Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/1 maq. 2-5
  • Tumelo e ka Fetola Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e ka Fetola Bophelo ba Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e ka Fetola Bophelo ba Lelapa
  • Tumelo e Thusa ba Khesoang
  • Mofuta o Nepahetseng oa Tumelo
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/1 maq. 2-5

Tumelo e ka Fetola Bophelo ba Hao

“KA SEBELE motho o ntse a ka ba le litekanyetso tse molemo ka ntle ho Molimo.” Motho ea belaellang boteng ba Molimo o ile a tiisa sena. O ile a bolela hore o hōlisitse bana ba hae ka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, ’me le bona ba hōlisitse bana ba bona ka litekanyetso tse phahameng tse tšoanang le tseo—sena sohle ba se entse ba ntse ba se na tumelo ho Molimo.

Na see se bolela hore tumelo ho Molimo ha e hlokahale? Ho hlakile hore motho enoa o ne a nahana joalo. ’Me ke ’nete hore hase hore motho e mong le e mong ea sa lumeleng ho Molimo ke motho e mobe. Moapostola Pauluse o ile a bua ka “batho ba lichaba” ba sa tsebeng Molimo empa “ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” (Baroma 2:14) Bohle—ho akarelletsa ba belaellang boteng ba Molimo—ba tsoetsoe ba e-na le matsoalo. Ba bangata ba leka ho mamela matsoalo a bona esita le haeba ba sa lumele ho Molimo ea ba fileng boikutlo boo ba tlhaho ba se nepahetseng le se fosahetseng.

Leha ho le joalo, tumelo e tiileng ho Molimo—e thehiloeng Bibeleng—ke tšusumetso e matla haholoanyane ea ho etsa se molemo ho feta ho tataisoa ke letsoalo le sa tšehetsoeng ke letho. Tumelo e thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele, e fa letsoalo boitsebiso, e etsa hore le be seli haholoanyane ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baheberu 5:14) Ho feta moo, tumelo e matlafatsa batho hore ba lule ba e-na le litekanyetso tse phahameng ha ba talimane le khatello e khōlō. Ka mohlala, lekholong la bo20 la lilemo, linaha tse ngata li ile tsa laoloa ke mebuso ea lipolotiki e mebe, e ileng ea qobella batho ba bonahalang ba itšoere hantle hore ba etse lintho tse tšabehang. Leha ho le joalo, ba nang le tumelo ea ’nete ho Molimo ba ile ba hana ho sekisetsa melao-motheo ea bona, esita leha bophelo ba bona bo le kotsing. Hape, tumelo e thehiloeng Bibeleng e ka fetola batho. E ka lopolla batho ba bonahalang ba lahlehile ’me ea thusa ba bang ho qoba liphoso tse tebileng. Nahana ka mehlala e seng mekae.

Tumelo e ka Fetola Bophelo ba Lelapa

“Ka tumelo ea lōna, le finyelletse lintho tse sa finyelleheng.” Ho boletse joalo moahloli oa Lenyesemane ha a ne a liha kahlolo e mabapi le tokelo ea molao ea hore John le Tania ba nke bana. Ha ba boholong ba tseba ka John le Tania, ba ne ba sa nyalana ’me bophelo ba bona ba lelapa bo ne bo le bobe haholo. John, ea neng a e-na le bothata ba ho lemalla lithethefatsi le ho bapala papali ea chelete, o ne a retelehetse tlōlong ea molao e le hore a ka lefella mekhoa ea hae e mebe. O ne a sa hlokomele bana ba hae le ’mè oa bona. Ka hona, ke “mohlolo” ofe o neng o etsahetse?

Ka letsatsi le leng, John o ile a utloa ngoana oa mor’abo a bua ka Paradeise. Ka lebaka la thahasello o ile a botsa batsoali ba moshanyana enoa. Batsoali ba hae ke Lipaki tsa Jehova, ’me ba ile ba thusa John hore a ithute ka eona ka Bibeleng. Hanyane ka hanyane, John le Tania ba ile ba e-ba le tumelo e thehiloeng Bibeleng e ileng ea fetola bophelo ba bona. Ba ile ba ngolisa lenyalo la bona ka molao ’me ba hlōla mekhoa ea bona e mebe. Ba boholong ba ileng ba hlahloba lelapa la bona ba ile ba fumana ho hong ho neng ho bonahala ho ke ke ha khoneha pejana—lelapa le thabileng lehaeng le hloekileng, e leng sebaka se amohelehang sa ho hōlisa bana. Moahloli enoa o ne a nepile ha a lebisa tlotla tumelong eo John le Tania ba neng ba sa tsoa ba le eona bakeng sa “mohlolo” ona.

Lik’hilomithara tse likete ho tloha Engelane, mosali e mong e mocha oa Near East o ne a le haufi le ho ba palong ea batho ba boemong bo soabisang. O ne a rera ho ba e mong oa batho ba limilione bao selemo le selemo manyalo a bona a fellang ka tlhalo. O ne a e-na le ngoana, empa monna oa hae o ne a le moholo haholo ho eena. Ka lebaka lena, beng ka eena ba ne ba mo khothalletsa ho hlala monna enoa, ’me ha e le hantle o ne a se a nkile mehato e lebisang moo. Leha ho le joalo, o ne a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha Paki ena e tseba ka boemo bona, e ile ea hlalosa hore na Bibele e re’ng ka lenyalo—ka mohlala, hore lenyalo ke mpho e tsoang ho Molimo eseng ntho e ka qhaloang habobebe. (Matheu 19:4-6, 9) Mosali enoa o ile a re ka pelong, ‘Hoa makatsa hore ebe mosali enoa ea sa ntsebeng le hakaalo, o leka ho boloka lelapa la rōna le hoja ba leng haufi le ’na ba batla ho le qhala.’ Tumelo eo a sa tsoa ba le eona e ile ea mo thusa ho boloka lenyalo la hae.

Palo ea batho ba boemong bo soabisang e amang bophelo ba lelapa e amana le ho ntšoa ha limpa. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e hakantse hore selemo le selemo bonyane bana ba limilione tse 45 ba e-song ho hlahe ba bolaoa ka boomo. Ketsahalo ka ’ngoe e joalo e sehlōhō. Ho tseba Bibele ho ile ha thusa mosali e mong oa Philippines ho qoba ho ba palong eo.

Lipaki tsa Jehova li ile tsa kopana le mosali enoa, a amohela bukana ea ho ithuta Bibele eo sehlooho sa eona se reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?,a ’me a qala ho ithuta Bibele. Likhoeli hamorao, o ile a hlalosa lebaka la ho amohela thuto ena. Mosali enoa e ne e le moimana ha Lipaki li qala ho mo etela, empa eena le monna oa hae ba ne ba entse qeto ea ho ntša mpa. Leha ho le joalo, setšoantšo sa ngoana ea e-song ho hlahe se leqepheng la 24 la bukana ena se ile sa ama pelo ea mosali enoa. Tlhaloso e thehiloeng Bibeleng ea hore bophelo boa halalela hobane ‘seliba sa bophelo se ho Molimo’ e ile ea mo susumelletsa ho tlohela ngoana oa hae hore a phele. (Pesaleme ea 36:9) Hona joale ke ’mè oa ngoana e motle, ea phetseng hantle.

Tumelo e Thusa ba Khesoang

Ethiopia, banna ba babeli ba apereng ka tsela e bontšang hore ba sotlehile ba ile ba tla sebokeng sa borapeli sa Lipaki tsa Jehova. Ha seboka se e-tsoa, Paki e ’ngoe e ile ea itsebisa bona ka tsela e nang le botsoalle. Banna bana ba ile ba kōpa liphallelo. Paki ena ha ea ka ea ba fa chelete, empa e ile ea ba fa ntho e ’ngoe e molemonyana. E ile ea ba khothalletsa ho ba le tumelo ho Molimo, e leng ntho “ea bohlokoa bo boholo ho feta khauta.” (1 Petrose 1:7) E mong oa bona o ile a arabela hamolemo ’me a qala ho ithuta Bibele. Sena se ile sa fetola bophelo ba hae. Ha a ntse a hōla tumelong, o ile a khaotsa ho tsuba, ho noa ho tlōlisa, ho kopanela boitšoarong bo bobe le ho sebelisa khat (ntho e lemalloang e fanang ka matla). O ile a ithuta ho iphelisa ho e-na le ho ba mokōpakōpa ’me hona joale o phela bophelo bo hloekileng, bo khotsofatsang.

Italy, monna ea lilemo li 47 o ne a ahloletsoe lilemo tse leshome teronkong ’me a koaletsoe sepetleleng sa teronko sa lefu la kelello. E mong oa Lipaki tsa Jehova ea lumeletsoeng ho kena mehahong ea teronko ho fana ka thuso ea moea o ile a ithuta Bibele le eena. Monna enoa o ile a hatela pele ka potlako. Tumelo e ile ea fetola bophelo ba hae hoo hona joale batšoaruoa ba bang ba kōpang keletso ho eena tabeng ea ho sebetsana le mathata a bona. Tumelo ea hae e thehiloeng Bibeleng e entse hore a hlomphuoe, a nkoe e le motho oa bohlokoa a be a tšeptjoe ke ba boholong teronkong eo.

Lilemong tsa morao tjena likoranta li tlalehile ka lintoa tsa lehae Afrika. Litlaleho tse tšosang ka ho khetheha ke tsa bashanyana ba koetlisetsoang ho ba masole. Bashanyana bana ba bolaisoa lithethefatsi, ho etsoa hore ba be sehlōhō ba bile ba qobelloa ho itšoara joaloka libatana khahlanong le beng ka bona e le hore ho tiisoe hore ba tšepahala ho mokha oo ba o loanelang feela. Na tumelo e thehiloeng Bibeleng e matla hoo e ka fetolang bophelo ba bacha ba joalo? Bonyane ho bile joalo maemong a mabeli.

Liberia, Alex e ne e le mosebeletsi oa aletare Kerekeng e K’hatholike. Empa ha a le lilemo li 13, e ile ea e-ba setho sa mokha o loanang ’me ea e-ba lesole la ngoana le khohlahetseng. Hore a be sebete ntoeng, o ile a retelehela boloing. Alex o ile a bona ha bo-mphato ba hae ba bangata ba bolaoa, empa o ile a pholoha. Ka 1997 o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me a bona hore ha li mo khese. Ho e-na le hoo, li ile tsa mo thusa ho tseba seo Bibele e se buang ka pefo. Alex o ile a tlohela lebotho la ntoa. Ha tumelo ea hae e ntse e hōla, o ile a mamela taelo ea Bibele e reng: “A a furalle se sebe ’me a etse se molemo; a a batle khotso ’me a e phehelle.”—1 Petrose 3:11.

Ho sa le joalo, ngoana eo e neng e le lesole ea bitsoang Samson o ile a pota motseng oo Alex a neng a se a lula ho oona. Moshanyana enoa e ne e le setho sa k’hoaere empa ka 1993 e ile ea e-ba lesole ’me a kopanela tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, ho sebelisaneng le meea le boitšoarong bo bobe. Ka 1997 o ile a tlohela sesole. Samson o ne a lebile Monrovia moo e neng e tla ba setho sa lebotho la tšireletso le khethehileng ha motsoalle oa hae a mo khothalletsa hore a ithute Bibele le Lipaki tsa Jehova, ka lebaka leo, o ile a ba le tumelo e thehiloeng Bibeleng. Tumelo ena e ile ea mo fa sebete sa ho tlohela mekhoa ea hae ea ntoa. Hona joale Alex le Samson ba phela ka khotso ba bile ba itšoere hantle. Na ho na le ntho leha e le efe e ka fetolang bophelo bo mabifi joalo haese tumelo e thehiloeng Bibeleng?

Mofuta o Nepahetseng oa Tumelo

Mehlala ena ke e seng mekae feela ho e mengata e ka qolloang ho bontša matla a tumelo ea sebele e thehiloeng Bibeleng. Ke ’nete hore hase motho e mong le e mong ea ipolelang hore o lumela ho Molimo ea phelang tumellanong le litekanyetso tse phahameng tsa Bibele. Ho ka etsahala hore ebe batho ba bang ba latolang boteng ba Molimo ba phela bophelo bo hlomphehang ho feta ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste. Ho joalo hobane tumelo e thehiloeng Bibeleng e akarelletsa ho fetang hore motho a bolele feela hore o lumela ho Molimo.

Moapostola Pauluse o itse tumelo “ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Kahoo, tumelo e akarelletsa ho kholoa ho matla—ho thehiloeng bopaking bo sa belaetseng—linthong tse sa bonoeng. Ka ho khetheha, e akarelletsa hore motho a se be le pelaelo leha e le efe ea hore Molimo o teng, hore oa re thahasella, le hore o tla hlohonolofatsa ba etsang thato ea hae. Moapostola enoa o ile a boela a re: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

Ke tumelo ea mofuta ona e ileng ea fetola bophelo ba John, Tania le ba bang bao ho buuoeng ka bona sehloohong sena. E ile ea etsa hore ka kholiseho e feletseng ba itšetlehe ka Lentsoe la Molimo, Bibele, hore le ba tataise ha ba etsa liqeto. E ile ea ba thusa ho itela ka nakoana e le hore ba se ke ba nka tsela e bonolo, empa e le e fosahetseng. Le hoja liphihlelo tsena li sa tšoane, kaofela ha tsona li qalile ka tsela e tšoanang. E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ithuta Bibele le batho bana, ’me ba ile ba latsoa ’nete ea seo Bibele e se buang ha e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Matla a Lentsoe la Molimo a ile a thusa e mong le e mong oa bona ho haha tumelo e matla e ileng ea fetola bophelo ba hae hamolemo.

Lipaki tsa Jehova li mafolofolo linaheng tse fetang 230 le lihlekehlekeng tsa leoatle. Li u memela ho ba le thuto ea Bibele. Hobane’ng? Hobane li kholisehile hore le uena tumelo e thehiloeng Bibeleng e ka u ntlafaletsa bophelo haholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Tumelo e thehiloeng Bibeleng e fetola bophelo hamolemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Title card of Biblia nieświeska by Szymon Budny, 1572

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela