Lefatše le Behang Litholoana la Mavenda
KA LILEMO tse leshome tse fetileng, ’na le mosali oa ka re ’nile ra sebetsa re le baevangeli ba nako e tletseng har’a Mavenda. Mavenda a lula ka boroa ho Nōka ea Limpopo, ka leboea ho Afrika Boroa, ’me sechaba sa ’ona se entsoe ka merabe e mengata e ileng ea tšela Limpopo lilemong tse makholo tse fetileng. Mavenda a mang a bolela hore baholo-holo ba ’ona ba ile ba fallela sebakeng sena lilemo tse fetang 1 000 tse fetileng.
Ka sebele, sebaka sena e kile ea e-ba karolo ea sechaba sa khale se neng se bitsoa ’Muso oa Mapungubwe. E bile motse oa pele o moholo oo ho ileng ha ahuoa ho ’ona Afrika Boroa, ’me o ne o busa batho ba phuleng e pharaletseng ea Nōka ea Limpopo, ho tloha Botswana ka bophirimela, ho ea Mozambique ka bochabela. Ho tloha hoo e ka bang ka 900 C.E. ho ea ho 1100 C.E., Mapungubwe a ne a fepela bahoebi ba Maarabia ka manaka a litlou, manaka a litšukulu, matlalo a liphoofolo, koporo esita le khauta. Lintho tsa bonono tse manehiloeng ka khauta li ’nile tsa epolloa leralleng la mabitla a borena le bitsoang Mapungubwe. Encyclopedia e ’ngoe e bolela hore ana ke a mang a “matšoao a pele-pele a ho rafshoa ha khauta karolong e ka boroa ea Afrika.”
Ha ho sa rafshoa khauta hona joale sebakeng sena. Kajeno lefatše la Mavenda le tumme ka ho beha ha lona litholoana. Ka boroa ho Lithaba tsa Soutpansberg, ho namme phula e behang ka ho fetisisa, eo ho eona litholoana tse kang liavokh’ado, libanana, limango le liguava li melang ka bongata. Ntle ho li-nut tse kang tsa pecan le tsa macadamia, ho boetse ho na le meroho e mengata. Ena e akarelletsa meroho ea naha, e latsoehang joaloka sepinashe, ’me e ratoa haholo ke batho ba mona.
Mavenda ke sechaba sa khotso le se amohelang baeti ka mofuthu. Ke ntho e tloaelehileng hore hlooho ea lelapa e laele hore ho phehoe khoho e pheheloa moeti ea neng a sa lebelloa. Khoho ena e jeoa ka vhuswa, papa ea poone, sejo sa teng se tloaelehileng. Ka mor’a ketelo eo, ntate oa lelapa o felehetsa moeti oa hae ho mo beha sebakanyana. Ona ke mokhoa oa setso o bontšang ho hlompha moeti. Bana ba rutoa ho lumelisa baeti ka tlhompho ka hore ba ome ka hlooho le ho koba mangole, ebe ba chechisa seatla se seng holim’a se seng. Leqepheng lena, u bona baroetsana ba babeli ba Mavenda ha ba lumelisa ka tsela ena e tloaelehileng.
Puo e Thata
Hase habonolo motho oa lekhooa a ka tsebang puo ea Sevenda hantle. Bothata bo bong ke hore mantsoe a mangata a ngoloa ka tsela e tšoanang empa a bitsoa ka mekhoa e fapaneng. Ka letsatsi le leng ha ke ne ke fana ka puo ea Bibele phuthehong e ’ngoe ea Sevenda ea Lipaki tsa Jehova, ke ne ke leka ho khothalletsa bamameli hore ba bue le motho e mong le e mong. Motho e mong har’a bamameli o ile a sitoa ho ithiba empa a tšeha kaha ke ne ke itse ba bue le “monoana o mong le o mong” bakeng sa hore ke re “motho e mong le e mong.”
Ha ke ne ke qala ho bua Sevenda mosebetsing oa boboleli, mosali e mong oa Movenda o ile a arabela: “Ha ke tsebe ho bua Senyesemane.” Ke ne ke nahana hore ke buile Sevenda se utloahalang, empa eena o ile a utloa eka ke Senyesemane! Ketsahalong e ’ngoe ha ke fihla lelapeng le leng, ke ile ka kōpa ngoana hore a bitse hlooho ea lelapa. Ka Sevenda, lentsoe le sebelisoang bakeng sa hlooho ea lelapa ke thoʹho. Ka phoso, ke ile ka re thohoʹ, ho bolelang hore ke ne ke kōpa ho bua le tšoene ea lelapa! Liphoso tse kang tsena li ne li ’nyahamisa, empa ka ho mamella, ’na le mosali oa ka hona joale re khona ho bua ka tsela e utloahalang ka Sevenda.
Litholoana Tsa Moea
Lefatše la Venda le ipaka le beha litholoana ka tsela ea moea. Lilemong tsa bo-1950, ho ile ha thehoa phutheho ea Lipaki tsa Jehova har’a batho ba faletseng ba neng ba tsoa linaheng tsa boahisani ho tla sebetsa morafong oa koporo toropong ea Messina. Tšebetso ea bona e chesehang e ile ea kenya linnete tsa Bibele ho Mavenda a mangata. Lilemo tse leshome hamorao, sehlopa sa Lipaki tsa Mavenda se ne se tšoarela liboka lelapeng la e ’ngoe motseng oa Sibasa.
E le ho potlakisa keketseho, lekala la Afrika Boroa la Mokhatlo oa Watch Tower le ile la romela baevangeli ba nako e tletseng lefatšeng lena le behang litholoana. Ka potlako, sehlopha sa Sibasa se ne se se se hōlile ho ba phutheho e khōlō. Liboka tsa Bokreste li ne li tšoareloa tlelaseng ka nako eo. Leha ho le joalo, ka thuso ea Lipaki tsa Jehova tse Pietersburg, sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 160 ka boroa, ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso Thohoyandou, motse o haufi le Sibasa.
Baahi ba buang Sevenda ka leboea ho Afrika Boroa ba ka holimo ho 500 000. Ho ne ho se na Lipaki tsa Mavenda ha mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o qala sebakeng sena lilemong tsa bo-1950. Hona joale ho na le tse ka holimo ho 150. Empa ho sa na le libaka tse ngata tse e-song ho ka li finyelloa le mosebetsi o mongata o tšoanelang ho etsoa. Ka 1989, re ile ra qala ho etela motse o mong oa Venda o bitsoang Hamutsha. Ka nako eo, ho ne ho lula Paki e le ’ngoe feela moo. Hona joale, ho lula baboleli ba ’Muso ba ka holimo ho 40 motseng oo. Re tšoarehile ka ho qetela Holo ea rōna ea ’Muso, ’me e ntse e le ka thuso ea Lipaki tsa liphutheho tsa Pietersburg le ka menehelo ea lichelete e tsoang ho barab’abo rōna ba linaheng tse ruileng haholoanyane.
Re lula ka k’haraveneng polasing. Ka ho boloka bophelo ba rōna bo le bonolo, re na le nako e ngata ea ho finyella batho ba sebaka sena ka litaba tse molemo. (Mareka 13:10) Ka lebaka leo, re hlohonolofalitsoe ka ho enneng ka tokelo ea ho thusa ba bangata hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova Molimo. Mohlala o mong ke oa monna ea bitsoang Michael, ea ileng a bona buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ha motsoalle oa hae.a O ile a qala ho e bala ’me ka pele-pele a lemoha ’nete. Kahoo, a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower, a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng tsa Bibele. Lengolong la hae, Michael o ne a hlalositse hore o sa tsoa kolobetsoa joaloka setho sa kereke ea Boapostola ea sebaka seo a leng ho sona. O ile a tsoela pele: “Ke fumane hore ke tseleng e fosahetseng e eang ’Musong oa Molimo. Ke entse qeto ea hore ke be e mong oa litho tsa lōna, empa ha ke tsebe hore na ke etse seo joang.” Joale o ile a fana ka aterese ea hae ’me a kōpa hore a romeloe e mong oa Lipaki tsa Jehova hore a e’o mo thusa. Ke ile ka khona ho fumana Michael ’me ka qalisa thuto ea lehae ea Bibele le eena. Kajeno ke Paki e kolobelitsoeng ’me o sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Ka December 1997, re ile ra ba teng Kopanong ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo,” e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali Thohonyandou. Ho ne ho e-na le batho ba 634, ’me ho ile ha kolobetsoa batho ba bacha ba 12. Ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka lipuo tse peli ka Sevenda. Ka sebele, eo e bile ketsahalo ea bohlokoa lilemong tse leshome tseo re li qetileng sebakeng sena se behang litholoana!—E nehelanoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.