Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/98 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le se ke la Lebala ba sa Kopaneleng Tšebeletsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • “Khutlelang ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ba Thuseng Hore ba Khutle Kapele!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 11/98 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Na ho sa ntse ho loketse ho khannela mor’abo rōna kapa morali’abo rōna thuto ea Bibele, ea seng a sa kopanele tšebeletsong, ka taelo ea e mong oa litho tsa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho?

Baholo ba na le boikarabelo ba ho lisa phutheho, ho akarelletsa le litho leha e le life tse seng li sa kopanele tšebeletsong. Ba etela batho ba joalo ’me ba lekanyetsa hore na ho hlokahala thuso efe ea botho. Moo ho loketseng, hona ho ka ’na ha akarelletsa hore ea seng a sa kopanele tšebeletsong a rue molemo ka thuto ea botho ea Bibele. Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 103, e hlalosa hore Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e tla etsa qeto ea hore na ke bo-mang ba ka ruang molemo tokisetsong e joalo.

Molebeli oa tšebeletso o lekanyetsa hore na ke mang ea ka fanang ka thuso e joalo hamolemo, ho ka ithutoa lihlooho life le hore na ke buka efe e ka bang molemo ka ho fetisisa. Mohlomong ea neng a ithuta le motho eo qalong kapa e mong eo a mo tsebang le eo a mo hlomphang o tla ba boemong bo botle ba hore a thuse. Morali’abo rōna ea nang le bokhoni le ea hōlileng tsebong a ka kōptjoa hore a thuse morali’abo rōna ea seng a sa kopanele tšebeletsong. Ka tloaelo ho ke ke ha hlokahala hore mohoeletsi e mong a tsamaee le mokhanni ea abetsoeng seo. Ha a abetsoe seo, mohoeletsi ea khannang thuto a ka bala nako, maeto a ho boela le thuto.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1987, leqepheng la 1-2.

Kaha seithuti ke motho ea kolobelitsoeng, hangata ha ho hlokahale hore thuto e tsoele pele ka nako e telele. Pakane ke ho thusa ea seng a sa kopanele tšebeletsong hore a boele a be teng libokeng tsohle tsa phutheho le hore e be mohoeletsi oa kamehla oa litaba tse molemo. Molebeli oa tšebeletso o tla beha leihlo tsoelo-pele ea lithuto tse joalo. Phello ea thuso ena e lerato e lokela hore e be hore bara bana babo rōna le baralib’abo rōna ba tla khona ho jara mojaro oa bona oa boikarabelo ka pel’a Jehova ’me e be bao ka tieo ‘ba metseng ka metso le ho tsepama’ ’neteng.—Baef. 3:17; Bagal. 6:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela