Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ti maq. 5-7
  • Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Boraro-bo-bong” ka Bibeleng?
  • Bopaki ba Mangolo a Seheberu
  • Bopaki ba Mangolo a Segerike
  • Na e Rutiloe ke Bakreste ba Pele?
  • Seo Bo-ntate ba Pele ho Lekhotla la Pele la Nicaea ba se Rutileng
  • Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Molimo ke Boraro-bo-bong?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na U Lokela ho bo Lumela?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Boraro-bo-bong bo Hlalosoa Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Bala Tse Ling
Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
ti maq. 5-7

Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?

HAEBA thuto ea Boraro-bo-bong e ne e le ’nete, e ne e lokela ho ba teng ka Bibeleng ka mokhoa o hlakileng le o tšoanang. Hobane’ng? Hobane, joalokaha baapostola ba tiisitse, Bibele ke ho itšenola ha Molimo ho batho. ’Me kaha re hloka ho tseba Molimo hore re o rapele ka ho amohelehang, Bibele e lokela ho hlaka ha e re bolella hore na hantle ke mang.

Balumeli ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba amohela Mangolo e le tšenolo ea ’nete ea Molimo. E ne e le motheo oa litumelo tsa bona, matla a ho qetela a ba laolang. Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a ne a bolella batho ba motse oa Berea, ba ile “ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?”—Liketso 17:10, 11.

Ka nako eo batho ba hlahelletseng ba Molimo ba ne ba sebelisa eng e le matla a ba laolang? Liketso 17:2, 3 (NW) e-ea re bolella: “Pauluse, ka temalo ea hae . . . a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso [tse tsoang ka Mangolong].”

Jesu ka boeena o ile a beha mohlala ka ho sebelisa Mangolo e le motheo oa thuto ea hae, khafetsa a re: “Ho ngoliloe.” “A ba hlalosetsa Mangolong ’ohle tseo a boletsoeng ka tsona.”—Mattheu 4:4, 7; Luka 24:27.

Kahoo Jesu, Pauluse le balumeli ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba sebelisa Mangolo e le motheo bakeng sa thuto ea bona. Ba ne ba tseba hore “lengolo lohle le bulutsoeng ke moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea [“ho otlolla lintho,” NW], le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17; bona le 1 Ba-Korinthe 4:6; 1 Ba-Thessalonika 2:13; 2 Petrose 1:20, 21.

Kaha Bibele e ka ‘otlolla lintho’ ka ho hlakileng e lokela ho senola boitsebiso bo buang ka taba ea bohlokoa joalokaha ho boleloa ka Boraro-bo-bong. Empa na baruti ba thuto ea bolumeli le bo-rahistori ka bobona ba bolela hore ka ho hlakileng ke thuto ea Bibele?

“Boraro-bo-bong” ka Bibeleng?

KHATISO e ’ngoe ea Prostanta e re: “Lentsoe Boraro-bo-bong ha le fumanoe ka Bibeleng . . . Ha lea ka la fumana sebaka ka molao thutong ea bolumeli ea kereke ho fihlela lekholong la bo4 la lilemo.” (The Illustrated Bible Dictionary) ’Me ba boholong K’hatholike ba bolela hore Boraro-bo-bong “hase . . . lentsoe la Molimo ka ho toba le tsoang ho oona.”—New Catholic Encyclopedia.

The Catholic Encyclopedia le eona e-ea hlalosa: “Ka Lengolong le joale ha ho e-s’o be le lentsoe le le leng leo ka lona Batho ba Bararo ba Halalelang ba bontšoang ba le hammoho. Lentsoe τρίας [triʹas, kopano ea ba bararo] (leo trinitas ea Selatine e leng phetolelo ea lona) le fumanoa pele ho Theophilus oa Antioke hoo e ka bang ka A. D. 180. . . . Kapele ka mor’a moo le hlaha ka sebōpeho sa lona sa Selatine sa trinitas ho Tertullian.”

Leha ho le joalo, hona hase bopaki ka bohona hore Tertullian o ile a ruta Boraro-bo-bong. Buka ea K’hatholike Trinitas—A Theological Encyclopedia of the Holy Trinity, ka mohlala, e hlokometse hore a mang a mantsoe a Tertullian a ile a sebelisoa hamorao ke ba bang ho hlalosa Boraro-bo-bong. Joale ea lemosa: “Empa ho ke ke ha potlakeloa ho etsa liqeto ka ho sebelisoa ha ’ona, hobane ha a sebelise mantsoe ao thutong ea bolumeli ea Boraro-bo-bong.”

Bopaki ba Mangolo a Seheberu

LE HOJA lentsoe “Boraro-bo-bong” le sa fumanoe ka Bibeleng, na bonyane khopolo ea Boraro-bo-bong eona e rutoa ka ho hlaka ka hare ho eona? Ka mohlala, Mangolo a Seheberu (“Testamente ea Khale”) a senola eng?

The Encyclopedia of Religion e-ea lumela: “Baruti ba thuto ea bolumeli kajeno baa lumellana hore Bibele ea Seheberu ha e na thuto ea Boraro-bo-bong.” ’Me New Catholic Encyclopedia le eona e re: “Thuto ea Boraro-bo-bong bo Halalelang ha e rutoe ka T[estamenteng] ea K[hale].”

Ka ho tšoanang, bukeng ea hae The Triune God, Mojesuti Edmund Fortman o-oa lumela: “Testamente ea Khale . . . ha e re bolelle letho ka ho hlakileng kapa ka se akarelletsoang moelelong o hlokahalang ka Molimo o Hlooho li Tharo oo e leng Ntate, Mora le Moea o Halalelang. . . . Ha ho na bopaki ba hore mongoli leha e le ofe ea halalelang o kile a belaella hore ho na le [Boraro-bo-bong] ka hare ho Molimo. . . . Esita le ho bona ka [“Testamenteng ea Khale”] litlhahiso kapa litšoantšetso kapa ‘lipontšo tse sa hlakang’ tsa batho ba boraro-bo-bong, ke ho feteletsa mantsoe le sepheo sa bangoli ba halalelang.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Ho hlahlojoa ha Mangolo a Seheberu ka booona ho tla paka litlhaloso tsena. Kahoo, ha ho na thuto e hlakileng ea Boraro-bo-bong libukeng tse 39 tse qalang tsa Bibele tse etsang lethathamo le amoheloang la Mangolo a bululetsoeng a Seheberu.

Bopaki ba Mangolo a Segerike

JOALE, na Mangolo a Bakreste a Segerike (“Testamente e Ncha”) a bua ka ho hlakileng ka Boraro-bo-bong?

The Encyclopedia of Religion e re: “Baruti ba thuto ea bolumeli baa lumellana hore Testamente e Ncha le eona ha e na thuto e hlakileng ea Boraro-bo-bong.”

Mojesuti Fortman o boletse: “Bangoli ba Testamente e Ncha . . . ha ba re fe thuto e hlomamisitsoeng kapa e iketselitsoeng ea Boraro-bo-bong, ha ho thuto e hlakileng ea hore ho Molimo o le mong ho na le batho ba bararo ba halalelang ba lekanang. . . . Ha ho kae kapa kae moo re fumanang thuto ea Boraro-bo-bong ea litho tse tharo tse ikhethang tsa bophelo bo halalelang le tšebeletso ho Molimo o tšoanang.”

The New Encyclopædia Britannica e-ea hlokomela: “Leha e le lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto e hlakileng ha li hlahe Testamenteng e Ncha.”

Bernhard Lohse o bua tjena ho A Short History of Christian Doctrine: “Ha e le ka Testamente e Ncha teng, ka hare ho eona motho ha a fumane thuto ea sebele ea Boraro-bo-bong.”

The New International Dictionary of New Testament Theology ka ho tšoanang e re: “T[estamente] e N[cha] ha e na thuto e tsoetseng pele ea Boraro-bo-bong. ‘Bibele ha e na phatlalatso e tobileng ea hore Ntate, Mora, le Moea o Halalelang baa lekana ka boleng’ [ho boletse moruti oa thuto ea bolumeli oa Moprostanta Karl Barth].”

Moprofesa oa Univesithi ea Yale E. Washburn Hopkins o tiisitse: “Ho bonahala Jesu le Pauluse ba ne ba sa tsebe thuto ea boraro-bo-bong; . . . ha ba bue letho ka eona.”—Origin and Evolution of Religion.

Rahistori Arthur Weigall o-oa hlokomela: “Jesu Kreste ha ho mohla a kileng a bolela ntho e joalo, ’me ha ho kae kapa kae ka Testamenteng e Ncha moo ho hlahang lentsoe ‘Boraro-bo-bong.’ Khopolo eo e ile ea amoheloa feela ke Kereke lilemo tse makholo a mararo ka mor’a lefu la Morena oa rōna.”—The Paganism in Our Christianity.

Kahoo, libuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu hammoho le libuka tse 27 tse bululetsoeng tse amohelehang tsa Mangolo a Bakreste a Segerike ha li fane ka thuto leha e le efe e hlakileng ea Boraro-bo-bong.

Na e Rutiloe ke Bakreste ba Pele?

NA BAKRESTE ba pele ba ile ba ruta Boraro-bo-bong? Hlokomela litlhaloso tse latelang tse entsoeng ke bo-rahistori le baruti ba thuto ea bolumeli:

“Bokreste ba pele-pele bo ne bo se na thuto e hlakileng ea Boraro-bo-bong e kang e hlalositsoeng hamorao tumelong ea motheo.”—The New International Dictionary of New Testament Theology.

“Leha ho le joalo, qalong Bakreste ba pele ha baa ka ba nahana ka ho sebelisa khopolo ena [ea Boraro-bo-bong] tumelong ea bona. Ba ne ba inehetse ho Molimo Ntate le ho Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ’me ba ne ba hlokomela . . . Moea o Halalelang; empa ho ne ho se na monahano oa hore bana ba bararo e hlile ke Boraro-bo-bong, baa lekana le hore ba kopane ho a le Mong.”—The Paganism in Our Christianity.

“Qalong tumelo ea Bokreste e ne e se ea Boraro-bo-bong . . . Ho ne ho se joalo mehleng ea baapostola le ea ka morao ho bona, joalokaha ho bontšoa T[estamenteng] e N[cha] le mengolong e meng ea pele ea Bokreste.”—Encyclopædia of Religion and Ethics.

“Moralo oa ‘Molimo o le mong ho Batho ba bararo’ ha oa ka oa theoa ka ho tiea, ka sebele ha oa ka oa kenyelletsoa ka botlalo bophelong ba Bokreste le polelong ea bona ea tumelo, pele ho qetello ea lekholo la bo4 la lilemo. . . . Har’a Bo-ntate ba Baapostola, ho ne ho se na letho esita le ho atametsa khopolo kapa kutloisiso e joalo.”—New Catholic Encyclopedia.

Seo Bo-ntate ba Pele ho Lekhotla la Pele la Nicaea ba se Rutileng

BO-NTATE ba Pele ho Lekhotla la Pele la Nicaea ba ne ba nkoa e le matichere a bolumeli a neng a etelletse pele makholong a pele a lilemo ka mor’a tsoalo ea Kreste. Seo ba se rutileng sea thahasellisa.

Justin Martyr, ea shoeleng hoo e ka bang ka 165 C.E., o bitsitse Jesu pele e e-ba motho oa nama lengeloi le bōpiloeng leo e leng “e mong ho e-na le Molimo o entseng lintho tsohle.” O boletse hore Jesu o ne a le ka tlaase ho Molimo ’me “ha ho mohla a kileng a etsa ntho leha e le efe ntle le eo ’Mōpi . . . a neng a rata ha a e etsa le ho e bua.”

Irenaeus, ea shoeleng hoo e ka bang ka 200 C.E., o boletse hore Jesu pele e e-ba motho oa nama o ne a le teng a arohile ho Molimo ’me o ne a le ka tlaase ho oona. O bontšitse hore Jesu ha a lekane le “Molimo o le Mong feela oa ’nete,” o “phahametseng tsohle, le oo ho seng o mong ntle ho oona.”

Clement oa Alexandria, ea shoeleng hoo e ka bang ka 215 C.E., o bitsitse Molimo “ea sa bōptjoang le ea ke keng a fela le Molimo o ’notši oa ’nete.” O boletse hore Mora “o latela Ntate eo e leng eena feela ea matla ’ohle” empa e seng hore o lekana le eena.

Tertullian, ea shoeleng hoo e ka bang ka 230 C.E., o rutile ka bophahamo ba Molimo. O hlokometse: “Ntate o fapane le Mora (e mong), kaha o moholoanyane; kaha ea tsoalang o fapane le ea tsoaloang; ea romelang, o fapane le ea romeloang.” O boetse a re: “Ho na le nako eo ka eona Mora a neng a le sieo. . . . Pele ho lintho tsohle, Molimo o ne o le mong.”

Hippolytus, ea shoeleng hoo e ka bang ka 235 C.E., o boletse hore Molimo ke “Molimo o le mong, oa pele ’me e le Oona feela, Moetsi le Morena oa tsohle,” ea “se nang eo a lekanang le eena . . . Empa o ne a le Mong, e le eena feela; eo, ka boithatelo, a bitsitseng ntho e neng e le sieo pele hore e be teng,” e kang Jesu ea bōpiloeng pele e e-ba motho oa nama.

Origen, ea shoeleng hoo e ka bang ka 250 C.E., o itse “Ntate le Mora ke batho ba babeli . . . lintho tse peli ho ea ka boleng ba bona,” le hore “ha a bapisoa le Ntate, [Mora] ke leseli le fokolang haholo.”

Ha a akaretsa bopaki ba histori, Alvan Lamson o re ho The Church of the First Three Centuries: “Thuto e ratoang kajeno ea Boraro-bo-bong . . . ha e fumane tšehetso puong ea Justin [Martyr]: ’me pono ena e ka ’na ea atolosetsoa ho Bo-ntate bohle ba pele ho Lekhotla la pele la Nice; ke hore, ho bangoli bohle ba Bakreste ka makholo a mararo a lilemo ka mor’a tsoalo ea Kreste. Ke ’nete, ba bua ka Ntate, Mora, le . . . Moea o halalelang, empa e se ba lekanang, e seng e le boleng bo le bong, e seng e le ba Bararo ho a le Mong, ka kutloisiso leha e le efe eo hona joale e amoheloang ke Balumeli ba thuto ea Boraro-bo-bong. Empa ka ho fapaneng le hoo.”

Kahoo, bopaki ba Bibele le ba histori bo hlakisa hore Boraro-bo-bong bo ne bo sa tsejoe ho theosa le mehla ea Bibele le ka makholo a mangata a lilemo ka morao ho moo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Ha ho na bopaki ba hore mongoli leha e le ofe ea halalelang o kile a belaella hore ho na le [Boraro-bo-bong] ka hare ho Molimo.”—The Triune God

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela