Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ti maq. 7-12
  • Thuto ea Boraro-bo-bong e Hōlile Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto ea Boraro-bo-bong e Hōlile Joang?
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea Constantine Nicaea
  • Khōlo e Tsoelang Pele
  • Tumelo ea Motheo ea Athanasius
  • Bokoenehi bo Boletsoe Esale Pele
  • Se bo Susumelitseng
  • Thuto ea Plato
  • Ke Hobane’ng ha Baprofeta ba Molimo ba sa ka ba e Ruta?
  • Karolo 4—Thuto ea Boraro-bo-bong e Ile ea Hōla Neng Hona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
    Tsoha!—2013
  • Karolo 1—Na Jesu le Barutuoa ba Hae ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na ka ho Hlakileng ke Thuto ea Bibele?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Bala Tse Ling
Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
ti maq. 7-12

Thuto ea Boraro-bo-bong e Hōlile Joang?

NTLHENG ena u ka ’na ua botsa: ‘Haeba Boraro-bo-bong hase thuto ea Bibele, ho tlile joang hore e be thuto ea Bokreste-’mōtoana?’ Ba bangata ba nahana hore e raliloe Lekhotleng la Nicaea ka 325 C.E.

Leha ho le joalo, hoo ha hoa nepahala ho hang. Lekhotla la Nicaea le ile la tiisa hore Kreste e ne e le oa boleng bo tšoanang le ba Molimo, e leng ho ileng ha rala motheo bakeng sa thuto ea bolumeli ea Boraro-bo-bong hamorao. Empa ha lea ka la thea Boraro-bo-bong, hobane lekhotleng leo ha hoa ka ha boleloa letho ka moea o halalelang e le motho oa boraro oa Molimo o hlooho li tharo.

Karolo ea Constantine Nicaea

KA LILEMO tse ngata, ho ’nile ha e-ba le khanyetso e khōlō ka mabaka a Bibele khopolong e hōlang ea hore Jesu e ne e le Molimo. Ho leka ho rarolla pharela ena, ’musi oa Roma Constantine o ile a bitsetsa babishopo bohle Nicaea. Ba ka bang 300, ba hlile ba e-ba teng, e leng karoloana ea bona kaofela.

Constantine e ne e se Mokreste. Ho nahanoa hore o ile a sokoloha hamorao bophelong, empa ha aa ka a kolobetsoa ho fihlela a le liphateng tsa lefu. Ka eena, Henry Chadwick o re ho The Early Church: “Constantine, joaloka ntat’ae, o ne a rapela Letsatsi le sa Hlōloeng; . . . ho sokoloha ha hae ha hoa lokela ho hlalosoa e le phihlelo ea ka hare ea mohau . . . E ne e le taba ea sesole. Kutloisiso ea hae ea thuto ea Bokreste ha ho mohla e kileng ea hlaka haholo, empa o ne a kholisehile hore tlhōlo ntoeng e itšetlehile ka mpho ea Molimo ea Bakreste.”

’Musi eo ea sa kolobetsoang o ile a phetha karolo efe Lekhotleng la Nicaea? Encyclopædia Britannica e-ea bolela: “Constantine e ne e le eena ea okametseng, ka mafolo-folo a tsamaisa lipuisano, ’me ka boeena a hlahisa . . . moralo oa bohlokoahali o bontšang kamano ea Kreste le Molimo molao-motheong o ntšitsoeng ke lekhotla, ‘oa boleng bo le bong le Ntate’ . . . Ba makalitsoe ke ’musi eo, babishopo, ntle ho ba babeli feela, ba saenela molao-motheo oo, ba bangata ba bona e le khahlanong le tšekamelo ea bona.”

Kahoo, karolo ea Constantine e ne e le ea bohlokoahali. Ka mor’a khang e mabifi ea bolumeli ea likhoeli tse peli, ralipolotiki enoa oa mohetene o ile a kena lipakeng ’me a etsa qeto e tšehetsang ba neng ba re Jesu ke Molimo. Empa hobane’ng? Ka sebele e ne e se ka lebaka la ho kholisoa ke Bibele. A Short History of Christian Doctrine e re, “Ho hang Constantine o ne a sa utloisise letho la lipotso tse neng li botsoa thutong ea bolumeli ea Segerike.” Seo a neng a se utloisisa e ne e le hore karohano ea bolumeli e ne e sokela ’muso oa hae, ’me o ne a batla ho tiisa puso ea hae.

Leha ho le joalo, ha ho lea mong ho babishopo ba neng ba le Nicaea ea ileng a khothalletsa Boraro-bo-bong. Ba ile ba etsa qeto ka boleng ba Jesu feela empa e seng karolo ea moea o halalelang. Haeba Boraro-bo-bong e ne e le ’nete e hlakileng ea Bibele, na ba ne ba sa lokela hore e be ba ile ba bo hlahisa ka nako eo?

Khōlo e Tsoelang Pele

KA MOR’A Nicaea, likhang holim’a taba ena li ile tsa tsoela pele ka mashome a lilemo. Ba neng ba lumela hore Jesu o ne a sa lekane le Molimo ba bile ba tšehetsoa ka nakoana. Empa hamorao ’Musi Theodosius a etsa qeto e hananang le bona. O ile a tiisa tumelo ea motheo ea Lekhotla la Nicaea e le tekanyetso bakeng sa puso ea hae ’me a bitsa Lekhotla la Constantinople ka 381 C.E. ho tla hlakisa moralo ona.

Lekhotla leo le ile la lumellana ho beha moea o halalelang boemong bo tšoanang le ba Molimo le Kreste. Ka lekhetlo la pele, Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana ba qala ho hlahella.

Empa, esita le ka mor’a Lekhotla la Constantinople, Boraro-bo-bong ha ea ka ea e-ba tumelo ea motheo e amoheloang ka bophara. Ba bangata ba ile ba bo hanyetsa ’me kahoo ba itlisetsa mahloriso a mabifi. E bile makholong a morao a lilemo feela Boraro-bo-bong bo ileng ba raloa e le litumelo tsa motheo tse ngotsoeng. The Encyclopedia Americana e-ea hlokomela: “Khōlo e felletseng ea thuto ea Boraro-bo-bong e etsahetse ka Bophirimela, Mokhatlong oa lifilosofi oa Mehleng e Hare, ha ho ne ho etsoa tlhaloso ka mantsoe a filosofi le a tsebo ea kelello.”

Tumelo ea Motheo ea Athanasius

BORARO-BO-BONG bo ile ba hlalosoa ka botlalo haholoanyane Tumelong ea Motheo ea Athanasius. Athanasius e ne e le moruti ea ileng a tšehetsa Constantine Nicaea. Tumelo ea motheo e rehelletsoeng ka lebitso la hae e re: “Re rapela Molimo o le mong ho Boraro-bo-bong . . . Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo, le Moea o Halalelang ke Molimo; empa leha ho le joalo hase melimo e meraro, empa Molimo o le mong.”

Leha ho le joalo, liithuti tsa litsebi lia lumela hore Athanasius ha aa ka a qapa tumelo ena ea motheo. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Tumelo eo ea motheo e ne e sa tsejoe Kerekeng ea Bochabela ho fihlela lekholong la bo12 la lilemo. Ho tloha lekholong la bo17 la lilemo, ka kakaretso liithuti li ’nile tsa lumellana hore Tumelo ea Motheo ea Athanasius e ne e sa ngoloa ke Athanasius (ea shoeleng ka 373) empa mohlomong e ile ea qaptjoa ka boroa ho Fora nakong ea lekholo la bo5 la lilemo. . . . Tšusumetso ea tumelo ena ea motheo e bonahala qalong e ne e le ka boroa ho Fora le Spain lekholong la bo6 le la bo7 la lilemo. E ne e sebelisoa tšebeletsong ea kereke Jeremane lekholong la bo9 la lilemo ’me neng-neng hamorao ea e-ba Roma.”

Kahoo ho nkile makholo a lilemo ho tloha nakong ea Kreste hore Boraro-bo-bong bo amohelehe ka bophara ho Bokreste-’mōtoana. ’Me ho sena sohle, ke eng e lebisitseng liqetong tsee? Na e ne e le Lentsoe la Molimo, kapa e ne e le menahano ea baruti le ea bopolotiki? Ho Origin and Evolution of Religion, E. W. Hopkins oa arabela: “Tlhaloso e akaretsang ea ho qetela ea boraro-bo-bong e ne e le haholo-holo taba ea lipolotiki tsa kereke.”

Bokoenehi bo Boletsoe Esale Pele

HISTORI ena e nyelisehang ea Boraro-bo-bong e nyalana le seo Jesu le baapostola ba hae ba boletseng esale pele hore se ne se tla latela nako ea bona. Ba boletse hore ho ne ho tla ba le bokoenehi, ho kheloha, ho oa borapeling ba ’nete ho fihlela Kreste a khutla, ha borapeli ba ’nete bo tsosolosoa pele ho letsatsi la Molimo la ho ripitla tsamaiso ena ea lintho.

Mabapi le “letsatsi” leo, moapostola Pauluse o itse: “Le ke ke la tla ntle le hore bokoenehi bo tle pele le motho ea se nang molao a senoloa.” (2 Ba-Thessalonika 2:3, 7, NW) Hamorao, o ile a bolela esale pele: “Ha ke se ke ile liphiri tse sehlōhō li tla le futuhela ’me li ke ke tsa qenehela mohlape. Esita le har’a lōna ho tla ba le banna ba tla hlaha ka ho sotha ’nete ka melomo ea bona ho susumelletsa barutuoa hore ba ba latele.” (Liketso 20:29, 30, JB) Barutuoa ba bang ba Jesu le bona ba ngotse ka bokoenehi bona le sehlopha sa bona se “se nang molao” sa baruti.—Ka mohlala, bona 2 Petrose 2:1; 1 Johanne 4:1-3; Juda 3, 4.

Pauluse o boetse a ngola: “Ho tla fela ho tle nako eo, ho e-na le ho khotsofalla thuto e utloahalang, batho ba tla lakatsa ka matla litaba tse ncha tsa morao-rao le ho ipokellela mekoloko eohle ea baruti ho ea ka litatso tsa bona; e be joale, ho e-na le ho mamela ’nete, ba tla retelehela litšōmong.”—2 Timothea 4:3, 4, JB.

Jesu ka boeena o ile a hlalosa se neng se susumetsa ho oa hona borapeling ba ’nete. O ile a re o jetse lipeō tse ntle empa hore sera, Satane, se ne se tla jalella mofoka tšimong eo. Kahoo mofoka le oona o ile oa hlaha hammoho le mahlaka a pele a koro. Kahoo, ho kheloha Bokresteng bo hloekileng ho ne ho lokela ho lebelloa ho fihlela kotulo, nakong eo Kreste a neng a tla lokisa litaba. (Mattheu 13:24-43) The Encyclopedia Americana e-ea hlalosa: “Thuto ea Boraro-bo-bong ea lekholong la bone la lilemo ha e-ea ka ea bontša ka nepo thuto ea pele ea Bokreste mabapi le sebōpeho sa Molimo; ho fapana le hoo, e ne e le ho kheloha thutong ena.” Joale, ho kheloha hoo ho qalile hokae?—1 Timothea 1:6, NW.

Se bo Susumelitseng

HO PHOLLETSA le lefatše la boholo-holo, ho khutlela morao-rao Babylonia, borapeli ba melimo ea bohetene e behiloeng ka lihlopha tsa melimo e meraro, kapa boraro-bo-bong, bo ne bo tloaelehile. Tšusumetso eo e ne e boetse e atile Egepeta, Greece, le Roma makholo-kholo a lilemo pele, nakong ea Kreste le ka morao. ’Me ka mor’a lefu la baapostola, litumelo tse joalo tsa bohetene tsa qala ho futuhela Bokreste.

Rahistori Will Durant o hlokometse: “Bokreste ha boa ka ba felisa bohetene; bo ile ba bo amohela. . . . Likhopolo tsa boraro-bo-bong bo halalelang li tsoa Egepeta.” ’Me bukeng Egyptian Religion, Siegfried Morenz o hlokometse: “Boraro-bo-bong e ne e le mosebetsi o ka sehloohong oa baruti ba thuto ea bolumeli ba Egepeta . . . Melimo e meraro ea kopanngoa ’me e nkoa e le boleng bo le bong, ho buuoa le eona ka bonngoeng. Ka tsela ena matla a moea a bolumeli ba Egepeta a bontša kopano e tobileng le thuto ea bolumeli ea Bokreste.”

Kahoo, Alexandria, Egepeta, banna ba kereke ba qetellong ea lekholo la boraro la lilemo le mathoasong a lekholo la bone la lilemo, ba kang Athanasius, ba ile ba bontša tšusumetso ena ha ba ntse ba rala likhopolo tse ileng tsa lebisa ho Boraro-bo-bong. Tšusumetso ea bona e ile ea pharalla, hoo Morenz a nkang “thuto ea bolumeli ea Alexandria e le mokena-lipakeng pakeng tsa neano ea bolumeli ea Egepeta le Bokreste.”

Selelekeleng sa History of Christianity ea Edward Gibbon, rea bala: “Haeba Bohetene bo ile ba hlōloa ke Bokreste, ke ’nete ka ho lekanang hore Bokreste bo ile ba silafatsoa ke Bohetene. Tumelo e hloekileng ea Bakreste ba pele ea hore Molimo o teng le hore ha o laole litaba tsa lefatše . . . e ile ea fetoleloa thutong e sa utloisisoeng ea boraro-bo-bong ke Kereke ea Roma. Litumelo tse ngata tsa bohetene, tse qapiloeng ke Baegepeta ’me tsa etsoa likhopolo ke Plato, li ile tsa bolokoa e le tse lokeloang ke ho lumeloa.”

A Dictionary of Religious Knowledge e hlokomela hore ba bangata ba re Boraro-bo-bong “ke tšenyeho e alimiloeng malumeling a bohetene, ’me ea kenngoa tumelong ea Bokreste.” Le The Paganism in Our Christianity ea phatlalatsa: “Tšimoloho ea [Boraro-bo-bong] ke ea bohetene ka ho felletseng.”

Ke ka lebaka leo, ho Encyclopædia of Religion and Ethics, James Hastings a ngotseng: “Bolumeling ba India, ka mohlala, re kopana le sehlopha sa boraro-bo-bong sa Brahmā, Siva, le Viṣṇu; ’me bolumeling ba Egepeta le sehlopha sa boraro-bo-bong sa Osiris, Isis, le Horus . . . Leha e le hore ke malumeling a histori feela moo re fumanang Molimo o talingoa e le Boraro-bo-bong. Motho o hopola ka ho khetheha pono ea Neo-Plato ea ’Nete e Phahameng kapa ea ho Qetela,” e “emeloang ka melimo e meraro.” Rafilosofi oa Mogerike Plato o amana joang le Boraro-bo-bong?

Thuto ea Plato

HO NAHANOA hore Plato o phetse ho tloha ka 428 ho ea ho 347 pele ho Kreste. Le hoja a sa ka a ruta thuto ea Boraro-bo-bong ka sebōpeho sa eona sa kajeno, lifilosofi tsa hae li ile tsa e betlela tsela. Hamorao, mekhatlo ea filosofi e neng e akarelletsa litumelo tsa melimo e meraro ea hlaha, ’me ena e ne e susumelitsoe ke likhopolo tsa Plato ka Molimo le tlhaho.

Nouveau Dictionnaire Universel (Buka e Ncha e Akaretsang e Hlalosang Mantsoe) ea Sefora e re ka tšusumetso ea Plato: “Boraro-bo-bong ba Plato, bona e mpa e le ho hlophisoa hape ha boraro-bo-bong ba khale bo khutlelang morao ho batho ba pejana, bo hlaha e le boraro-bo-bong ba filosofi e nang le mabaka ea litšobotsi tse tsoetseng batho ba bararo kapa batho ba halalelang ba rutoang ke likereke tsa Bokreste. . . . Maikutlo ana a rafilosofi oa Mogerike ka boraro-bo-bong bo halalelang . . . a ka fumanoa malumeling ’ohle a boholo-holo [a bohetene].”

The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge e bontša tšusumetso ea filosofi ena ea Segerike: “Lithuto tsa Logos le Boraro-bo-bong li fumane sebōpeho sa tsona ho Bo-ntate ba Magerike, ba . . . neng ba susumelitsoe haholo, ka ho toba le ka tsela e sa tobang, ke filosofi ea Plato . . . Hore liphoso le tšenyeho li kene ka Kerekeng li tsoa mohloling ona ho ke ke ha latoloa.”

The Church of the First Three Centuries e re: “Ha ho bapisoa Thuto ea Boraro-bo-bong e theiloe butle-butle e bile e theiloe morao; . . . e qalile mohloling osele ka ho felletseng ho oa Bajode le Mangolo a Bakreste; . . . e ile ea hōla, ’me e ile ea kenngoa Bokresteng, ka matsoho a Bo-ntate ba neng ba ruta thuto ea Plato.”

Ho ea qetellong ea lekholo la boraro la lilemo C.E., “Bokreste” le lifilosofi tse ncha tsa Plato li ile tsa kopanngoa ka tsela eo li ke keng tsa aroloa. Joalokaha Adolf Harnack a bolela ho Outlines of the History of Dogma, thuto ea kereke e ile ea “hlongoa ka tieo mobung oa monahano oa bohetene oa Bagerike [Hellenism]. Kahoo ea fetoha sephiri ho karolo e khōlō ea Bakreste.”

Kereke e ile ea bolela hore lithuto tsa eona tse ncha li ne li theiloe Bibeleng. Empa Harnack o re: “Ha e le hantle e ile ea tiisa ka hare ho eona khopolo ea Bogerike, lipono tsa tumela-khoela le meetlo ea borapeli ba mehlolo ba bohetene.”

Bukeng A Statement of Reasons, Andrews Norton o re ka Boraro-bo-bong: “Re ka sala morao pale ea thuto ena, ’me ra fumana mohloli oa eona, e seng tšenolong ea Bokreste, empa filosofing ea Plato . . . Thuto ea Boraro-bo-bong hase thuto ea Kreste le Baapostola ba hae, empa ke tšōmo ea sekolo ea barutoana ba morao ba Plato.”

Kahoo, lekholong la bone la lilemo C.E., bokoenehi bo boletsoeng ke Jesu le baapostola ba hae esale pele bo ile ba hlahella ka ho felletseng. Ho hōla ha Thuto ea Boraro-bo-bong e ne e le bo bong feela ba bopaki bona. Likereke tsa bokoenehi le tsona tsa qala ho amohela likhopolo tse ling tsa bohetene, tse kang mollo oa lihele, ho se shoe ha moea, le borapeli ba litšoantšo. Ka puo ea moea, Bokreste-’mōtoana bo ne bo kene mehleng ea bona e boletsoeng esale pele e lefifi e busoang ke sehlopha se hōlang sa baruti sa “motho ea se nang molao.”—2 Ba-Thessalonika 2:3, 7, NW.

Ke Hobane’ng ha Baprofeta ba Molimo ba sa ka ba e Ruta?

KE HOBANE’NG ha, ka lilemo tse likete, ho sa ka ha e-ba le baprofeta ba Molimo ba rutang batho ba oona ka Boraro-bo-bong? Morao-rao, na Jesu o ne a ke ke a sebelisa matla a hae e le Mosuoe e Moholo ho hlakisetsa balateli ba hae Boraro-bo-bong? Na Molimo o ne o ka bululela maqephe a makholo-kholo a Mangolo, empa oa se ke oa sebelisa leha e le ’ngoe ea litaelo tsee ho ruta Boraro-bo-bong haeba e ne e le “thuto e ka sehloohong” ea tumelo?

Na Bakreste ba lokela ho lumela hore ka makholo a lilemo ka mor’a Kreste le ka mor’a hore ho bululeloe ho ngoloa ha Bibele, Molimo o ne o tla tšehetsa moralo oa thuto e neng e sa tsejoe ke bahlanka ba oona ka lilemo tse likete, eo e leng “sephiri se ke keng sa utloisisoa” se “ka nģane ho kutloisiso ea kelello ea motho,” eo ka ho ke keng ha latoloa e nang le semelo sa bohetene le eo “haholo-holo e neng e le taba ea lipolotiki tsa kereke”?

Bopaki ba histori bo hlakile: Thuto ea Boraro-bo-bong ke ho kheloha ’neteng, ho koeneha ho eona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

‘Thuto ea Boraro-bo-bong ea lekholo la bone la lilemo e ne e le ho kheloha thutong ea pele ea Bokreste.’—The Encyclopedia Americana

[Lebokose le leqepheng la 9]

“Sehlopha sa Melimo e Meraro ea Melimo e Meholo”

Makholo a mangata a lilemo pele ho nako ea Kreste, ho ne ho e-na le lihlopha tsa melimo e meraro, kapa lihlopha tsa boraro bo bong, ba melimo Babylonia le Assyria tsa boholo-holo. “Larousse Encyclopedia of Mythology” ea Sefora e hlokomela o mong oa melimo e joalo e meraro sebakeng sa Mesopotamia: “Bokahohle bo ne bo arotsoe libaka tse tharo tseo se seng le se seng se ileng sa fetoha se busoang ke molimo o mong. Karolo ea Anu e ne e le leholimo. Lefatše le ile la fuoa Enlil. Ea ea e-ba ’musi oa metsi. Ba le hammoho ba bōpa sehlopha sa melimo e meraro ea Melimo e Meholo.”

[Lebokose le leqepheng la 12]

Boraro-bo-bong ba Hindu

Buka “The Symbolism of Hindu Gods and Rituals” e re mabapi le boraro-bo-bong ba Hindu bo bileng teng makholo a lilemo pele ho Kreste: “Siva ke o mong oa melimo ea Boraro-bo-bong. Ho thoe ke molimo oa thipitlo. Melimo e meng e ’meli ke Brahma, molimo oa pōpo le Vishnu, molimo oa tlhokomelo. . . . Ho bontša hore mehato ena e meraro ke ntho e le ’ngoe le e tšoanang melimo ena e meraro e kopane sebōpehong se le seng.”—E hatisitsoe ke A. Parthasarathy, Bombay.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

“Ho hang Constantine o ne a sa utloisise letho la lipotso tse neng li botsoa thutong ea bolumeli ea Segerike.”—A Short History of Christian Doctrine

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

1. Egepeta. Melimo e meraro ea Horus, Osiris, Isis, sekete sa bo2 sa lilemo B.C.E.

2. Babylona. Melimo e meraro ea Ishtar, Sin, Shamash, sekete sa bo2 sa lilemo B.C.E.

3. Palmyra. Melimo e meraro ea khoeli, Morena oa Maholimo, molimo oa letsatsi, hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo C.E.

4. India. Boraro-bo-bong ba molimo oa Hindu, hoo e ka bang lekholong la bo7 la lilemo C.E.

5. Kampuchea. Boraro-bo-bong ba molimo oa Mobuddha, hoo e ka bang lekholong la bo12 la lilemo C.E.

6. Norway. Boraro-bo-bong (Ntate, Mora, moea o halalelang), hoo e ka bang lekholong la bo13 la lilemo C.E.

7. France. Boraro-bo-bong, hoo e ka bang lekholong la bo14 la lilemo C.E.

8. Italy. Boraro-bo-bong, hoo e ka bang lekholong la bo15 la lilemo C.E.

9. Germany. Boraro-bo-bong, hoo e ka bang lekholong la bo19 la lilemo C.E.

10. Germany. Boraro-bo-bong, lekholong la bo20 la lilemo C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela