Lekhotla le ka Holimo-limo la Connecticut le Emela Litokelo Tsa Mokuli
Ka la 16 April, 1996, Lekhotla le ka Holimo-limo la Connecticut, U.S.A., le ile la emela tokelo ea Lipaki tsa Jehova ea ho hana ho tšeloa mali. Qeto eo e ile ea fetola kahlolo e neng e ile ea etsoa pejana ke lekhotla le tlaasana.
Ka August 1994, Nelly Vega, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a qala ho lahleheloa ke mali a mangata ka mor’a ho itšihlolla letsibolo la hae. Boiteko ba ho emisa ho tsoa mali hoo ha hae bo ile ba hlōleha. Ha boemo ba Mofumahali Vega bo mpefala, sepetlele se ile sa batla taelo ea lekhotla ea hore se mo tšele mali. Mofumahali Vega o ne a se a tekenne tokomane ea bongaka e fanang ka taelo ea hore a se ke a tšeloa mali kapa metsoako ea mali nakong eo a leng sepetlele ka eona, ka hona e lokolla sepetlele liphellong leha e le life tse ka hlahisoang ke qeto ea hae. Leha ho le joalo, sepetlele se ile sa pheha khang ea hore ho mo tšela mali ka khang ho ne ho tla tsoela lesea le sa tsoa tsoaloa molemo, leo sepetlele se ileng sa tsitlella hore le hloka ’mè oa lona. Ntle le ho lahleheloa ke mali, lekhotla la linyeoe le tlaasana le ne le boetse le amehile ka hore Mofumahali Vega e ne e le mosali e monyenyane, ea matla ’meleng. Kahoo, ho sa tsotellehe boipelaetso ba monna oa Mofumahali Vega le ’muelli oa hae oa molao, lekhotla le ile la ntša taelo ’me o ile a tšeloa mali.
Ka mor’a nako e itseng, nyeoe e ile ea isoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la Connecticut. Moo, lekhotla le ile la e-ba ntsoe-leng hore sepetlele se hataketse litokelo tsa Mofumahali Vega. Qeto e ile ea re: “Nyeoe e sebelitsoe har’a khitla ea bosiu lekhotleng la linyeoe le tlaasana, tlas’a maemo a tšohanyetso a neng a sa lumelle lehlakore leha e le lefe ho hlahisa litseko tsa lona ka ho feletseng.”
Qeto ena ea Lekhotla le ka Holimo-limo la Connecticut e bohlokoa le ho batho bao e seng Lipaki tsa Jehova. Donald T. Ridley, ’muelli oa molao oa Mofumahali Vega, o re: “E bohlokoa ho bakuli bohle ba ka ’nang ba se ke ba lumellana le liqeto tsa lingaka tsa bona. Qeto ena e tla thibela lipetlele ho hatakela litekanyetso tsa bakuli, ho sa tsotellehe hore na ke tsa bolumeli kapa hase tsa bolumeli.”