Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 7/1 maq. 26-29
  • Ketsahalo e ke Keng ea Lebaloa Fora

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ketsahalo e ke Keng ea Lebaloa Fora
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Jehova oa Hōlisa
  • Pokano e Tšoaeang Phetoho e Khōlō
  • “Mokhoabo Lehoatateng”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 7/1 maq. 26-29

Ketsahalo e ke Keng ea Lebaloa Fora

“HA RE BATLE MOTSE OA JEHOVA!” ke se neng se hatisitsoe mamatjaneng a phatlalatso a neng a manehiloe ho pholletsa le toropo. Sehlopha se seng sa bohanyetsi se ile sa phehella ka matla: “A re iketseng khokanyan’a-phiri khahlanong le Morero ona oa Jehova.” Ka sebele lihlooho tse makholo likoranteng li ile tsa etsa hore sechaba se elelloe taba ena. Ho ile ha tekenoa boipiletso, ’me moroallo oa lipampitšana tse fetang halofo ea milione tse buang ka morero ona li ile tsa tlala mabokose a poso a sebakeng seo. Ke morero ofe oo o ileng oa senya boiketlo ba toropo ea Louviers e ka leboea-bophirimela ho Fora, eo ntle le moo e khutsitseng? Ke morero oa Lipaki tsa Jehova oa kaho ea ofisi ea lekala e ncha le sebaka sa bolulo.

Jehova oa Hōlisa

Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Fora o qalile khale ho ella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo. Setsi sa pele sa polokelo ea libuka tsa Bibele se ile sa buloa ka 1905 Beauvène, ka boroa ho Fora, ’me ka 1919, ofisi e nyenyane e ne e sebetsa Paris. Ofisi ea lekala e ile ea buloa ka molao motseng oo ka 1930, ’me selemong se latelang basebetsi ba ofisi ena ba ile ba lula lehaeng la Bethele le Enghien-les-Bains, ka leboea ho Paris. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, lelapa la Bethele le ile la khutlela Paris, ’me ka 1959 lekala le ile la fallisetsoa mohahong oa mekato e mehlano o Boulogne-Billancourt, metseng e ka thōko e ka bophirimela ho motse-moholo.

Ka lebaka la katoloso ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso, ka 1973 thepa ea khatiso le ea thomello e ile ea fallisetsoa Louviers, e bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ka bophirimela ho Paris, athe liofisi li ile tsa ’na tsa e-ba Boulogne-Billancourt. Leha ho le joalo, keketseho ea palo ea bahoeletsi Fora e ile ea etsa hore mehaho e Louviers e be menyenyane, ho sa tsotellehe likatoloso tse ileng tsa etsoa ka 1978 le 1985. Ka hona ho ile ha etsoa qeto ea ho atolosa le ho kopanya lelapa lohle la Bethele sebakeng se le seng. E ne e se batho bohle ba neng ba rata morero ona, joalokaha ho bontšitsoe qalong. Ho sa tsotellehe khanyetso e joalo, ho ile ha fumanoa setša sebakeng se bohōle ba k’hilomithara le halofo ho tloha khatisong. Ho ile ha qaleha lilemo tse tšeletseng tsa mosebetsi o thata, ’me qetellong, ka mor’a lilemo tse 23 tsa ho arohana, lelapa lohle la Bethele le ile la kopana Louviers ka August 1996.

Kahoo e bile ka thabo e khōlō letšoele le thabileng la ba 1187, ho akarelletsa le litho tse 300 tsa lelapa la Bethele la Fora, le baemeli ba 329 ba tsoang makaleng a mang a 42, le ileng la bokana ka Moqebelo oa la 15 November, 1997, bakeng sa ho mamela puo ea nehelo ea Mor’abo rōna Lloyd Barry, setho sa Sehlopha se Busang. Leha ho le joalo, kahobane nehelo ena e ne e le nakong eo ho neng ho e-na le bora le eo ka eona mecha ea litaba e neng e e-na le nako e telele e etselletsa Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le Fora, ho ile ha ba le maikutlo a hore Lipaki tsohle tsa Fora li lokela ho kopanela ho ketekeng tlhōlo ena. Ka lebaka leo, ka Sontaha sa la 16 November, ho ile ha lokisetsoa seboka se khethehileng se nang le sehlooho se reng “Lula Leratong la Kreste” Setsing sa Lipontšo sa Villepinte se ka leboea ho Paris. Ho ne ho menngoe Lipaki tsa Jehova tsa Fora kaofela le Lipaki tsa Belgium le Switzerland tse buang Sefora, esita le liphutheho tsa Brithani, Jeremane, Luxembourg le Netherlands.

Pokano e Tšoaeang Phetoho e Khōlō

Litokisetso bakeng sa pokano ena li ile tsa qala ho etsoa likhoeli tse tšeletseng pele. Joale, libeke tse peli feela pele ho nehelo, bakhanni ba literaka tsa Fora ba ile ba teraeka, ba koala litsela tse khōlō le moo ho tšeloang mafura. Na litulo le thepa e ’ngoe li ne li tla tlisoa ka nako? Na ho koaloa ha litsela ho ne ho tla thibela barab’abo rōna ho tla? Bohle ba ile ba lokoloha ha seteraeke se fela ka mor’a beke, ’me litsela li boetse li buloa. Ka Labohlano mantsiboea pele ho mafelo-beke a nehelo, literaka tse 38 li ile tsa tlisa litulo tse 84 000 liholong tse peli tse khōlō tse neng li hiretsoe ketsahalo ena. Bara le barali babo rōna ba fetang 800 ba ile ba sebetsa bosiu bohle ho fihlela ka Moqebelo hoseng ha hora ea borobong e fetile ka metsotso e mashome a mararo, ba beha litulo, ba etsa sethala le ho kenya thepa ea molumo le li-screen tse khōlō tsa video.

Ka 6:00 hoseng ha Sontaha, mamati a ne a butsoe, ’me matšoele a ile a qala ho phallela ka hare. Literene tse 17 tse hiriloeng ka ho khetheha li ile tsa tlisa Lipaki tse fetang 13 000 motse-moholo. Bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ba fetang makholo a mabeli ba ne ba le liteisheneng tsa terene ho tla lumelisa baeti le ho ba felehetsa ka lihlopha ho ba isa setšeng sa kopano. Morali’abo rōna e mong o ile a bolela hore tokisetso ena e lerato e ile ea ba fa “boikutlo ba ho sireletseha le ba boiketlo.”

Ba bang ba ile ba tla Paris ka lifofane kapa ka likoloi. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba tla ka libese tse 953, athe Lipaki tsa Paris li ile tsa sebelisa lipalangoang tsa sechaba ho ea Setsing sa Lipontšo. Ba bangata ba ne ba tsamaile bosiu bohle kapa ba tlohile mahaeng a bona hoseng-seng, empa thabo ea bona ea ho ba teng sebokeng sena e ne e bonahala. Ho kopana hape ha metsoalle e qetileng lilemo e sa bonane ho ile ha bonahala ka mehoo ea thabo le ho kopana ka mofuthu. Liaparo tsa bochaba tse mebala-bala li ile tsa etsa hore letšoele lena le thabileng le bonahale hore ke la machaba. Ha ho pelaelo hore ho ne ho lebeletsoe ho hong ho sa tloaelehang.

Ha lenaneo lena le qalisa ka 10:00 hoseng, ho ne ho se ho se na litulo tse setseng, empa batho ba makholo ba ne ba fihla motsotso o mong le o mong. Hohle moo motho a neng a sheba teng, o ne a bona lifahleho tse ngata tse bososelang. Ba likete ba ne ba eme kapa ba lutse fatše konkreiteng. Ba le moeeng oa sehlooho sa kopano ena, ka lerato bacha ba bangata ba ile ba suthela ba hōlileng litulong. Banyalani ba bang ba ile ba ngola: “Re ne re thabile hakaakang ha re tella bara le barali babo rōna bao re neng re sa ba tsebe litulo tsa rōna, empa e le bao re ba ratang haholo!” Ba bangata ba ile ba bontša boikutlo ba ho itela: “Re ile ra ema letsatsi lohle pel’a litulo tseo re ileng ra thusa ho li beha bosiu bohle ba Labohlano. Empa ho ba teng feela, ho ile ha etsa hore re tlale teboho eo re e lebisang ho Jehova.”

Ho sa tsotellehe mokhathala kapa ho se phutholohe, baemeli ba ile ba mamela ka hloko litlaleho tse tsoang linaheng tse ling le lipuo tsa Lloyd Barry le Daniel Sydlik, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang. Mor’abo rōna Barry o ile a bua ka sehlooho se reng “Jehova o Atisa Matla a Feletseng,” ’me ka ho hlaka a totobatsa kamoo Jehova a hlohonolofalitseng batho ba hae ka keketseho ho sa tsotellehe liteko tse sa tšoaneng. Sehlooho sa puo ea Mor’abo rōna Sydlik se ne se re “Ho Thabile Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova!” Lipuo tsena ka bobeli li ne li le nakong ka ho khethehileng ha ho talingoa khanyetso eo Lipaki tsa Jehova li thulanang le eona hona joale Fora. Mor’abo rōna Sydlik o ile a bontša hore thabo ea ’nete ha ea itšetleha ka maemo a ka ntle empa e itšetlehile ka kamano ea rōna le Jehova le boikutlo ba rōna ka bophelo. Potso eo a ileng a e botsa bamameli e reng, “Na le thabile?” e ile ea arajoa ka litlatse tse khōlō.

Morali e mong oabo rōna ea neng a “feletsoe ke thabo” o ile a ngola tjena ka mor’a moo: “Hang-hang ke ile ka elelloa hore nka thaba. Ke ’nile ka sebetsa lintho ka tsela esele, ’me ka puo ena, Jehova o ile a mpontša kamoo ho neng ho hlokahala hore ke fetohe kateng.” Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Hona joale ke batla ho loanela ho thabisa pelo ea Jehova. Ha ke batle ho lumella ntho leha e le efe ho tlosa thabo eo ke qalileng ho e utloa ka hare ho ’na.”

Ha seboka sena se le haufi le ho fela, e bile ka cheseho e khōlō molula-setulo a ileng a phatlalatsa palo ea ba leng teng: 95 888—pokano e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng ea Lipaki tsa Jehova Fora!

Ka mor’a pina e koalang, eo ba bangata ba ileng ba e bina ba tletse meokho ea thabo ka mahlong, le thapelo e koalang, barab’abo rōna ba ile ba qalisa leeto le eang mahaeng a bona ka maikutlo a ferekaneng. Tikoloho e mofuthu, ea botsoalle ea pokano ena e ile ea hlokomeloa. Bakhanni ba libese ba ile ba fana ka litlhaloso tse ngata tse ntle mabapi le boitšoaro ba baemeli bana. Ba ile ba boela ba khahloa ke tlhophiso e ileng ea etsa hore ho be bonolo hore libese tse 953 kaofela li tlohe Setsing sa Lipontšo ka mor’a lihora tse peli ntle le ho emisa sephethephethe le hanngoe! Boitšoaro ba baemeli bana bo ile ba boela ba ananeloa haholo ke basebetsi ba litereneng le ba lipalangoeng tsa sechaba. Ho ile ha qalisoa lipuisano tse molemo tse ngata, ’me ho ile ha fanoa ka bopaki bo molemo.

“Mokhoabo Lehoatateng”

Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho le eena: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, . . . re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Ka sebele, seboka sena se khethehileng e bile mohloli oa khothatso e khōlō ho bohle, “mokhoabo lehoatateng” joalokaha morali e mong oabo rōna a ile a se hlalosa. Bara babo rōna ba lekala la Togo ba ile ba ngola: “Re ile ra tsamaea re matlafetse, re khothalitsoe, re hahiloe re bile re ikemiselitse haholoanyane ho feta leha e le neng ho thabela tšebeletso ea Jehova.” Molebeli e mong oa potoloho o ile a re: “Ba neng ba nyahame ba ile ba ea hae ba thabile.” E mong o ile a re: “Barab’abo rōna ba ne ba susumelitsoe ba bile ba matlafalitsoe.” Banyalani ba bang ba ile ba susumelletsoa hore ba ngole: “Ha ho mohla re kileng ra ikutloa re le haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hakana.”

Mopesaleme o itse: “Leoto la ka le tla tiea tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova liphuthehong.” (Pesaleme ea 26:12) Lipokano tse joalo tsa Bokreste li nolofalletsa bohle ho tsitsa moeeng ha ba talimane le litšitiso. Morali e mong oabo rōna o ile a tiisa: “Ho sa tsotellehe hore na ho na le mahloriso afe, nako ena e ikhethang e ngotsoe ka ho teba lipelong tsa rōna ’me e tla ’ne e lule moo bakeng sa ho re tšelisa.” Ka ho tšoanang, molebeli ea tsamaeang o ile a ngola: “Ha linako tse thata li e-tla, mohopolo ona oa ho latsoa Paradeise esale pele o tla re thusa ho sebetsana le tsona.”

Pesaleme ea 96:7 ea khothatsa: “Lōna, mefuta ea lichaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova khanya le matla.” Ntle ho pelaelo, ho neheloa ha mehaho e mecha ea lekala la Fora ke pontšo e bonahalang ea tlhōlo ea Jehova. Ke eena feela ea neng a ka phethahatsa morero har’a khanyetso e matla hakana le e atileng. Lipaki tsa Jehova tsa Fora li ikemiselitse haholoanyane ho feta leha e le neng pele ho ‘lula leratong la Kreste’ le ho ‘khantša leseli la tsona.’ (Johanne 15:9; Matheu 5:16) Bohle ba bileng teng lenaneong la nehelo ba ile ba kopanela maikutlo a mopesaleme ka ho feletseng: “Hoo ho entsoe ke Jehova; ke mohlolo mahlong a rōna.”—Pesaleme ea 118:23.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Daniel Sydlik

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lloyd Barry

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ba 95 888 ba bile teng lenaneong le khethehileng Setsing sa Lipontšo sa Villepinte

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Ba likete ho ba bileng teng ba ne ba eme kapa ba lutse fatše e le hore ba ka mamela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela