba mothofatso oa merero eohle empa leha ho le joalo, ho na le ho hongata ho se nang thuso lefatšeng lena, mahlomola a mangata a sa utloahaleng le sebe se se nang kelello. Na ebe Molimo eo mohlomong ke eo Nietzsche a ileng a mo qosa ka hore ke: mohatelli, mothetsi, moqhekelli, ’molai?”—On Being a Christian, e ngotsoeng ke Hans Küng.

U ka bona hore moruti oa thuto ea bolumeli oa K’hatholike, Hans Küng, o mpa feela a hlahisa bothata bo qakileng ba bangata—ke hobane’ng ha Molimo ea matla ’ohle, ea lerato a lumella mahlomola a mangata hakaale? Na ha u e-s’o utloe ha batho ba botsa potso eo? Mang le mang ea nang le kutloelo-bohloko o utloisoa bohloko ke seo Küng a se hlalosang e le “mophula o sa khaotseng oa mali, mofufutso le meokho, bohloko, masoabi le tšabo, bolutu le lefu.” Ha e le hantle, sena se tšoana hantle le nōka e phallang, moroallo oa tšabo e khōlō le tsieleho tse ’nileng tsa ferekanya bophelo ba ba limilione ho pholletsa le histori.—Jobo 14:1.

Ho Tletse “Matšoenyeho le Lintho Tse Utloisang Bohloko”

Nahana ka mahlomola a tlisoang ke ntoa, bohloko bo sa utluoeng feela ke bahlaseluoa, empa bo utluoa le ke ba salang ba saretsoe, ba kang batsoali le beng ka bana ba bolailoeng le ba bang ba hlokofalitsoeng. Haufinyane tjena ba Sefapano se Sefubelu ba ile ba re: “Lilemong tse 10 tse fetileng, bana ba limilione li 1,5 ba bolauoe ntoeng ea libetsa.” Rwanda ka 1994, ba Sefapano se Sefubelu ba tlaleha hore “likete tse makholo tsa banna, basali le bana li bolauoe ka sehlōhō le ka morero.”

Hape ha rea lokela ho hlokomoloha bohloko bo bakoang ke ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana. ’Mè e mong ea saretsoeng, ea boletseng hore mora oa hae o ile a ipolaea ka mor’a ho hleka-hlekoa ke motho ea sebetsang tlhokomelong ea bana, o itse: “Monna ea hleka-hlekileng mora oa ka . . . o mo timelitse, hammoho le bashanyana ba bang ba bangata, ka tsela e reriloeng le e khopameng ho feta kamoo ho ka nahanoang kateng.” ’Me ho thoe’ng ka phihlelo e tšosang ea bohloko bo utluoang ke bahlaseluoa ba babolai ba sehlōhō kapa babolai ba etsang letoto la lipolao, joaloka ba tšoeroeng Brithani ba ’nileng ba “koetela, ba beta, ba hlokofatsa le ho bolaea ba sa fumane kotlo ka lilemo tse 25”? Ho pholletsa le histori, ho bonahala ho sa ka ha e-ba le moeli ho seo banna le basali ba ’nileng ba se etsa e mong ho e mong ho utloisana bohloko le ho bakelana mahlomola.—Moeklesia 4:1-3.

Ho phaella moo, ho na le mahlomola a bakoang ke bokuli ba maikutlo le ba ’mele, hammoho le bohloko bo tšabehang ba mesarelo e aparelang malapa ha baratuoa ba ’ona ba e-shoa ka tšohanyetso. Ho boetse ho na le bohloko bo tebileng bo utluoang ke bahlaseluoa ba tlala ea boja-likata kapa ba likoluoa tse ling tse bitsoang tsa tlhaho. Ke ba seng bakae ba tla hanyetsana le polelo ea Moshe ea hore lilemo tsa rōna tse 70 kapa 80 li tletse “matšoenyeho le lintho tse utloisang bohloko.”—Pesaleme ea 90:10, NW.

Na ke Karolo ea Morero oa Molimo?

Joalokaha ba bang ba bolela, na ebe ka mohlomong mahlomola aa a sa khaotseng ke karolo ea morero o sa utloisisoeng oa Molimo? Na re lokela ho utloa bohloko hona joale e le hore re tle re ananele bophelo ‘lefatšeng le latelang’? Joalokaha rafilosofi oa Lefora, Teilhard de Chardin a ne a lumela, na ke ’nete hore “mahlomola a bolaeang le a senyang aa hlokahala ho batho e le hore ba ka phela ’me ba qetella ba fetohile libōpuoa tsa moea”? (The Religion of Teilhard de Chardin; mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka sebele ha ho joalo!

Na moqapi ea nahanelang o ne a ka bōpa tikoloho e bolaeang ka boomo ebe ha a qeta o ipolela hore o na le kutloelo-bohloko ha a pholosa batho liphellong tsa eona? Le hanyenyane! Molimo ea lerato o ne a ka etsa seo hobane’ng? Ka hona, ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola? Na mahlomola a tla ke a fele? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

WHO photo by P. Almasy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela