Lebokose la Lipotso
◼ Motho ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong ka nako e telele a ka thusoa joang hore a tšoanelehele hape ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo?
Ha motho ea seng a sa kopanele tšebeletsong a fana ka bopaki ba hore o na le takatso e tlohang botebong ba pelo ea ho sebeletsa Jehova, sena sea thabisa. (Luka 15:4-6) Mohlomong, motho eo o ile a lumella khanyetso kapa likhatello tsa bophelo hore li mo nkele nako ea thuto ea hae ea botho, ea ho ba teng libokeng le ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ho ka fanoa ka thuso ea botho joang hamolemohali e le hore a ka tsoela pele moeeng?
Kaofela ha rōna re lokela ho nka bohato ba pele ho mo tiisetsa lerato la rōna la sebele la Bokreste. Baholo ba tla potlakela ho hlahloba litlhoko tsa hae tsa moea tse tobileng. (Jak. 5:14, 15) Haeba ho sa feta nako e telele a sa kopanele tšebeletsong, mohlomong ho ka hlokahala feela thuso e tsoang ho mohoeletsi ea nang le phihlelo hore a tsosolose motho eo tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, haeba motho eo a ne a sa kopanele le phutheho ka nako e telele, mohlomong ho tla hlokahala thuso e eketsehileng. E le ho haha tumelo le kananelo, thuto ea Bibele ea botho bukeng e loketseng e ka ’na ea e-ba eona ntho e bohlale. Mabakeng a joalo, molebeli oa tšebeletso o tla lokisetsa hore mohoeletsi ea tšoanelehang a khanne thuto. (Baheb. 5:12-14; bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998, Lebokose la Lipotso.) Haeba u tseba motho e mong ea hlokang thuso e joalo, bua le molebeli oa tšebeletso phuthehong ea heno.
Pele re mema motho eo e leng khale a sa kopanele tšebeletsong hore a kopanele hape tšebeletsong, e ka ba bohlale hore baholo ba babeli ba kopane le eena ho bona hore na oa tšoaneleha e le mohoeletsi oa ’Muso. Ba tla latela mokhoa o tšoanang le o sebelisoang ha ho kopanoa le ba bacha ba batlang ho tšoaneleha e le bahoeletsi ba litaba tse molemo. (Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1988, leqepheng la 17.) Motho eo ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong o lokela ho ba le takatso e tiileng ea ho arolelana le ba bang litaba tse molemo. Hape ho hlokahala hore a khahlametse litlhokahalo tsa motheo tse thathamisitsoeng leqepheng la 98-9 bukeng ea Tšebeletso ea Rōna le hore a kopanele kamehla libokeng tsa phutheho.
Ho ba le kemiso e ntle ea moea ho tla etsa ho hoholo ho thusa eo ea khutlang hore a matlafatse le ho boloka kamano ea hae ea bohlokoa le Jehova le hore a ’ne a tsamaee tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 7:14; Baheb. 10:23-25) Ho etsa “boiteko bohle bo tiileng” le ho hlaolela litšoaneleho tsa Bokreste tse mamellang ho tla mo thibela hore a se hlole a fetoha ‘ea sa sebetseng kapa ea sa beheng’ joaloka morutuoa oa Mokreste.— 2 Pet. 1:5-8.