Qeto ea ho Lumella Khetho
HA HO e mong ntle le Motho ea khanyang ka ho fetisisa bokahohleng bohle ea ka lumellang khetho e thehiloeng tsebong. Ke ’Mōpi oa rōna. Kaha o na le tsebo e ngata haholo ea litlhoko tsa motho, ka seatla se bulehileng o fana ka taelo, temoso le tataiso mabapi le tsela eo e leng bohlale ho e nka. Ho ntse ho le joalo, ha a hlokomolohe bolokolohi ba ho ikhethela boo a bo fileng libōpuoa tsa hae tse bohlale. Moprofeta oa hae Moshe o ile a bonahatsa pono ea Molimo: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.”—Deuteronoma 30:19.
Molao-motheo ona o ama karolo ea bongaka. Khopolo ea khetho e thehiloeng tsebong kapa ho lumela ho buuoa ka mor’a ho utloisisa hore ho akarelletsa eng, e ntse e amoheleha butle-butle Japane le linaheng tse ling moo e neng e sa tloaeleha hakaalo nakong e fetileng. Dr. Michitaro Nakamura o ile a fana ka tlhaloso ena ea ho lumela ho buuoa ka mor’a ho utloisisa hore ho akarelletsa eng: “Ke khopolo ea hore ngaka e hlalosetse mokuli boloetse ka puo eo ho leng bonolo ho e utloisisa, monyetla oa ho fola, mokhoa oa phekolo le liphello tse bohloko tse ka bang teng, kaha mokuli o na le tokelo ea ho iketsetsa qeto ea mokhoa oa phekolo.”—Japan Medical Journal.
Ka lilemo tse ngata, lingaka tsa Japane li ’nile tsa fana ka mabaka a sa tšoaneng a ho hana tsela ena ea ho phekola bakuli, ’me makhotla a ’nile a sekamela ho inehela tloaelong ea bongaka. Kahoo, e ne e le ketsahalo e tšoaeang phetoho e khōlō ha Moahloli e Moholo oa Lekhotla le Phahameng la Tokyo, Takeo Inaba a ne a etsa qeto e emelang khetho e thehiloeng tsebong ka la 9 February, 1998. Qeto eo e ne e le efe, ’me taba e ileng ea etsa hore e tle makhotleng ke efe?
Morao koo ka July 1992, Misae Takeda ea lilemo li 63, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a ea Sepetleleng sa Setsi sa Saense ea Bongaka, Univesithing ea Tokyo. Ho ne ho fumanoe hore o na le hlahala ea sebete e kotsi ’me ho ne ho hlokahala hore a buuoe. Kaha o ne a chesehela ho sebetsa tumellanong le taelo ea Bibele e khahlanong le tšebeliso e mpe ea mali, o ile a hlakisetsa lingaka tsa hae takatso ea hae ea ho phekoloa ntle ho mali feela. (Genese 9:3, 4; Liketso 15:29) Lingaka li ile tsa amohela foromo ea ho lokolloa molatong, e neng e lokolla tsona hammoho le sepetlele phellong efe kapa efe e mpe e ka tlisoang ke qeto ea hae. Li ile tsa mo tiisetsa hore li tla sebetsa tumellanong le seo.
Leha ho le joalo, ka mor’a hore Misae a buuoe, leha a ntse a noele meriana e thethefatsang bohloko, o ile a tšeloa mali—e leng seo ka ho toba se neng se le khahlanong le thato ea hae eo a e boletseng ka ho hlaka. Ho bonahala hore boiteko ba ho boloka tšelo eo ea mali e sa lumelloang e le lekunutu bo ile ba senoleha ha mosebetsi e mong oa sepetlele a ntša litaba ho motlalehi oa litaba. Joalokaha u ka utloisisa, mosali enoa oa Mokreste ea tšepahalang o ile a sithabela ha a hlokomela hore o tšetsoe mali ntle ho tumello ea hae. O ne a tšepile basebetsi ba bongaka, a lumela hore ba tla etsa seo ba se boletseng le ho hlompha litumelo tsa hae tsa bolumeli. Ka lebaka la ho sithabela hoo a bileng le hona ka lebaka la ho senyeha hona ha kamano pakeng tsa ngaka le mokuli, le ho ba le tšepo ea ho rala motheo oa kahlolo o neng o tla lokolla ba bang tšoarong e mpe ea lingaka e tšoanang le ea hae, o ile a isa taba ena khotla.
Taelo ea Lekhotla le Boitšoaro
Baahloli ba bararo ba Lekhotla la Setereke la Tokyo ba ile ba mamela nyeoe ena ’me ba liha kahlolo e emelang lingaka, kahoo e le khahlanong le tokelo ea ho lumela ho buuoa ka mor’a ho utloisisa hore ho akarelletsa eng. Qetong ea bona, e entsoeng ka la 12 March, 1997, ba ile ba bolela hore boiteko bofe kapa bofe ba ho etsa tumellano bakeng sa phekolo eo ka ho feletseng e etsoang ntle ho mali ha bo sebetse. Lebaka la bona e ne e le hore bo ne bo tla ba khahlanong le kojo ryozoku,a kapa litekanyetso tsa sechaba, hore ngaka e kene tumellanong e khethehileng ea ho se tšele mali esita le haeba motho a kula haholo. Maikutlo a bona e ne e le hore boikarabelo ba ngaka bo ka sehloohong ke ho pholosa bophelo ka tsela e molemohali eo e ka e khonang, ka hona tumellano e joalo e ne e ke ke ea sebetsa ho tloha qalong, ho sa tsotellehe litumelo tsa bolumeli tsa mokuli. Ba ile ba liha kahlolo ea hore qetellong, maikutlo a ngaka a botsebi e lokela ho ba a bohlokoa ho feta kōpo leha e le efe ea phekolo eo mokuli a e entseng esale pele.
Ho feta moo, baahloli ba ile ba bolela hore ka mabaka ’ona ao, le hoja ngaka e lebeletsoe ho hlalosa mokhoa oa motheo, liphello le mathata a ho buuoa ho reroang, e “ne e ke ke ea bolela hore na e rerile ho sebelisa mali kapa che.” Kahlolo ea bona e ne e le hore: “Ho ke ke ha nkoa e le tlōlo ea molao kapa ho sa lokela hore ebe lingaka e le Baqosuoa li ile tsa utloisisa thato ea Moqosi ea ho se amohele tšelo ea mali tlas’a maemo afe kapa afe, ’me tsa etsa joalokaha eka li tla hlompha thato ea hae ’me ka tsela eo tsa etsa hore a amohele ho buuoa hoo ho tsekisanoang ka hona.” Ho ne ho nahanoa hore haeba lingaka li sebelitse ka tsela e fapaneng, mokuli o ne a ka ’na a hana ho buuoa ’me a tloha sepetlele.
Kahlolo eo ea lekhotla e ile ea tšosa le ho nyahamisa babuelli ba molao ba tšehetsang ho lumela ho buuoa ka mor’a ho utloisisa hore ho akarelletsa eng. Ha a bua ka qeto e entsoeng nyeoeng ea Takeda le se boleloang ke ho lumela ho buuoa ka mor’a ho utloisisa hore ho akarelletsa eng Japane, Moprofesa Takao Yamada, ea ka sehloohong ho ba nang le matla a ho laela molaong oa litokelo tsa botho, o ile a ngola: “Haeba mohopolo oa qeto ena o lumelloa ho sebetsa, ho hana tšelo ea mali le molao-motheo oa ho lumela ho buuoa ka mor’a ho utloisisa hore ho akarelletsa eng o tla fetoha kerese e panya-panyang moeeng.” (Koranta ea molao Hogaku Kyoshitsu) O ile a nyatsa tšelo ea mali e qobellang ka mantsoe a matla e le “ho hatakeloa ha tšepo ka mokhoa o tebileng, ho tšoanang le ho hlasela motho ka ho mo nanarela.” Moprofesa Yamada o ile a eketsa ka hore ketso e joalo e felisang tšepo e lokela hore “ntle ho pelaelo e se hlole e lumelloa.”
Botho ba Misae ba boikokobetso bo ile ba etsa hore ho be thata ho eena hore a behoe pooaneng. Empa ha a hlokomela hore o ne a ka ba le karolo ho sireletseng lebitso la Jehova le litekanyetso tsa ho loka mabapi le khalalelo ea mali, o ile a ikemisetsa ho phetha karolo ea hae. O ile a ngolla moeletsi oa hae litabeng tsa molao a re: “Ke lerōle feela, ke bile ke tlaasana ho lona. Kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha motho ea sa tšoaneleheng joaloka ’na tjena a sebelisoa. Empa ha ke batla ho etsa feela seo Jehova—ea ka etsang hore majoe a hoeletse—a se buang, o tla mpha matla.” (Matheu 10:18; Luka 19:40) Ha a le lebokoseng la bopaki nyeoeng eo, ka lentsoe le thothomelang o ile a hlalosa pherekano ea maikutlo eo a bileng le eona ka lebaka la qhekello ena. “Ke ile ka ikutloa ke tlotlolotsoe, joaloka mosali ea betiloeng.” Bopaki ba hae bo ile ba etsa hore ba bangata ba lle ka lekhotleng letsatsing leo.
Khothatso e sa Lebelloang
Ka lebaka la qeto ea Lekhotla la Setereke, ho ile ha etsoa boipiletso Lekhotleng le Phahameng mabapi le nyeoe ena. Lipuisano tsa pele lekhotleng la boipiletso li ile tsa qala ka July 1997, ’me joale Misae ea fokotseng empa a ntse a ikemiselitse o ne a le setulong sa likooa. Kankere e ne e boetse e hlahile, ’me o ne a ntse a fokola haholoanyane. Misae o ile a khothala haholo ha moahloli ea ka sehloohong, a etsa ntho e sa tloaelehang, ’me a totobatsa tsela eo lekhotla le neng le rerile ho e nka. O ile a hlakisa hore lekhotla la maipiletso le ne le sa lumellane le qeto ea lekhotla le tlaasana—ea hore ngaka e na le tokelo ea ho hlokomoloha thato ea mokuli, ka ho etsa eka e tla sebetsa tumellanong le eona empa ka lekunutung e ikemiselitse ho etsa ntho e ’ngoe e fapaneng. Moahloli ea ka sehloohong o ile a re lekhotla lena le ke ke la tšehetsa sehlopha sa melao-motheo ea boitšoaro sa “Shirashimu bekarazu, yorashimu beshi,”b e leng se bolelang, “Ho etsa hore bakuli ba lule ba hloka tsebo ’me ba itšetlehile” ka litsebi tsa bongaka. Hamorao Misae o ile a re: “Ke thabetse haholo ho utloa tlhaloso ea moahloli e hlokang leeme, e fapaneng ka ho feletseng le qeto ea Lekhotla la Setereke.” O ile a eketsa: “Sena ke seo ke ’nileng ka se rapella ho Jehova.”
Khoeling e latelang Misae o ile a shoa, a pota-potiloe ke lelapa le mo ratang le basebetsi ba bongaka ba sepetlele se seng sesele moo litumelo tsa hae tse tiileng li neng li utloisisoa le ho hlomphuoa. Le hoja ba utloisitsoe bohloko haholo ke lefu la hae, mora oa hae Masami le litho tse ling tsa lelapa ba ne ba ikemiselitse ho latella nyeoe ena ho fihlela e phethoa tumellanong le thato ea hae.
Qeto
Qetellong, ka la 9 February, 1998, baahloli ba bararo ba Lekhotla le Phahameng ba ile ba liha kahlolo ea bona, ba etsolla qeto ea lekhotla le tlaasana. Lekhotla le lenyenyane le ne le tletse batlalehi ba litaba, barutehi le ba bang bao ka botšepehi ba neng ba setse nyeoe ena morao. Likoranta tse ka sehloohong le liteishene tsa thelevishene li ile tsa tlaleha qeto ena. Lihlooho tse ling tsa litaba li ne li baleha tjena: “Lekhotla: Bakuli ba ka Hana Phekolo”; “Lekhotla le Phahameng: Tšelo ea Mali, ho Hatakeloa ha Litokelo”; “Ngaka e Ileng ea Qobella Tšelo ea Mali e Hlōloa ke Nyeoe ka Lekhotleng”; le “Paki ea Jehova e Fumana Chelete ea Litšenyehelo Tsa Lekhotla ka Lebaka la ho Tšeloa Mali.”
Litlaleho tse entsoeng ka qeto ena li ne li nepahetse ’me li amoheleha ka ho hlollang. Daily Yomiuri e ile ea tlaleha sena: “Moahloli Takeo Inaba o ile a bolela hore lingaka li ne li sa lokela ho sebelisa mekhoa eo mokuli a e hanneng.” Hape e ile ea bolela ka ho hlaka hore: “Lingaka tse mo [tšetseng mali] li mo amohile monyetla oa ho ikhethela phekolo ea hae.”
Asahi Shimbun e ile ea bolela hore le hoja nyeoeng ena lekhotla le ne le lumela hore ho ne ho se na bopaki bo lekaneng ba hore tumellano e ne e le teng eo ho eona mahlakore ka bobeli a ileng a lumela hore mali a ne a ke ke a sebelisoa esita le boemong boo ho bona bophelo bo leng kotsing, baahloli ba ile ba hanana le lekhotla le tlaasana tabeng ea ho ba tumellanong le molao ha tumellano e joalo: “Haeba ho na le tumellano e entsoeng ka morero pakeng tsa mahlakore ana a mabeli a amehang ea hore mali a se ke a tšeloa tlas’a maemo afe kapa afe, Lekhotla lena ha le e nke e le khahlanong le taolo ea sechaba ’me, ka lebaka leo e sa sebetse.” Ho feta moo, koranta ena e ile ea bontša pono ea baahloli ea hore “motho e mong le e mong o tla qetella a shoele ka letsatsi le leng, ’me mokhoa o lebisang nakong eo ea lefu o ka reroa ke motho ka mong.”
Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova li entse lipatlisiso ka taba ena ’me li kholisehile hore li khetha tsela e molemohali ea bophelo. Seo se akarelletsa ho hana mathata a tsejoang a tšelo ea mali ’me ho e-na le hoo li amohela mekhoa ea phekolo e etsoang ntle ho mali e sebelisoang ka bophara linaheng tse ngata le e lumellanang le molao oa Molimo. (Liketso 21:25) Moprofesa oa molao oa motheo oa Mojapane ea tsebahalang haholo o ile a re: “Bonneteng, ho hana phekolo ea [tšelo ea mali] eo ho tsekisanoang ka eona hase taba ea ho khetha ‘tsela ea ho shoa’ empa, ho e-na le hoo, ke ea ho khetha tsela ea ho phela.”
Qeto ena ea Lekhotla le Phahameng e lokela ho hlokomelisa lingaka hore litokelo tsa tsona tsa ho etsa qeto ha lia pharalla ho ea bohōleng boo ba bang ba ’nileng ba nahana kateng. ’Me e lokela ho fella ka hore lipetlele tse eketsehileng li hlophise lintlha tse tataisang mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. Le hoja kahlolo ena ea lekhotla e ’nile ea amoheloa ka kakaretso ’me e khothatsa bakuli, ba e-song ho be le tokelo ea ho etsa qeto mabapi le phekolo ea bona, hase mahlakore ’ohle a e amohetseng ka pelo eohle. Sepetlele seo sa ’muso le lingaka tse tharo li entse boipiletso Lekhotleng le ka Holimo-limo mabapi le nyeoe ena. Ka hona re lokela ho letela ho bona hore na lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la Japane le lona le tla tšehetsa litokelo tsa mokuli, joalokaha ’Musi oa bokahohleng a etsa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Taba e sa hlakang ho latela molao e siiloeng ho ’maseterata hore a e hlalose le ho e sebelisa.
b Ena e ne e le melao-motheo e tataisang ea marena a loantšanang a mehleng ea Tokugawa mabapi le tsela eo a lokelang ho busa bafo ba ’ona ka eona.