Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/07 leq. 8
  • Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Khutlelang ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ba Thuseng Hore ba Khutle Kapele!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 2/07 leq. 8

Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho khothatsa ba sa kopaneleng tšebeletsong?

1 Na ho na le motho eo u mo tsebang ea sa kopaneleng tšebeletsong? Mohlomong o khaolitse ho kopanela le phutheho ebile o suthetse hōle le eona. Mohlomong u kopane le motho eo ha u le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Re tlameha ho hopola hore motho eo e sa ntse e le mor’abo rōna oa moea. Re lokela ho mo tiisetsa hore rea mo rata ’me re mo thuse hore a khutlele ka phuthehong le ho ‘molisa le molebeli oa meea ea rōna.’—1 Pet. 2:25.

2. Re ka khothatsa motho ea sa kopaneleng tšebeletsong joang?

2 Bontša Kameho: Ho founela motho ea sa kopaneleng tšebeletsong kapa ho mo etela hakhutšoanyane feela ho ka ’na ha mo kholisa hore ha rea mo lebala. Re ka re’ng? Re ka ’na ra khothatsa motho eo ka ho mo bolella hore re sa ntse re mo hopola. Qoqang ka lintho tse molemo le tse hahang. (Bafil. 4:8) Mohlomong re ka mo phetela ntlha e itseng eo re e ratileng sebokeng sa morao tjena. Re ka boela ra mo memela sebokeng se latelang kapa kopanong eaba re ithaopela ho mo behela setulo kapa ho mo thusa ka lipalangoang.

3. Morali e mong oabo rōna o ile a tsosolosoa joang?

3 Morali’abo rōna e mong ea neng a sa kopanele tšebeletsong ka lilemo tse fetang 20 o ile a fumanoa tšimong. Le hoja a ne a sa batle ho khanneloa thuto ea Bibele, morali’abo rōna ea ileng a mo fumana o ile a khutlela ho eena ka makhetlo, a mo siela limakasine tsa morao-rao. Ka mor’a kopano ea setereke, mohoeletsi eo o ile a qoqela morali eo oabo rōna ea neng a sa kopanele tšebeletsong lintlha-khōlō tsa kopano, ’me qetellong a tsosolosoa.

4. Ke joang re lokelang ho tšoara motho ea qalellang bocha ho kopanela libokeng?

4 Ha Motho a Khutla: Ha mor’abo rōna ea sa kopaneleng tšebeletsong a qala ho khutlela libokeng, re lokela ho mo tšoara joang? Ha e le hantle, Jesu o ile a tšoara barutuoa ba hae joang ka mor’a hore ba mo lahle ka nakoana? Ka mofuthu, o ile a ba bitsa “barab’eso” ’me a bontša hore oa ba tšepa. O ile a boela a ba fa mosebetsi oa bohlokoa. (Mat. 28:10, 18, 19) Nakoana ka mor’a moo, ba ne ba phathahane ba bolela litaba tse molemo “ba sa khaotse.”—Lik. 5:42.

5. Bolela hore na ke maemong afe moo re lokelang ho bua le baholo ka motho ea sa kopaneleng tšebeletsong.

5 Pele re ithaopela ho khannela motho ea sa kopaneleng tšebeletsong thuto ea Bibele kapa pele re mema mor’abo rōna ea qetileng nako e telele a sa kopanele tšebeletsong hore a ee le rōna tšimong, re lokela ho kōpa tataiso ea baholo. Ha re le tšimong ’me re kopana le mohoeletsi ea sa kopaneleng tšebeletsong, re lokela ho tsebisa baholo e le hore ba ka mo thusa ka tsela e hlokahalang.

6. Ke eng e ka ’nang ea re thabisa ha re thusa batho ba sa kopaneleng tšebeletsong?

6 Joalokaha Bibele e bontša ka ho hlakileng, batho ba mathang peisong ho fihlela qetellong ke bona feela ba tla pholoha. (Mat. 24:13) Kahoo, ela hloko bao e ka ’nang eaba ba khopiloe kapa ba suthetse hōle le phutheho. Haeba ka mamello re bonahatsa lerato la Jehova ka ho bontša batho ba mofuta oo hore re amehile ka bona ho tsoa botebong ba pelo, re ka ’na ra thabisoa ke ho bona ba qalella bocha ho kopanela le rōna tšebeletsong e halalelang.—Luka 15:4-10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela