Na U sa Hopola?
Na u se u kile ua nahanisisa ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, u tla fumana ho thahasellisa ho hopola lintlha tse latelang:
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea ho rereloa qetello esale pele e sa utloahale?
Haeba Molimo a ne a tsebile esale pele a bile a entse qeto ea hore Adama o ne a tla oela sebeng, joale Jehova e bile eena moqapi oa sebe ha a etsa motho, ’me o ne a tla ikarabella bakeng sa bokhopo bohle le mahlomola ’ohle a batho. Sena se ke ke sa lumellana le ’nete ea hore Jehova ke Molimo ea lerato ea hloileng bokhopo. (Pesaleme ea 33:5; Liproverbia 15:9; 1 Johanne 4:8)—4/15, leqepheng la 7, 8.
◻ Phethahatsong ea Esaia 2:2-4, batho ba tsoang lichabeng tse ngata ba etsa eng?
Ha ba phallela ntlong ea Jehova ea borapeli, ba boetse ba khaotsa ‘ho ithuta ho loana’ hobane ba behile tšepo ea bona tšireletsong ea mabotho a ntoa a leholimo a Molimo, a emeng e le malala-a-laotsoe ho timetsa lira tsohle tsa khotso lefatšeng.—4/15, leqepheng la 30.
◻ Linatla tsa Molimo tseo ho builoeng ka tsona ho Joele 3:10, 11 ke bo-mang?
Ka makhetlo a ka bang 280 ka Bibeleng, Molimo oa ’nete o bitsoa “Jehova oa makhotla.” (2 Marena 3:14) Makhotla ana ke mabotho a matla a mangeloi a leholimo ao e leng malala-a-laotsoe bakeng sa ho etsa seo Jehova a se laelang.—5/1, leqepheng la 24.
◻ Re ka ithuta eng tabeng ea hore Jehova o ile a batla hore Jobo a rapelle ba neng ba mo sitetsoe? (Jobo 42:8)
Pele Jobo a khutlisetsoa boemong bo botle, Jehova o ile a batla hore a rapelle ba neng ba mo sitetsoe. Sena se bontša hore Jehova o batla hore re tšoarele ba re siteloang pele re ka tšoareloa libe tsa rōna. (Matheu 6:12; Baefese 4:32)—5/1, leqepheng la 31.
◻ Jakobo o ne a bolela’ng ha a re: “Mamello mosebetsi oa eona a e be o feletseng”? (Jakobo 1:4)
Mamello e na le “mosebetsi” oo e lokelang ho o etsa. Mosebetsi oa eona ke ho re etsa ba phethahetseng linthong tsohle. Kahoo, ka ho tlohella liteko ho tsoela pele ho fihlela qetellong, re sa sebelise mekhoa eo e seng ea Mangolo ho li felisa kapele, tumelo ea rōna ea lekoa le ho hloekisoa.—5/15, leqepheng la 16.
◻ Ke hobane’ng ha Molimo a letile nako e telele hakaale pele a rarolla mathata a moloko oa batho?
Pono ea Jehova ka nako e fapane le ea rōna. Ho Molimo ea phelang ka ho sa feleng, nako ea ho tloha pōpong ea Adama ho fihlela joale hase le beke. (2 Petrose 3:8) Empa ho sa tsotellehe pono eo re nang le eona ka nako, letsatsi le leng le le leng le fetang le re atametsa haufi le letsatsi la Jehova la phetetso.—6/1, leqepheng la 5, 6.
◻ Lipaki tsa Jehova li susumetsoa ke eng?
Thuto ea Jehova e hlahisitse batho ba ikhethang, ba rutiloeng ho ratana le ho rata baahelani ba bona joalokaha ba ithata. (Esaia 54:13) Lerato ke lona le susumetsang Lipaki tsa Jehova ho tsoela pele li bolela ho sa tsotellehe boiphapanyo ba batho le mahloriso. (Matheu 22:36-40; 1 Bakorinthe 13:1-8)—6/15, leqepheng la 20.
◻ Mantsoe aa a Jesu a bolela’ng: “Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane”? (Luka 13:24)
Mantsoe ana a Jesu a bolela ho etsa boiteko bo matla, ho ikakhela ka setotsoana. Mantsoe ana a hae a boetse a bontša hore ba bang ba ka ’na ba batla ‘ho kena monyako’ feela ba iketlile, ba itsamaela ka lebelo leo ba le batlang. Kahoo, e mong le e mong oa rōna a ka ipotsa, ‘Na ke ikitlaetsa ka mafolofolo le ka khothalo mosebetsing?’—6/15, leqepheng la 31.
◻ Ke joang ba tsositsoeng bafung ba tla ‘ahloloa ho tsoa linthong tse ngotsoeng meqolong ho ea ka liketso tsa bona’? (Tšenolo 20:12)
Meqolo ena hase tlaleho ea liketso tsa bona tsa nakong e fetileng; ha ba e-shoa, ba ile ba lokolloa libeng tseo ba li entseng bophelong ba bona. (Baroma 6:7, 23) Leha ho le joalo, batho ba tsositsoeng bafung ba tla be ba ntse ba le tlas’a sebe sa Adama. Joale, e tlameha ebe meqolo ena e tla fana ka litaelo tsa bomolimo tseo bohle ba lokelang ho li latela e le hore ba rue molemo ka ho feletseng sehlabelong sa Jesu Kreste.—7/1, leqepheng la 22.
◻ Papiso ea Jesu ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e re fuparetse thuto efe? (Luka 10:30-37)
Papiso ea Jesu e bontša hore motho ea hlileng a lokileng ke ea sa mameleng melao ea Molimo feela empa ke ea bileng a etsisang litšoaneleho tsa hae. (Baefese 5:1) E boetse e bontša hore moea oa rōna oa boahelani o lokela ho fetela ka nģ’ane ho mekoallo ea bochaba, ea setso le ea bolumeli. (Bagalata 6:10)—7/1, leqepheng la 31.
◻ Likarolo tse tharo tseo u ka tsebang bana ba hao le ho ba fa tataiso ea botsoali ka tsona ke life?
(1) Thusa bana ba hao ho khetha mosebetsi o loketseng oa boipheliso; (2) ba lokisetse ho thulana ka katleho le khatello ea maikutlo ha ba le sekolong le sebakeng sa mosebetsi; (3) ba bontše tsela eo ba ka khotsofatsang litlhoko tsa bona tsa moea ka eona.—7/15, leqepheng la 4.
◻ Molimo o ile a phomola “ka letsatsi la bosupa” ka morero ofe? (Genese 2:1-3)
Molimo ha aa ka a phomola hobane a khathetse. Ho e-na le hoo, o ile a emisa mosebetsi oa hae lefatšeng e le ho lumella mosebetsi oa liatla tsa hae hore o hōle ’me o fihle khanyeng e feletseng, thorisong le tlotlisong tsa hae.—7/15, leqepheng la 18.
◻ Litsela tse tharo tseo re ka sebelisang toka ka tsona ke life?
Ea pele, re tlameha ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. (Esaia 1:17) Ea bobeli, re sebelisa toka ha re tšoara ba bang ka tsela eo re batlang hore Jehova a re tšoare ka eona. (Pesaleme ea 130:3, 4) Ea boraro, re bontša toka ea bomolimo ha re kopanela ka mafolofolo mosebetsing oa boboleli. (Liproverbia 3:27)—8/1, leqepheng la 15, 16.