Na e Bile Lenyalo le Bolokileng Boroetsana le Bohlankana?
BOITEKONG ba bona ba ho lumellanya polelo e reng Maria o ile a lula e le moroetsana ka ho sa feleng le ea ho nyaloa ha hae ke Josefa, batšoantšisi ba bangata le babetli ba litšoantšo tsa majoe ba ’nile ba tšoantša Josefa e le monna ea tsofetseng. Ba fana ka lebaka la hore Josefa ka sebele o ne a tšoana le mohlokomeli oa Maria, eseng monna oa hae. Empa morao tjena, Mopapa John Paul II o ile a buella maikutlo a fapaneng tabeng ena. O bolela hore Josefa “o ne a sa tsofala nakong eo.” Ho e-na le hoo, “phetheho ea hae ea ka hare e neng e tlisitsoe ke mpho eo a neng a e filoe ke Molimo ea boitšoaro, e ile ea etsa hore a phele bophelo ba hae ba lenyalo le Maria ka lerato le bolokang boroetsana le bohlankana ba bona.”
Haeba Maria o ne a rerile ho lula e le moroetsana ka ho sa feleng, ke hobane’ng ha a ile a lumela ho lebeletsoa? Mopapa oa araba: “E ka ’na eaba nakong ea tšepisano ea bona, Josefa le Maria ba ile ba utloana ka morero oa ho phela ba bolokile boroetsana le bohlankana ba bona.”
Leha ho le joalo, Bibele e hlahisa taba ena ka tsela e fapaneng. Tlaleho ea Matheu e bolela hore Josefa “ha aa ka a ba le likamano le eena ho fihlela a beleha mora.” (Matheu 1:25, New American Bible ea Mak’hatholike, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka mor’a tsoalo ea Jesu, ha ho kamoo lenyalo la Josefa le Maria le ileng la boloka boroetsana le bohlankana ba bona kateng. Bopaki ba sena ke hore hamorao tlalehong ea Kosepele, ho bontšoa Jesu a ne a e-na le baena le likhaitseli.—Matheu 13:55, 56.
Kahoo, le hoja Bibele e bolela hore Maria e ne e le moroetsana ha a beleha Jesu, ha ho na lebaka la ho bolela hore o ile a phela e le moroetsana bophelo bohle ba hae le Josefa.