Ho Hōlisa Bana ba Itšoereng Hantle na ho sa Khoneha?
ROBERT GLOSSOP oa Sekolo sa Vanier sa Malapa, Ottawa, Canada oa hlokomela: “Hona joale re phela mokhatlong oa batho o rarahaneng, mokhoeng o ferekaneng oa bophelo moo ho se nang litekanyetso tse tšoanang tsa boitšoaro.” Ka liphello life? Tlaleho ea koranta ea The Toronto Star e re: “Ho ima ha bacha, pefo le ho ipolaea ha bona li ntse li eketseha.”
Bothata bona ha bo Amerika Leboea feela. Bill Damon, mookameli oa Center for Human Development, Univesithing ea Brown, Rhode Island, U.S.A., o ile a hlahloba mathata ana Brithani le lichabeng tse ling tsa Europe, hammoho le Australia, Iseraele le Japane. O supa ho nyehlisa ha likereke, likolo hammoho le mekhatlo e itseng ho faneng ka tataiso ho bana. O lumela hore mokhoa oa rōna oa bophelo “ha o sa tseba se hlokoang ke bana hore ba be le botho ’me ba tšoanelehe.” Ha a qotsa litsebi tsa ho hōlisa bana tse rutang hore “taeo e kotsi bophelong ba bana le boiketlong ba bona,” Damon o bolela hore maikutlo ana ke “motheo oa ho hōlisa bana ba manganga, ba sa utloeng.”
Bacha ba kajeno ba hloka eng? Ba hloka koetliso e lerato ea kamehla e ba lokisang kelello le pelo. Bacha ba fapaneng ba hloka mefuta e fapaneng ea taeo. Haeba e susumetsoa ke lerato, hangata taeo e ka fetisoa ka ho fana ka mabaka. Ke kahoo ho Liproverbia 8:33 (NW) re bolelloang hore re ‘mamele taeo.’ Leha ho le joalo, ba bang ‘ba ke ke ba khalengoa ka ho buisoa feela.’ Ho ka ’na ha hlokahala hore bona ba fuoe kotlo e tšoanetseng ho se mamele ha bona, e fanoa ka tekanyo e loketseng. (Liproverbia 17:10; 23:13, 14; 29:19, BPN) Ha e buella kotlo ena, Bibele ha e khothalletse chapo e etsoang motho a tletse khalefo kapa ho khakhatha ho ka tetetsang ngoana kapa ho mo lematsa. (Liproverbia 16:32) Ha e le hantle, ngoana o lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a khalemeloa ’me a elelloe hore ke kahobane batsoali ba fela ba mo tsotella.—Bapisa le Baheberu 12:6, 11.
Keletso e joalo e sebetsang le e utloahalang ea Bibele e hatisitsoe bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.