Buka ea Daniele ea Hlalosoa!
BATHO ba neng ba le teng kopanong ba ne ba labalabela ho fumana kopi ea buka e neng e sa tsoa lokolloa e maqephe a 320 e reng Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Ba ile ba ikutloa joang ka buka ee? Hlokomela seo ba bang ba ileng ba se bua.
“Joaloka bacha ba bang ba bangata, ho thata ho ’na ho thabela ho ithuta histori ea boholo-holo. Kahoo, ha ke amohela kopi ea ka ea buka ena e ncha ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! ke ne ke hlile ke sa thabela ho ea e bala hakaalo, empa ke ile ka leka. Khele! ka sebele ke ne ke e-na le boikutlo bo fosahetseng. Ena ke e ’ngoe ea libuka tse molemohali tseo nkileng ka li bala. Ka sebele e hohela motho! Ha ke sa na maikutlo a hore ke bala ka tlaleho e etsahetseng lilemong tse likete tse fetileng. Ka lekhetlo la pele, ke na le maikutlo a hore nka ipeha boemong ba Daniele. Ka sebele nka bona ka mahlo a kelello hore na ho ne ho tla ba joang ha motho a tlosoa lelapeng labo, a romeloa naheng e ’ngoe, ’me botšepehi ba hae bo lekoa nako le nako. Ke le leboha haholo ka buka ena.”—Anya.
“Se nthusang haholo ke molaetsa o se nang phoso oa hore Jehova o laola ka ho feletseng litaba tse amang batho ba hae. Ka lipono le litoro tsa Daniele le tsa ba bang tseo a ileng a li hlalosa, ho hlakile hore le ka mohla, Molimo oa rōna a ke ke a lumella lintho hore li etsahale ka tsela eo a sa li rerang ka eona. Sena se tiisa tšepo eo re nang le eona litlhalosong tsa boprofeta bo fumanoang ka Bibeleng mabapi le lefatše le lecha leo a tla le etsa.”—Chester.
“Ke ratile tsela eo le phelisitseng Daniele ka eona. Ke ile ka ikutloa ke tloaelane hamolemo le eena ka tsela eo le totobalitseng lintho tse neng li mo tšoenya le tseo a neng a amehile ka tsona. Ke ne nka utloisisa hamolemo hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo fumana e le ea lakatsehang hakana. Litekong tsohle tsa hae le mahlorisong, ntho e ka sehloohong eo a neng a amehile ka eona e ne e le Jehova le lebitso la Hae le letle, eseng hakaalo eena ka boeena. Kea le leboha ha le entse hore lintlha tsena li totobale.”—Joy.
“Sena ke seo re ’nileng ra se letela! Ha ho mohla ho kileng ha bontšoa hore na buka ea Daniele e hlile e sebetsa hakae ho e mong le e mong oa rōna. Ka mor’a hore ke bale boholo ba buka ena e ncha mantsiboeeng a letsatsi leo ke e fumaneng ka lona, ke ile ka tlameha ho khaotsa ’me ke lebohe Jehova ka thapelo.”—Mark.
“Re ne re sa lebella hore e ka ba le phello baneng ba rōna. E mong o lilemo li hlano ha e mong a le lilemo li tharo. . . . Le hoja lipale tsa Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria li ’nile tsa e-ba har’a lipale tseo ba li ratang haholo ho Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, nehelano e bukeng ea Boprofeta ba Daniele e ba amme ka tsela eo re neng re sa e lebella. Esita leha ba sa le banyenyane, hoa bonahala hore ba khona ho itšoantša le bahlankana bana ba lokileng. Ke mehlala e metle hakaakang ea bana ba rōna! Le re file kofuto e babatsehang hakaakang! Rea leboha, re leboha haholo!—Bethel.
“Ke ile ka ikutloa eka ke sebakeng seo, ke na le bashanyana ba Baheberu ha ba ntse ba feta litekong tsa tumelo ea bona; ’me seo se ile sa nkhothalletsa ho hlahloba tumelo ea ka. Lebokose la lipotso leo sehlooho sa lona se reng “Ke Eng Seo U se Lemohileng?” le hatisa se fuperoeng ke khaolo ka pelong. Ke leboha hape bakeng sa mosebetsi o mong o tsoileng matsoho.”—Lydia.