Na U Motho ea Nang le Tšepo Kapa ea se Nang Eona?
“E NE e le nako e monate ka ho fetisisa, e ne e le nako e bosula ka ho fetisisa, . . . e ne e le nako e fanang ka tšepo, e ne e le nako e hlokisang tšepo, re ne re e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka pel’a rōna, re ne re se na letho ka pel’a rōna.” Mantsoe ana a selelekela a Charles Dickens bukeng ea hae e tsoileng matsoho ea A Tale of Two Cities, ka bokheleke a fana ka phapang ea kamoo liketsahalo li ka amang monahano oa rōna kateng, boikutlo ba rōna le tsela eo re talimang lintho ka eona.
Metse e ’meli eo ho neng ho buuoa ka eona e ne e le London le Paris, nakong ea molubalube oa Phetohelo ea Mafora. Bakeng sa baahi ba neng ba hateletsoe ba Fora ea lekholong la bo18 la lilemo, ho phatlalatsoa ha litokelo tsa motho nakong ea phetohelo ka sebele e ne e le “nako e fanang ka tšepo.” Empa, bakeng sa ba neng ba tšoere marapo pusong ea Fora pele ho Phetohelo, kapa tsamaiso ea lipolotiki e neng e ketoloa, e ne e le “nako e hlokisang tšepo,” e neng e ba lebisa lefung le timelong.
Na ho ne ho e-na le tšepo kapa e ne e le sieo? Ho ne ho itšetlehile ka hore na u lehlakoreng lefe. ’Me ho sa le joalo.
Nako ea ho Itlhahloba
Na u na le tšepo? Na u talima bophelo ka lehlakoreng le letle, kamehla u lebeletse lintho tse molemo? Kapa na u sekametse ho hlokeng tšepo, u nahana hore lintho tseo u li lebeletseng li ke ke tsa phethahala, u lakatsa hore li be molemo empa ka nako e tšoanang, u lebeletse masoabi?
Lilemong tse 60 tse fetileng, James Branch Cabell, mongoli oa Amerika oa libuka, o ile a akaretsa likhopolo tsena tse peli tse hanyetsanang ka tsela ena: “Ho motho ea nang le tšepo, lefatše le phethahetse; empa ea se nang tšepo o nka hore haeba ke ’nete le phethahetse, ha le na thuso.” Haeba u nahana hore khopolo ena e batla e sa bontše ho tšepa batho ba bang, hlahloba lehlakore le letle le le lebe la maemo a mararo feela a lefatše la kajeno, joalokaha a thathamisitsoe ka tlaase. Ebe joale u sekaseka maikutlo a hao, ’me u ipotse, ‘Na ke na le tšepo kapa ha ke na eona?’
Khotso e Tšoarellang: Ke libaka tse kae lefatšeng tse nang le meferefere tseo u ka li bolelang? Ireland, moo pele e neng e le Yugoslavia, Bochabela bo Hare, Burundi, Rwanda—tsena ke tse fihlang ka potlako kelellong. Na libaka tsee hammoho le tse ling tseo ntoa e kupang ho tsona li tla ke li lokise maemo e le hore ho be le khotso ea ka ho sa feleng lefatšeng lohle? Na lefatše le habile khotsong?
Ho Tsitsa ha Moruo: Ka lebaka la ho tšepa selekane sa lichelete ka 1999, European Union e loantša ka matla bothata bo tebileng ba ho phahama ha theko ea lintho le ho alima lichelete ha ’muso sechabeng. Libakeng tse ling, bobolu bo senya metheo e mengata ea moruo oa lichaba tsa Amerika le Afrika, moo ho nyoloha ha theko ea lintho ho hlahisang moroalo o boima ’me bochaba bo ntseng bo arola batho. Na ho tsitsa ha moruo oa lefatše ho haufi?
Ho Hlokahala ha Mesebetsi: Likhethong tse akaretsang tsa 1997, likereke tsa Brithani li ile tsa ikopanya bakeng sa ho phehella mekha eohle ea lipolotiki hore e behe mosebetsi e le oona oa pele linthong tseo e tla li etsa. Empa, ka karolo e ka etsang 30 lekholong ea batho ba feletsoeng ke mosebetsi lefatšeng kapa ba se nang mosebetsi o tsitsitseng, na ho tla ke ho be le mesebetsi e ke keng ea fela, e tsitsitseng—haholo-holo bakeng sa bacha?
Ho bonolo hakaakang ho felloa ke tšepo! Leha ho le joalo, ho na le tšepo ’me re u khothalletsa hore u hlahlobe hore na ke joang u ka hlaolelang pono e nang le tšepo.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Phetohelo ea Mafora
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Pictorial History of the World