Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb17 April leq. 5
  • Khothatsa Mokreste ea Khathetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khothatsa Mokreste ea Khathetseng
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • “Khutlelang ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ba Thuseng Hore ba Khutle Kapele!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Thusa ba Hlahlathellang Hōle le Mohlape
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
mwb17 April leq. 5

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Khothatsa Mokreste ea Khathetseng

Ka Labobeli la la 11 April, Bakreste ba bangata ba seng ba sa kopanele tšebeletsong ba tla be ba le teng sehopotsong. Ba ile ba qala ho matha peisong ea bophelo empa ka mabaka a fapaneng ba khathala. A mang a mabaka ao a hlalositsoe bukaneng ea Khutlela ho Jehova. (Heb 12:1) Leha ho le joalo, Jehova o ntse a ba rata hobane o ile a ba reka ka mali a Mora oa hae. (Lik 20:28; 1Pe 1:18, 19) Re ka ba thusa joang hore ba khutlele ka phuthehong?

Feela joalokaha molisa a batla nku e lahlehileng a bile a e thusa ho khutlela mohlapeng, baholo ba etsa se tšoanang ka Bakreste ba khathetseng. (Lu 15:4-7) Sena se bontša hore Jehova oa ba rata ebile oa ba tsotella. (Jer 23:3, 4) Le hoja e le mosebetsi oa baholo ho khothatsa Bakreste bana, le rona re ntse re ka ba thusa. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona ha re ba rata re bile re ba bontša mosa. (Lipr 19:17; Lik 20:35) Kahoo, nahana ka hore na ke mang eo u ka mo khothatsang ’me u etse joalo hang hang.

SHEBELLA VIDEO EA KHOTHATSA BA SENG BA SA KOPANELE TŠEBELETSONG, EBE LE BUISANA KA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Abbey o ile a etsa’ng ha a ne a kopana le Paki eo a neng a sa e tsebe?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho ea ho baholo pele re thusa motho ea khathetseng?

  • Abbey o ile a etsa’ng pele a etela Laura ka lekhetlo la bobeli?

  • Abbey o bontšitse boikemisetso, mamello le lerato joang ha a ntse a leka ho khothatsa Laura?

  • Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu e ho Luka 15:8-10?

  • Ho ile ba e-ba le litlhonolofatso li feng ka mor’a hore baholo le Abbey ba leke ho thusa Laura?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela