Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Atoloha ha Puso ea Molimo Namibia
LITABA tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li fihlile Namibia ka lekhetlo la pele qetellong ea bo-1920. Ho tloha ka nako eo, batho ba makholo ba lipelo li tšepahalang ba nkile khato ka molaetsa oa Molimo oa poloko. Liphihlelo tse latelang li bontša kamoo Jehova a bokellang bana ba ratehang ka mohlapeng oa hae.—Haggai 2:7.
◻ Paulus ke sehoai se senyenyane sa Namibia ka leboea-bochabela ’me o ile a fumanoa ke Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele ha a ne a etetse Windhoek, motse-moholo. Kapele Paulus o ile a kholiseha hore o fumane ’nete. O ile a khutlela hae a e-na le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ka mor’a moo, ha a le leetong a e-ea Rundu, e leng toropo e haufi haholo e neng e e-na le Holo ea ’Muso, Paulus o ile a fumana Lipaki eaba o li “rapela” hore li mpe li mo etele.
Leha ho le joalo, ho ne ho le hōle haholo hore Lipaki li ka ea ’me tsa khannela Paulus thuto ea Bibele ea beke le beke. Paulus ha aa ka a nyahama, o ile a qala ho ithuta Bibele ka boeena. Ho phaella moo, ka cheseho o ile a bolella ba bang lintho tseo a ntseng a ithuta tsona. Ka mor’a nako, ho ile ha thehoa sehlopha sa thuto ea Bibele. Ha batho ba sehlotšoana seo ba utloa seea-le-moeeng hore ho ne ho tla ba le kopano ea Lipaki tsa Jehova Rundu, ba ile ba khoahlapisa cheletenyana eo ba nang le eona ’me ba lokisetsa sepalangoang sa ho ba isa kopanong eo.
E ile ea e-ba phihlelo e thabisang hakaakang ha ba kopana le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele! Ho ile ha etsoa litokisetso kapele hore barab’abo rōna ba tšoanelehang ba etele sehlopha sena kamehla. Kajeno, ho na le bahoeletsi ba tšeletseng motseng oa habo Paulus.
◻ Thahasello ea Johanna lebitsong la Molimo e ile ea tsosoa ke ha a utloa motho e mong a bua Lipaki tsa Jehova hampe. Oa hopola: “Ha ke qala ho utloa lebitso la Jehova, le ile la lula kelellong ea ka, ’me ke ile ka qala ho ipotsa hore na Jehova ke mang. Ke ne ke lula le monna oa ka haufi le Walvis Bay lebōpong la Namibia. Ka lekhetlo le leng re ile ra ea toropong, ’me ke ile ka bona Lipaki tse ling li aba limakasine tsa Molula-Qhooa seterateng. Ke ile ka amohela e ’ngoe eaba ke kōpa thuto ea Bibele, etsoe ke ne ke e-na le lipotso tse ngata. Ke ile ka lla ha ba mpolella hore ba tla sitoa ho tla hobane koloi ea bona e robehile. Nakoana ka mor’a moo monna oa ka o ile a hlokahala, eaba ke fallela Keetmanshoop. Pula-maliboho e mong ea khethehileng (e leng ’moleli oa nako e tletseng) o ne a abetsoe ho sebetsa moo, ’me ke ile ka fumana buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ho eena. Ho tloha qalong feela, ke ile ka utloa hore ke ’nete.
“Hamorao, ke ile ka mengoa hore ke kopanele mosebetsing oa boboleli, empa ke ile ka apareloa ke ho tšaba batho. Ha ke ntse ke tsamaea ka ntlo le ntlo, ke ile ka rapela Jehova hore a ka mpa a ntlohela hore ke shoe ho e-na le hore a re ke be ’moleli. Ha ke qala ho paka seterateng, ke ile ka ipata ka phasejeng e patisaneng ka tšepo ea hore ho ne ho se ea tla mpona. Qetellong ke ile ka betefala hore ke bontše mofeta-ka-tsela e mong makasine, ’me ke hona moo ke ileng ka buleha molomo. Letsatsing leo, ka thuso ea Jehova, ke ile ka buisana le batho ba bangata ka tšepo ea ka e thehiloeng Bibeleng.
“Kajeno, lilemo tse 12 hamorao, le hoja ke futsanehile, ke sa ntse ke nka tokelo ea tšebeletso ea bopula-maliboho e le ea bohlokoa ’me ke ntse ke tsoela pele ho thabisoa haholo ke ho buisana le ba bang ka ’nete ea ’Muso.”