Mosebetsi oo ‘Ka Sebele o Hapang Tlhokomelo’
MOAPOSTOLA PETROSE o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li buang khahlanong le lōna joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo.” (1 Petrose 2:12) Ka lilemo tse ngata, Lipaki tsa Jehova tsa Italy li bontšitse boitšoaro bo botle joalo phatlalatsa. Li ikemiselitse ho phetha taelo ea Jesu ea ho ‘bolela li le holim’a matlo,’ li etsa mosebetsi oohle oa tsona oa Bokreste pepenene, moo li bonoang ke batho bohle. (Matheu 10:27; Johanne 18:20) Ka lebaka leo, ha ’muelli e mong oa molao oa Italy le moprista ba phatlalatsa liqoso tsa hore Lipaki tsa Jehova “ke sehlotšoana sa bokhelohi sa bolumeli ba bohata” ’me ba li balella “mekhatlong ea sephiri e tšoasang batho ka mano,” Lipaki li ile tsa etsa qeto ea ho nka khato ea molao ka lebaka la litlaleho tseo tse li senyang lebitso.
Nyeoeng ea pele, lekhotla le ile la etsa qeto ea hore ho ne ho se tlōlo ea molao eo ’muelli eo oa molao le moprista eo ba neng ba e entse. Leha ho le joalo, ka la 17 July, 1997, Lekhotla la Maipiletso la Venice le ile la hlakola qeto e neng e entsoe ke lekhotla la pele, la fumana baqosuoa ka bobeli ba le molato. Lekhotla leo la Maipiletso le boletse: “Lihlooho tsena tse peli tse hatisitsoeng tse bakileng bothata, li na le lipolelo le mantsoe ao ka sebele a ka senyang botumo bo botle ba balateli ba bolumeli ba ‘Lipaki tsa Jehova.’ Ho hlakile hore morero oa lihlooho tsena ke ho etsa hore sechaba se khese balateli ba tsona [Lipaki].” Lekhotla le ile la bolela hore lihlooho tseo “ha li na tokelo e lumeletsoeng ka molao ea ho tlaleha le ho nyatsa.” Lekhotla le ile la ahlola baetselletsi bao ba babeli la ba la laela hore ba lefe litšenyehelo tsohle tsa lekhotla, ho kopanyelletsa le litšenyehelo tsohle tseo Lipaki li bileng le tsona ha li nka khato ea molao linyeoeng tseo ka bobeli.
Kahlolong ea lona e ngotsoeng, Lekhotla la Maipiletso la Venice le ile la hlalosa: “Ke ka ho leka-lekanya litokelo tsohle tse lumeletsoeng ke Molao-motheo [oa Italy] haesitana le ho li sireletsa feela moo ho ka thibeloang mekhoa ea ho hloka mamello le ho cheseha ho feteletseng ha bolumeli.” Qeto ena e lumela hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova hase oa sephiri kapa oona oa bolumeli ba bohata. Lekhotla le ile la re: “Ho balella Lipaki har’a mekhatlo ea sephiri ho bile ho hlompholla boemo ba ’nete ea histori, hobane bolumeli bona bo boleloang mona bo teng metseng e mengata e meholo ’me mosebetsi oa ho sokolla o atileng o etsoang ke litho tsa bona, haholo-holo ka Lisontaha le ka matsatsi a mang a phomolo, o tsebahala hohle ebile ka sebele o hapa tlhokomelo ka lebaka la boiteko bo etsoang, ho sa tsotellehe hore na motho o nahana eng ka thuto e rutoang.” Kahoo, tlaleho ea boboleli bo chesehang le mohlala o motle oa boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova tsa Italy li thusitse ho felisa lehloeo le tobaneng le tsona.—Matheu 5:14-16; 1 Petrose 2:15.