Tlhaloso ea Bibele—Ka Tšusumetso ea Mang?
TLHALOSO e ’ngoe ea lentsoe lena “hlalosa” ke “ho nahana ntho leseling la tumelo ea motho, kahlolo ea hae kapa maemo a hae.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Kahoo, tlhaloso ea motho ka ntho leha e le efe hangata e susumetsoa ke semelo sa hae, thuto le khōliso.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka tlhaloso ea Bibele? Na re lokolohile hore re itlhalosetse litemana tsa Bibele ho ea ka ‘tumelo ea rōna, kahlolo kapa maemo’? Ka tloaelo, boholo ba litsebi tsa Bibele le bafetoleli bo bolela hore ha bo etse joalo empa hore bo tataisoa ke Molimo.
Mohlala o mong ka taba ena ke se boletsoeng botlaaseng ba leqephe ho Johanne 1:1 ho A New Version of the Four Gospels, e hatisitsoeng ka 1836 ke John Lingard, eo lebitso la hae la bosoasi e neng e le “Mok’hatholike.” E re: “Batho ba tumelo e ’ngoe le e ’ngoe ba fumana se tiisoang ke maikutlo a bona a sa tloaelehang mangolong a halalelang: ha e le hantle, hase Mangolo a ba tsebisang, empa ba tlameletsa tlhaloso ea bona le seo Mangolo a se bolelang.”
Le hoja taba eo e utloahala, morero oa mongoli eo e ne e le ofe? Seo a se boletseng se ne se tšehetsa tlhaloso ea hae ka temana eo, eo a ileng a e fetolela ka ho re: “Tšimolohong ho ne ho e-na le ‘lentsoe;’ ’me ‘lentsoe’ le ne le e-na le Molimo; ’me ‘lentsoe’ e ne e le Molimo,” e leng phetolelo e bontšang motšehetsi oa thuto ea Boraro-bo-bong hantle.
Ke’ng se ileng sa susumetsa mongoli eo hore a fetolele Johanne 1:1 ka tsela e tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong? Na ke “Mangolo a mo bolellang” hore a etse joalo? Seo se ke ke sa etsahala, kaha ha ho na moo thuto ea Boraro-bo-bong e fumanehang teng ka Bibeleng. Hlokomela seo The New Encyclopædia Britannica e se bolelang tabeng ena: “Leha e le lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto e hlakileng ha li hlahe Testamenteng e Ncha.” Ho phaella moo, moprofesa oa Univesithi ea Yale E. Washburn Hopkins o ile a hlokomela: “Ho bonahala Jesu le Pauluse ba ne ba sa tsebe thuto ea boraro-bo-bong; . . . ha ba bue letho ka eona.”
Joale, re ka fihlela qeto efe ka batho ba tšehetsang tlhaloso ea Boraro-bo-bong ea Johanne 1:1 kapa temana leha e le efe e ’ngoe ea Bibele? Ho ea ka tekanyetso ea Monghali Lingard ka boeena, “hase Mangolo a ba tsebisang, empa ba tlameletsa tlhaloso ea bona le seo Mangolo a se bolelang.”
Ka thabo, re na le Lentsoe la Molimo hore le re tataise tabeng ena. Moapostola Petrose o ile a re: “Le tseba sena pele, hore ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho. Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 Petrose 1:20, 21.