Ba Bakhutšoanyane, Empa Lipelo Tsa Bona Lia Jeoa
HO NE ho tla ba joang ho bua ka ’Muso oa Molimo le batho bao u sa ba tsebeng haeba u ne u le bolelele ba lisenthimithara tse 76 feela? Laura a ka u bolella hore na ho joang. A le lilemo li 33, o bolelele ba lisenthimithara tse 76 feela. Eena le ngoan’abo, María, ea lilemo li 24 ’me a le bolelele ba lisenthimithara tse 86, ba lula Quito, Ecuador. E-re ba hlalose litšitiso tseo ba tobanang le tsona ha ba le tšebeletsong ea Bokreste.
“Re tsamaea sebaka se ka etsang halofo ea k’hilomithara ho ea palama bese, ha re ea tšimong le libokeng tsa Bokreste. Moo e re theolang teng, re boetse re tsamaea halofo e ’ngoe ea k’hilomithara hore re tsebe ho palama bese ea bobeli. Ka bomalimabe, ho na le lintja tse hlano tse bohale tseleng ena. Re tšaba lintja haholo hobane ho rōna li bonahala li le boholo ba lipere. E le ho li tšosa haeba ho hlokahala, re tsamaea re nkile thupa, eo re e patang kae-kae pele re palama bese e le hore re ka e fumana ha re khutlela hae.
“Ho kena ka beseng ka sebele ke mosebetsi o moholo ho rōna. Re ema holim’a tutulu ea lithōle seemelong sa libese e le hore re tsebe ho palama habonolo. Baqhobi ba bang ba atametsa bese haufi le tutulu, empa ba bang ha ba etse joalo. Ha ho le joalo, e molelele ho rōna o thusa e mokhutšoanyane hore a palame. Hore re fihle beseng ea bobeli, ho hlokahala hore re tšele tsela e khōlō e phetheselang—e leng boiteko bo matla ka maoto a rōna a makhutšoanyane. Ka lebaka la ’mele ea rōna e menyenyane, mokotla o boima oa libuka e ba phephetso e eketsehileng. E le ho fokotsa boima ba mokotla, re sebelisa Bibele e nyenyane ’me re boetse re nka lingoliloeng tse seng kae.
“Ho tloha bonyenyaneng, bobeli ba rōna esale re le batho ba itšehlang thajana. Baahisani ba rōna baa tseba hore ho bua le batho bao re sa ba tsebeng haesale e le ntho eo re e tšabang. Ka hona, ba maketse le hona ho hlolloa ha ba bona re kokota menyakong ea bona, ’me hangata baa re mamela. Empa moo re sa tsejoeng hantle, hangata batho ba re bona re le likutoana feela; ka hona, hase kamehla ba re mamelang ka botebo boo molaetsa oa rōna o bo hlokang. Leha ho le joalo, ho lemoha lerato la Jehova ho re fa sebete sa hore re tsoele pele mosebetsing oa ho bolela. Ho nahanisisa ka Liproverbia 3:5, 6 le hona hoa re betefatsa.”
Joalokaha Laura le María ba bontša, ho mamella ho sa tsotellehe bofokoli bo itseng ba ’mele ho ka tlotlisa Molimo. Moapostola Pauluse o ile a rapella hore ‘moutloa o nameng ea hae,’ oo e ka ’nang eaba e ne e le boloetse bo itseng, o tlosoe ho eena. Empa Molimo o ile a mo bolella: “Mosa o sa tšoanelang oa ka o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” E, hase hore ho lokela hore ho tlosoe kholofalo ea ’mele e le hore re ka sebeletsa Molimo. Ho itšetleha ka Molimo ka ho feletseng ho ka re thusa ho etsa sohle seo re ka se khonang boemong bo bong le bo bong. Kaha Pauluse o ne a nka ‘moutloa o nameng ea hae’ ka tsela ena, o ne a ka re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:7, 9, 10) Lilemo tse itseng hamorao, Pauluse o ile a ngola: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilippi 4:13.
Mehleng ea kajeno, Molimo o phetha mosebetsi o moholo ka banna, basali le bana ba inehetseng ho eena ka ho feletseng. Ba ’maloa ho bona ba na le bokooa bo itseng. Le hoja kaofela ha bona ba tšepile hore Molimo o tla ba folisa tlas’a ’Muso oa hae, ha baa emela hore Molimo a ba imolle mathateng a bona pele ba ka leka ho etsa ho itseng tšebeletsong ea hae.
Na u na le bofokoli bo itseng ’meleng? E-ba sebete! Ka tumelo ea hao, u ka balelloa har’a ba kang Pauluse, Laura le María. Joalokaha ho ile ha boleloa ka banna le basali ba tumelo ba mehleng ea khale, le ka bona ho ka thoe: ‘Ho tloha boemong ba ho fokola ba entsoe ba matla.’—Baheberu 11:34.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
María
Laura
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
María o thusa Laura ho kena ka beseng
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
“Re tšaba lintja haholo hobane ho rōna li bonahala li le boholo ba lipere”
Ka tlaase: Laura le María le batho bao ba ithutileng Bibele le bona