Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Kaha Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho tšepahala ’me lia tšepana, ke hobane’ng ha li nka e le habohlokoa ho ngola tumellano fatše ha li sebelisana ka tsa khoebo?
Ho etsa joalo ha tsona ho tumellanong le Mangolo, ho molemo ’me ho bontša lerato. Joang? A re hlahlobeng litšobotsi tseo tsa litumellano tsa khoebo. Bibele e fana ka tlaleho e ngotsoeng ea litšebelisano tsa Molimo le batho ba hae ba neng ba le selekaneng le eena, Baiseraele. E kopanyelletsa litšebelisano tsa khoebo tse amang barapeli ba ’nete. Genese khaolo ea 23 e na le e ’ngoe eo re ka e hlahlobang. Abrahama o ile a batla ho fumana setša sa lebitla ha moratuoa oa hae, Sara, a e-shoa. O ile a qala ho sebelisana le Bakanana ba neng ba lula haufi le Hebrone. Temana ea 7-9 li bontša hore o ile a bolela ka ho hlakileng hore na o tla fana ka theko e kae bakeng sa setša seo a neng a se batla. Temana ea 10 e tiisa hore thekisetsano ena e ile ea etsoa phatlalatsa, moo ba bang ba utloang khorong ea motse. Temana ea 13 e bontša hore mong’a tšimo o ile a ithaopela ho fa Abrahama setša, empa eena a arabela ka hore o tla nka setša hafeela a se reka. ’Me temana ea 17, 18 le 20 li hlalosa hore o ile a fela a se reka, ’me ha tiisoa “pontšeng ea bara ba Hethe le ea bohle ba fetang khorong ea motse oa hae.”
Empa, na e ne e tla ba ho fapaneng haeba ba babeli ba nang le tšebelisano e joalo ea khoebo e ne e le barapeli ba ’nete? Khaolo ea 32 ea Jeremia e fana ka karabo. Ho tloha ka temana ea 6 ho ea pele, re hlokomela hore Jeremia o ne a lokela ho reka tšimo ho ngoan’a rangoan’ae. Temana ea 9 e bontša hore ho ile ha lumellanoa ka theko e loketseng. Joale bala temana ea 10-12: “[’Na Jeremia] ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka nka lipaki, ka lekanya silefera sekaleng. Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsoeng ka mokhoa oa teng le ka molao, le lona lengolo le phetliloeng; ka nea lengolo la theko ho Baruke, mor’a Neria, mor’a Mahaseia, pontšeng ea Hanameele, ngoan’a rangoane, le pontšeng ea lipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontšeng ea ba-Juda kaofela ba neng ba lutse lebaleng la teronko.”
E, le hoja Jeremia a ne a sebelisana le morapeli-’moho, ebile e le mong ka eena, o ile a nka mehato e loketseng ea molao. Ho ile ha ngoloa litlaleho tse peli—e ’ngoe ea tloheloa e butsoe bakeng sa hore ho batloe boitsebiso ho eona neng kapa neng, ea bobeli ea koaloa e le hore e ka fana ka bopaki haeba ho ka ba le pelaelo leha e le efe ka ho nepahala ha e butsoeng. Joalokaha temana ea 13 e bolela, tsena tsohle li ile tsa etsetsoa “pontšeng ea bona.” Kahoo, e bile tšebelisano ea khoebo ea phatlalatsa, e molaong le e nang le lipaki. Joale, ho hlakile hore ke ka mohlala oa Mangolo barapeli ba ’nete ba tsamaisang litaba ka tsela e nang le bopaki le e ngotsoeng.
Ho boetse ho molemo. Re tseba bonnete ba mantsoe a reng “nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.” (Moeklesia 9:11, NW) Seo se kopanyelletsa Bakreste ba inehetseng le ba tšepahalang. Jakobo 4:13, 14 e e beha tjena: “Mamelang, joale, lōna ba reng: ‘Kajeno kapa hosasane ka sebele re tla nka leeto ho ea motseng ona ’me ka sebele re tla qeta selemo moo, ’me ka sebele re tla kena khoebong le ho etsa phaello,’ athe ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.” Ka lebaka leo, re ka ’na ra qalisa morero o itseng, o kang oa ho reka, ra lumellana ka mosebetsi kapa tšebeletso e itseng, kapa ra etsetsa motho e mong thepa e itseng. Empa hosasane—kapa khoeli e tlang kapa selemo se tlang—li tla tlisa eng? Ho thoe’ng haeba rōna kapa motho eo re sebelisanang le eena a hlaheloa ke kotsi? Ho bonahala seo se ka ’na sa etsa hore ho be boima ho boloka tumellano. Ho thoe’ng haeba re ka hlōleha ho etsa mosebetsi kapa tšebeletso eo, kapa mohlomong motho eo eena a fumana a thatafalloa ke ho lefa kapa ho phethahatsa tumellano? Haeba ho se tumellano e ngotsoeng, ho ka ’na ha hlaha mathata a sebele, a neng a ka lokisoa kapa a ka beng a ile a qojoa ka ho ba le tumellano e bonolo e ngotsoeng.
Ho feta moo, ha rea lokela ho lebala hore boemo bo sa tsitsang ba lintho tse ngata tse etsahalang bophelong bo ka ba ba hloka hore motho e mong osele a tlamehe ho nka marapo kapa ho lokisa litaba tsa khoebo ea rōna (kapa ea motho eo re neng re sebelisana le eena). Jakobo o ile a phaella temaneng ea 14: “Etsoe le moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.” Ka sebele, re ka ’na ra shoa ka tšohanyetso. Ha e le hantle, tumellano e ngotsoeng, konteraka, e ka lumella ba bang hore ba tsoele pele ho tsamaisa litaba haeba ho ka hlaha ntho e ’ngoe e sa lebelloang lehlakoreng leha e le lefe.
Ho isa bohōleng bo itseng, sena se lebisa tšobotsing ea boraro—litumellano tse ngotsoeng li bontša lerato. Ka sebele, haeba e mong lehlakoreng leha e le lefe a e-shoa kapa a hlaheloa ke kotsi e mo holofatsang, e ne e tla be e le ho bontša lerato hore ebe Mokreste eo o fane ka tlaleho e ngotsoeng ea boikarabelo ba hae kapa chelete eo a e lebeletseng. ’Me ho e-na le ho bontša ho se tšepane, ha re ngola tumellano e hlakisang hantle seo e leng boikarabelo ba mor’abo rōna eo re sebelisanang le eena kapa seo a lokelang ho se amohela, sena se bontša hore rea mo rata. Mohato ona o lerato o tla kokobetsa sesosa leha e le sefe sa ho khopeha kapa lehloeo haeba e mong oa batho bana ba sa phethahalang a ka lebala boitsebiso bo itseng kapa boikarabelo. ’Me ke mang ho rōna ea phethahetseng, ea sa lebaleng, kapa ea se nang tšekamelo ea ho se utloisise boitsebiso kapa lintho tse reriloeng?—Matheu 16:5.
Ho na le litsela tse ling tseo ka tsona ho ngola litumellano tsa khoebo ho bontšang lerato ho mor’abo rōna, lelapa la rōna le phutheho ka kakaretso. Empa ho lokela ho hlake hore ntle le hore ke ho bontša lerato, litlaleho tse joalo tse ngotseng boitsebiso ka ho qaqa li molemo ebile li tumellanong le Mangolo.